Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mosebetsi

Mosebetsi

Ke hobane’ng ha re ka re ho sebetsa hoa re thabisa?

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u tsebe mosebetsi oa hao hantle?

Pr 22:29

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 16:​16-23—Davida o ne a sebelisa talenta ea hae ea ho letsa harepa ho thoba maikutlo a morena oa Iseraele

    • 2Kr 2:​13, 14—Morena Solomone o ile a sebelisa Hirame-abi hobane o ne a tseba mosebetsi oa matsoho hantle

Bahlanka ba Jehova ba batla ho tsejoa e le basebetsi ba joang?

Ef 4:28; Kol 3:23

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 24:​10-21—Rebeka e ne e le motho ea sebetsang ka thata a bile a rata ho thusa batho ’me o ile a bontša seo nakong eo a neng a thusa mohlanka oa Abrahama

    • Baf 2:​19-23—Moapostola Pauluse o ile a fa Timothea mosebetsi oa bohlokoa hobane o ne a ikokobelitse a bile a sebetsa ka thata

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba botsoa?

Pr 13:4; 18:9; 21:​25, 26; Moe 10:18

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Pr 6:​6-11—Morena Solomone o ile a etsa mohlala ka bohloa ho re ruta hore re lokela ho sebetsa ka thata le hore re se ke ra ba botsoa

Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata hore re itlhokomele?

Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata ho hlokomela ba malapa a rona?

1Ti 5:8

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho arolela ba bang lintho tseo ba li sebelelitseng ka thata?

Re lokela ho ba le boikutlo bofe ka chelete eo re e kholang?

Ke’ng e re kholisang hore Jehova o tla re thusa hore re fumane lintho tseo re li hlokang haeba re sebetsa ka thata?

Mat 6:​25, 30-32; Lu 11:​2, 3; 2Ko 9:10

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 31:​3-13—Labane o ile a sebetsa Jakobo hampe empa Jehova o ile a hlohonolofatsa Jakobo hobane o ne a sebetsa ka thata

    • Ge 39:​1-6, 20-23—Jehova o ile a hlohonolofatsa Josefa hobane o ile a sebetsa ka thata e le lekhoba ntlong ea Potifaro le ha a le teronkong

Ke hobane’ng ha borapeli ba rona e lokela ho ba ba bohlokoa ho feta mosebetsi?

Ps 39:​5-7; Mat 6:33; Joh 6:27

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lu 12:​15-21—Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore ho sebeletsa Jehova ho bohlokoa ho feta ho ba le chelete e ngata

    • 1Ti 6:​17-19—Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba ruileng ba se ke ba ikhohomosa empa “ba etse lintho tse ngata tse ntle”

Ke keletso efe ea Bibele e ka re thusang hore na re khethe mosebetsi ofe?

Ho Sebeletsa Jehova

Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo Bakreste ba o etsang?

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re sebetse ka thata ha re sebeletsa Jehova?

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ipapisa le ba bang ha re sebeletsa Jehova?

Gal 6:​3-5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 25:​14, 15—Papiso ea Jesu e-ea bontša hore ha aa lebella hore balateli ba hae ba etse mosebetsi o lekanang

    • Lu 21:​2-4—Jesu o ile a bontša hore o nka monehelo oa mosali oa mohlolohali e le oa bohlokoa le hoja o ne o le monyenyane

Ke mang ea re fang matla a hore re sebeletse Jehova?

2Ko 4:7; Ef 3:​20, 21; Baf 4:13

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • 2Ti 4:17—Moapostola Pauluse o ile a fuoa matla nakong eo a neng a a hloka

Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re ikutloe joang?