Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Ithuta Bibele

Ho Ithuta Bibele

Ke hobaneng ha Mokreste a lokela ho ithuta Lentswe la Modimo ka mehla?

Ps 1:​1-3; Pr 18:15; 1Ti 4:6; 2Ti 2:15

Sheba le Dik 17:11

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ps 119:​97-101—Mopesaleme o ile a re o rata molao wa Modimo mme ho o mamela ho mo tswela molemo bophelong

    • Dan 9:​1-3, nal.—Ha moprofeta Daniele a ntse a bala dibuka tse halalelang, o ile a hlokomela hore haufinyane Baiseraele ba ne ba tla lokollwa botlamuweng Babilona ka mora dilemo tse 70

Ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re ithuta?

Heb 6:​1-3; 2Pe 3:18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Pr 4:18—Jwalo ka kganya e ntseng e eketseha, Jehova o thusa ba mo ratang hore ba utlwisise Lentswe la hae haholwanyane

    • Mat 24:​45-47—Jesu o ile a re o tla kgetha “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” hore a fe bahlanka ba Jehova dintho tse tla ba thusa hore ba dule e le metswalle ya Modimo mehleng ena ya bofelo

Ke hobaneng ha bohlale boo re bo fumanang Bibeleng bo le molemo ho feta boo re bo fumanang dibukeng tse ngotsweng ke batho?

Keng eo Jehova a e tshepisang batho ba ithutang Bibele?

Re lokela ho rapella eng pele re ithuta Bibele?

Ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa dintho tsohle tse re thusang ho ithuta Bibele tseo re di fuwang ke “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale”?

Ha re ithuta Bibele, ke hobaneng ha re lokela ho etsa bonnete ba hore re e utlwisisa hantle?

Ke hobaneng ha re ka re ho bohlokwa hore re fumane bohlale le kutlwisiso ha re ntse re ithuta Bibele?

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re bale butle le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona ha re bala Bibele?

Ke hobaneng ha re lokela ho nahana ka hore na re ka sebedisa Bibele jwang bophelong ba rona?

Ke hobaneng ha re lokela ho nahana ka hore na re tla hlalosetsa ba bang dintho tseo re ithutileng tsona jwang?

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho dula re ithuta dithuto tsa bohlokwa tse hlahang ka Bibeleng?

2Pe 1:13; 3:​1, 2

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • De 6:​6, 7; 11:​18-20—Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba rute bana ba bona ka yena mme ba etse jwalo ka ho phetapheta

Lelapa le tla fumana molemo ofe ha le buisana ka seo le ithutang sona ka Bibeleng?

Ef 6:4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 18:​17-19—Jehova o ne a batla hore Abrahama a rute lelapa la hae ho mo mamela le ho etsa dintho tse nepahetseng

    • Ps 78:​5-7—Baiseraele ba ne ba lokela ho ruta bana ba bona ka Jehova e le hore moloko o latelang o ka mo tseba le ho mo tshepa

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re ithute Bibele re le phutheho dibokeng?

Heb 10:25

Sheba le Pr 18:1