Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U QALA MOQOQO

THUTO EA 1

E-ba Motho oa Batho

E-ba Motho oa Batho

Keletso ea Bibele: “Motho ea lerato . . . ha a ichebe boeena feela.”—1 Bakor. 13:4, 5.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 4:6-9 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Jesu o ile a hlokomela eng ka mosali oa Mosamaria pele a qoqa le eena?

  2.   Jesu o ile a re: “Ak’u mphe metsi ke noe.” Ke hobane’ng ha tsela eo Jesu a ileng a qala moqoqo ka eona e ile ea atleha?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Haeba re qala moqoqo ka ntho eo motho a e thabelang, re tla qoqa le eena ha monate.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Fetoha le maemo. U se ke oa batla ho tsoela pele ka moqoqo oa ntho eo uena u neng u rerile ho bua ka eona. Qala moqoqo ka ntho eo batho ba amehileng ka eona. Ipotse:

  1.    ‘Ho buuoa ka eng litabeng?’

  2.   ‘Baahisane ba ka, basebetsi-’moho le ’na kapa batho bao ke kenang sekolo le bona ba rata ho qoqa ka eng?’

4. Sheba maemo. Ipotse:

  1.    ‘Motho eo ke buang le eena o ntse a etsa’ng? E ka ’na eaba o ntse a nahana ka eng?’

  2.   ‘Liaparo tsa hae, chebahalo ea hae kapa ntlo ea hae li mpolella eng ka bolumeli ba hae kapa ka setso sa hae?’

  3.   ‘Na ee ke nako e loketseng ea ho bua le eena?’

5. Mamela.

  1.    U se ke oa bua haholo.

  2.   Mo fe monyetla oa hore a bue ka lintho tseo a amehileng ka tsona. Botsa lipotso haeba ho loketse.