Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bohlale

Bohlale

Ke boikutlo bofe boo re lokelang ho ba le bona e le hore re be bohlale?

Re ka fumana bohlale hokae?

Na ho loketse hore re rapele Jehova re mo kope bohlale?

Kol 1:9; Jak 1:5

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 1:​8-12—Morena Solomone o ile a rapella bohlale ba hore a buse setjhaba sa Iseraele ka tsela e nepahetseng mme Jehova o ile a mo fa seo a se kopileng

    • Pr 2:​1-5—Ho ba le bohlale, kutlwisiso le temoho ho bohlokwa ho feta ho ba le silevera. Haeba re batla ho ba le makgabane ana Jehova a ka re thusa

Jehova o re fa bohlale jwang?

Esa 11:2; 1Ko 1:​24, 30; 2:13; Ef 1:17; Kol 2:​2, 3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Pr 8:​1-3, 22-31—Bohlale bo tswang ho Modimo bo hlaloswa jwalo ka ha eka ke motho mme bo re hopotsa Jesu eo Jehova a mo bopileng pele ho dintho tsohle

    • Mat 13:​51-54—Batho ba neng ba mamela Jesu ba ne ba sa utlwisise hore na ke hobaneng ha Jesu a ne a le bohlale hakaalo empa e sa le ba mo tseba ho tloha ha a ntse a hola

Re ka bontsha jwang hore re na le bohlale bo tswang ho Jehova?

Bohlale bo ka re thusa le ho re sireletsa jwang?

Bohlale bo tswang ho Modimo ke ba bohlokwa hakae?

Pr 3:​13, 14; 8:11

Sheba le Job 28:18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 28:​12, 15-19—Le hoja Jobo a ile a hlahelwa ke dintho tse bohloko, o ile a re o leboha Modimo ka bohlale boo a mo fileng bona

    • Ps 19:​7-9—Morena Davida o ile a re le motho ya se nang bohlale a ka ba le bona haeba a mamela melao ya Jehova

Ke hobaneng ha ho ka ba kotsi ho mamela dikeletso tsa batho ba lefatshe lee ba sa mameleng Modimo?