Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Bara le Barali ba bo Rona ba Ratehang:

Ho rata batho le Molimo ho re susumeletsa hore re e’o ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa, re ba kolobetse.’ (Mat. 28:19, 20; Mar. 12:28-31) Lerato le ka thusa batho ‘bao lipelo tsa bona li ba susumetsang hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng.’—Lik. 13:48.

Nakong e fetileng, re ne re amehile haholo ka ho siela batho lingoloa le ho bua le bona ka mehlala eo re neng re e tšoara ka hlooho ea seo re ka se buang le batho ha re le tšimong. Empa hona joale re batla ho ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho bua le batho. Re batla ho ba bontša hore rea ba rata ka hore re bue ka lintho tseo bona ba amehileng ka tsona. Taba ena e bolela hore re lokela ho feto-fetoha le maemo ’me re nahane ka lintho tseo motho e mong le e mong a amehileng ka tsona le tseo a li thabelang. Bukana ee e tla re thusa joang?

Bukana ena e na le lithuto tse 12 tse buang ka makhabane ao re a hlokang e le hore re ka bontša batho hore rea ba rata le ho ba etsa barutuoa. Thuto ka ’ngoe e thehiloe tlalehong ea Bibele e bontšang makhabane ao Jesu kapa Bakreste ba bang ba mehleng ea pele ba ileng ba a bontša ha ba ntse ba ruta batho ka ’Muso oa Molimo. Morero oa rona ke ho bontša batho hore rea ba rata eseng feela ho bua le bona ka lintho tseo re li tšoereng ka hlooho kapa tseo re li lokiselitseng. Le hoja re hloka ho bontša makhabane ’ohle ha re le tšimong, re tla hlahloba hore na makhabane a itseng a ka re thusa joang ha re qoqa le batho, ha re etsa maeto a ho boela kapa re ruta batho Bibele.

Ha u ntse u hlahloba thuto ka ’ngoe, nahana kamoo u ka bontšang makhabane ana ha u bua le batho ba moo u lulang teng. Leka ho rata Jehova le batho haholoanyane. Lerato leo le bohlokoa ho feta mekhoa leha e le efe eo re ka e sebelisang tšimong hobane ke lona le tla re thusa hore re etse barutuoa.

Re thabela monyetla ona o babatsehang oa ho sebetsa le lona mahetla a bapile. (Sof. 3:9) E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa haholo ha le ntse le tsoela pele ho rata batho le ho etsa barutuoa.

Bara ba bo lona,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova