Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bohlale

Bohlale

Ke boikutlo bofe boo re lokelang ho ba le bona e le hore re be bohlale?

Re ka fumana bohlale hokae?

Na ho loketse hore re rapele Jehova re mo kope bohlale?

Kol 1:9; Jak 1:5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 1:​8-12—Morena Solomone o ile a rapella bohlale ba hore a buse sechaba sa Iseraele ka tsela e nepahetseng ’me Jehova o ile a mo fa seo a se kopileng

    • Pr 2:​1-5—Ho ba le bohlale, kutloisiso le temoho ho bohlokoa ho feta ho ba le silevera. Haeba re batla ho ba le makhabane ana Jehova a ka re thusa

Jehova o re fa bohlale joang?

Esa 11:2; 1Ko 1:​24, 30; 2:13; Ef 1:17; Kol 2:​2, 3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Pr 8:​1-3, 22-31—Bohlale bo tsoang ho Molimo bo hlalosoa joalokaha eka ke motho ’me bo re hopotsa Jesu eo Jehova a mo bopileng pele ho lintho tsohle

    • Mat 13:​51-54—Batho ba neng ba mamela Jesu ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a le bohlale hakaalo empa esale ba mo tseba ho tloha ha a ntse a hola

Re ka bontša joang hore re na le bohlale bo tsoang ho Jehova?

Bohlale bo ka re thusa le ho re sireletsa joang?

Bohlale bo tsoang ho Molimo ke ba bohlokoa hakae?

Pr 3:​13, 14; 8:11

Sheba le Job 28:18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 28:​12, 15-19—Le hoja Jobo a ile a hlaheloa ke lintho tse bohloko, o ile a re o leboha Molimo ka bohlale boo a mo fileng bona

    • Ps 19:​7-9—Morena Davida o ile a re le motho ea se nang bohlale a ka ba le bona haeba a mamela melao ea Jehova

Ke hobane’ng ha ho ka ba kotsi ho mamela likeletso tsa batho ba lefatše lee ba sa mameleng Molimo?