Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Ithuta Bibele

Ho Ithuta Bibele

Ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla?

Ps 1:​1-3; Pr 18:15; 1Ti 4:6; 2Ti 2:15

Sheba le Lik 17:11

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 119:​97-101—Mopesaleme o ile a re o rata molao oa Molimo ’me ho o mamela ho mo tsoela molemo bophelong

    • Dan 9:​1-3, nal.—Ha moprofeta Daniele a ntse a bala libuka tse halalelang, o ile a hlokomela hore haufinyane Baiseraele ba ne ba tla lokolloa botlamuoeng Babilona ka mor’a lilemo tse 70

Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re ithuta?

Heb 6:​1-3; 2Pe 3:18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Pr 4:18—Joaloka khanya e ntseng e eketseha, Jehova o thusa ba mo ratang hore ba utloisise Lentsoe la hae haholoanyane

    • Mat 24:​45-47—Jesu o ile a re o tla khetha “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” hore a fe bahlanka ba Jehova lintho tse tla ba thusa hore ba lule e le metsoalle ea Molimo mehleng ena ea bofelo

Ke hobane’ng ha bohlale boo re bo fumanang Bibeleng bo le molemo ho feta boo re bo fumanang libukeng tse ngotsoeng ke batho?

Ke’ng eo Jehova a e tšepisang batho ba ithutang Bibele?

Re lokela ho rapella eng pele re ithuta Bibele?

Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa lintho tsohle tse re thusang ho ithuta Bibele tseo re li fuoang ke “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale”?

Ha re ithuta Bibele, ke hobane’ng ha re lokela ho etsa bonnete ba hore re e utloisisa hantle?

Ke hobane’ng ha re ka re ho bohlokoa hore re fumane bohlale le kutloisiso ha re ntse re ithuta Bibele?

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re bale butle le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona ha re bala Bibele?

Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka hore na re ka sebelisa Bibele joang bophelong ba rona?

Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka hore na re tla hlalosetsa ba bang lintho tseo re ithutileng tsona joang?

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lula re ithuta lithuto tsa bohlokoa tse hlahang ka Bibeleng?

2Pe 1:13; 3:​1, 2

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • De 6:​6, 7; 11:​18-20—Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba rute bana ba bona ka eena ’me ba etse joalo ka ho pheta-pheta

Lelapa le tla fumana molemo ofe ha le buisana ka seo le ithutang sona ka Bibeleng?

Ef 6:4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 18:​17-19—Jehova o ne a batla hore Abrahama a rute lelapa la hae ho mo mamela le ho etsa lintho tse nepahetseng

    • Ps 78:​5-7—Baiseraele ba ne ba lokela ho ruta bana ba bona ka Jehova e le hore moloko o latelang o ka mo tseba le ho mo tšepa

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ithute Bibele re le phutheho libokeng?

Heb 10:25

Sheba le Pr 18:1