Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Bara le Baradi ba bo Rona ba Ratehang:

Ho rata batho le Modimo ho re susumeletsa hore re yo ‘etsa batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, re ba kolobetse.’ (Mat. 28:​19, 20; Mar. 12:​28-31) Lerato le ka thusa batho ‘bao dipelo tsa bona di ba susumetsang hore ba amohele lentswe le fanang ka bophelo bo sa feleng.’​—Dik. 13:48.

Nakong e fetileng, re ne re amehile haholo ka ho siela batho dingolwa le ho bua le bona ka mehlala eo re neng re e tshwara ka hlooho ya seo re ka se buang le batho ha re le tshimong. Empa hona jwale re batla ho ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho bua le batho. Re batla ho ba bontsha hore re a ba rata ka hore re bue ka dintho tseo bona ba amehileng ka tsona. Taba ena e bolela hore re lokela ho fetofetoha le maemo mme re nahane ka dintho tseo motho e mong le e mong a amehileng ka tsona le tseo a di thabelang. Bukana ee e tla re thusa jwang?

Bukana ena e na le dithuto tse 12 tse buang ka makgabane ao re a hlokang e le hore re ka bontsha batho hore re a ba rata le ho ba etsa barutuwa. Thuto ka nngwe e thehilwe tlalehong ya Bibele e bontshang makgabane ao Jesu kapa Bakreste ba bang ba mehleng ya pele ba ileng ba a bontsha ha ba ntse ba ruta batho ka Mmuso wa Modimo. Morero wa rona ke ho bontsha batho hore re a ba rata eseng feela ho bua le bona ka dintho tseo re di tshwereng ka hlooho kapa tseo re di lokiseditseng. Le hoja re hloka ho bontsha makgabane ohle ha re le tshimong, re tla hlahloba hore na makgabane a itseng a ka re thusa jwang ha re qoqa le batho, ha re etsa maeto a ho boela kapa re ruta batho Bibele.

Ha o ntse o hlahloba thuto ka nngwe, nahana ka moo o ka bontshang makgabane ana ha o bua le batho ba moo o dulang teng. Leka ho rata Jehova le batho haholwanyane. Lerato leo le bohlokwa ho feta mekgwa le ha e le efe eo re ka e sebedisang tshimong hobane ke lona le tla re thusa hore re etse barutuwa.

Re thabela monyetla ona o babatsehang wa ho sebetsa le lona mahetla a bapile. (Sof. 3:9) E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa haholo ha le ntse le tswela pele ho rata batho le ho etsa barutuwa.

Bara ba bo lona,

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova