Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Borapedi

Borapedi

Re lokela ho rapela mang?

Ex 34:14; De 5:​8-10; Esa 42:8

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 4:​8-10—Jesu o ne a ikemiseditse ho rapela Jehova feela, ke ka hoo a ileng a hana ho amohela mebuso ya lefatshe yeo Satane a neng a re a ka mo fa yona

    • Tshe 19:​9, 10—Lengeloi le ile la hana ha moapostola Johanne a ne a le rapela

Jehova o batla hore re mo rapele jwang?

Joh 4:24; Jak 1:​26, 27

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Esa 1:​10-17—Jehova ha a amohele borapedi ba batho ba sa batleng ho mo mamela

    • Mat 15:​1-11—Jesu o ile a bontsha hore Jehova ha a batle hore re mo rapele re latela meetlo ya rona empa o batla hore re mo rapele ho latela seo a re bolellang sona ka Bibeleng

Re lokela ho rapela Jehova re na le bo mang?

Heb 10:​24, 25

Sheba le Ps 133:​1-3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 2:​40-42—Bakreste ba pele ba ne ba kopana ha mmoho hore ba rapele, ba kgothatsane le hore ba ithute ka Jehova

    • 1Ko 14:​26-40—Moapostola Pauluse o ile a re diboka tsa Bokreste di lokela ho hlophiseha e le hore ba tlileng ho tsona ba ka kgothala le ho utlwisisa seo ba se rutwang

Re lokela ho etsang hore Jehova a amohele borapedi ba rona?

Mat 7:​21-24; 1Jo 2:17; 5:3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Heb 11:6—Moapostola Pauluse o ile a re re lokela ho ba le tumelo haeba re batla hore Jehova a amohele borapedi ba rona

    • Jak 2:​14-17, 24-26—Ngwanabo Jesu e leng Jakobo o ile a re re lokela ho bontsha ka diketso hore re na le tumelo