Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Borapeli

Borapeli

Re lokela ho rapela mang?

Ex 34:14; De 5:​8-10; Esa 42:8

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 4:​8-10—Jesu o ne a ikemiselitse ho rapela Jehova feela, ke kahoo a ileng a hana ho amohela mebuso ea lefatše eo Satane a neng a re a ka mo fa eona

    • Tše 19:​9, 10—Lengeloi le ile la hana ha moapostola Johanne a ne a le rapela

Jehova o batla hore re mo rapele joang?

Joh 4:24; Jak 1:​26, 27

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Esa 1:​10-17—Jehova ha aa amohele borapeli ba batho ba sa batleng ho mo mamela

    • Mat 15:​1-11—Jesu o ile a bontša hore Jehova ha aa batle hore re mo rapele re latela meetlo ea rona empa o batla hore re mo rapele ho latela seo a re bolellang sona ka Bibeleng

Re lokela ho rapela Jehova re na le bo mang?

Heb 10:​24, 25

Sheba le Ps 133:​1-3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 2:​40-42—Bakreste ba pele ba ne ba kopana hammoho hore ba rapele, ba khothatsane le hore ba ithute ka Jehova

    • 1Ko 14:​26-40—Moapostola Pauluse o ile a re liboka tsa Bokreste li lokela ho hlophiseha e le hore ba tlileng ho tsona ba ka khothala le ho utloisisa seo ba se rutoang

Re lokela ho etsa’ng hore Jehova a amohele borapeli ba rona?

Mat 7:​21-24; 1Jo 2:17; 5:3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Heb 11:6—Moapostola Pauluse o ile a re re lokela ho ba le tumelo haeba re batla hore Jehova a amohele borapeli ba rona

    • Jak 2:​14-17, 24-26—Ngoan’abo Jesu e leng Jakobo o ile a re re lokela ho bontša ka liketso hore re na le tumelo