Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mosebetsi

Mosebetsi

Ke hobaneng ha re ka re ho sebetsa ho a re thabisa?

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o tsebe mosebetsi wa hao hantle?

Pr 22:29

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Sa 16:​16-23—Davida o ne a sebedisa talenta ya hae ya ho letsa harepa ho thoba maikutlo a morena wa Iseraele

    • 2Kr 2:​13, 14—Morena Solomone o ile a sebedisa Hirame-abi hobane o ne a tseba mosebetsi wa matsoho hantle

Bahlanka ba Jehova ba batla ho tsejwa e le basebetsi ba jwang?

Ef 4:28; Kol 3:23

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 24:​10-21—Rebeka e ne e le motho ya sebetsang ka thata a bile a rata ho thusa batho mme o ile a bontsha seo nakong eo a neng a thusa mohlanka wa Abrahama

    • Baf 2:​19-23—Moapostola Pauluse o ile a fa Timothea mosebetsi wa bohlokwa hobane o ne a ikokobeditse a bile a sebetsa ka thata

Ke hobaneng ha re sa lokela ho ba botswa?

Pr 13:4; 18:9; 21:​25, 26; Moe 10:18

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Pr 6:​6-11—Morena Solomone o ile a etsa mohlala ka bohlwa ho re ruta hore re lokela ho sebetsa ka thata le hore re se ke ra ba botswa

Ke hobaneng ha re lokela ho sebetsa ka thata hore re itlhokomele?

Ke hobaneng ha re lokela ho sebetsa ka thata ho hlokomela ba malapa a rona?

1Ti 5:8

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho arolela ba bang dintho tseo ba di sebeleditseng ka thata?

Re lokela ho ba le boikutlo bofe ka tjhelete eo re e kgolang?

Ke eng e re kgodisang hore Jehova o tla re thusa hore re fumane dintho tseo re di hlokang haeba re sebetsa ka thata?

Mat 6:​25, 30-32; Lu 11:​2, 3; 2Ko 9:10

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 31:​3-13—Labane o ile a sebetsa Jakobo hampe empa Jehova o ile a hlohonolofatsa Jakobo hobane o ne a sebetsa ka thata

    • Ge 39:​1-6, 20-23—Jehova o ile a hlohonolofatsa Josefa hobane o ile a sebetsa ka thata e le lekgoba ntlong ya Potifaro le ha a le teronkong

Ke hobaneng ha borapedi ba rona e lokela ho ba ba bohlokwa ho feta mosebetsi?

Ps 39:​5-7; Mat 6:33; Joh 6:27

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 12:​15-21—Jesu o ile a etsa papiso e bontshang hore ho sebeletsa Jehova ho bohlokwa ho feta ho ba le tjhelete e ngata

    • 1Ti 6:​17-19—Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba ruileng ba se ke ba ikgohomosa empa “ba etse dintho tse ngata tse ntle”

Ke keletso efe ya Bibele e ka re thusang hore na re kgethe mosebetsi ofe?

Ho Sebeletsa Jehova

Ke mosebetsi ofe wa bohlokwa oo Bakreste ba o etsang?

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re sebetse ka thata ha re sebeletsa Jehova?

Ke hobaneng ha re sa lokela ho ipapisa le ba bang ha re sebeletsa Jehova?

Gal 6:​3-5

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 25:​14, 15—Papiso ya Jesu e ya bontsha hore ha a lebella hore balatedi ba hae ba etse mosebetsi o lekanang

    • Lu 21:​2-4—Jesu o ile a bontsha hore o nka monehelo wa mosadi wa mohlolohadi e le wa bohlokwa le hoja o ne o le monyenyane

Ke mang ya re fang matla a hore re sebeletse Jehova?

2Ko 4:7; Ef 3:​20, 21; Baf 4:13

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 2Ti 4:17—Moapostola Pauluse o ile a fuwa matla nakong eo a neng a a hloka

Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re ikutlwe jwang?