Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bosoha

Bosoha

Ke hobane’ng ha Bibele e re bosoha ke mpho?

Ke hobane’ng ha ho le phoso ho qobella Mokreste oa lesoha hore a kene lenyalong?

1Ko 7:​28, 32-35; 1Th 4:11

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Bar 14:​10-12—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho le phoso ho ahlola Mokreste e mong

    • 1Ko 9:​3-5—Moapostola Pauluse o ne a e-na le monyetla oa ho nyala empa ho ba lesoha ho ile ha mo thusa hore a khone ho sebeletsa Jehova haholoanyane

Na Bakreste ba masoha ba lokela ho nahana hore ho kena lenyalong ho tla etsa hore ba thabe bophelong?

1Ko 7:8

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Bhl 11:​30-40—Morali oa Jafeta o ile a sebeletsa Jehova a thabile bophelo bohle ba hae le hoja a ne a sa nyaloa

    • Lik 20:35—Jesu o ne a sa nyala empa mantsoe a temana ena a bontša hore o ne a thabile ka lebaka la lintho tseo a neng a khona ho li etsetsa batho ba bang

    • 1Th 1:​2-9; 2:12—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore bosoha bo ile ba etsa hore a khone ho thusa batho ba bangata hore ba tsebe Jehova

Ke hobane’ng ha Bakreste ba masoha ba lokela ho itšoara hantle joaloka Bakreste ba bang bohle?

1Ko 6:18; Gal 5:​19-21; Ef 5:​3, 4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Pr 7:​7-23—Morena Solomone o ile a hlalosa litla-morao tseo mohlankana e mong ea se nang kelello a ileng a li fumana ka mor’a hore a khelosoe ke mosali oa letekatse

    • Sef 4:12; 8:​8-10—Bibele e rorisa ngoanana oa Moshulame ea neng a sa batle ho tlola melao ea Jehova ea lenyalo

Ke neng moo Mokreste oa lesoha a lokelang ho nahana ka ho kena lenyalong?