Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare


O ka etsang hore o fumane molemo ha o ithuta bukana ee?

O ka etsang hore o fumane molemo ha o ithuta bukana ee?

Kopa motho e mong hore a o rute: Kopa motho ya o fileng bukana ena hore a tlo ithuta le wena kapa o tlatse kopo websaeteng ya rona ya jw.org/st-za.

KAROLO YA PELE

Bala serapa se seng le se seng, ho akarelletsa le dipotso tse ngotsweng ka mongolo o motenya (A) le mangolo (B) a hatisang dintlha tsa bohlokwa. Sheba mangolo a ngotsweng “bala” mme o a bale.

KAROLO E MAHARENG

Tlhaloso e qalang e hlahang (C) tlasa Ithute Dintlha Tse Ding e hlalosa se tla latela. Dihloohwana (D) di hatisa dintlha tsa bohlokwa. Bala mangolo, araba dipotso ebe o shebella divideo (E).

Sheba ditshwantsho le ditlhaloso tsa teng (F), le ho nahana hore na o tla arabela jwang karolong e reng Batho ba Bang ba Re (G).

KAROLO YA HO QETELA

Kakaretso le Re Ithutileng? (H) di qetella kgaolo. Ngola hore na le qetile kgaolo neng. Karolo ya Seo o ka se Etsang (I) e o thusa hore o tswele pele o ithuta. Batla (J) e na le dintlha tse eketsehileng tseo o ka di balang kapa wa di shebella.

O ka fumana mangolo a Bibele a bontshitsweng jwang?

Mangolo a bontshitswe ho ya ka buka ya Bibele (A), kgaolo (B), le temana kapa ditemana (C). Ka mohlala, Johanne 17:3 e bolela buka ya Johanne, kgaolo ya 17, temana ya 3.