Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O QALA MOQOQO

THUTO YA 1

Eba Motho wa Batho

Eba Motho wa Batho

Keletso ya Bibele: “Motho ya lerato . . . ha a itjhebe boyena feela.”​—1 Bakor. 13:​4, 5.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Johanne 4:​6-9 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Jesu o ile a hlokomela eng ka mosadi wa Mosamaria pele a qoqa le yena?

  2.   Jesu o ile a re: “A ko mphe metsi ke nwe.” Ke hobaneng ha tsela eo Jesu a ileng a qala moqoqo ka yona e ile ya atleha?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Haeba re qala moqoqo ka ntho eo motho a e thabelang, re tla qoqa le yena ha monate.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Fetoha le maemo. O se ke wa batla ho tswela pele ka moqoqo wa ntho eo wena o neng o rerile ho bua ka yona. Qala moqoqo ka ntho eo batho ba amehileng ka yona. Ipotse:

  1.    ‘Ho buuwa ka eng ditabeng?’

  2.   ‘Baahisane ba ka, basebetsimmoho le nna kapa batho bao ke kenang sekolo le bona ba rata ho qoqa ka eng?’

4. Sheba maemo. Ipotse:

  1.    ‘Motho eo ke buang le yena o ntse a etsang? E ka nna yaba o ntse a nahana ka eng?’

  2.   ‘Diaparo tsa hae, tjhebahalo ya hae kapa ntlo ya hae di mpolella eng ka bodumedi ba hae kapa ka setso sa hae?’

  3.   ‘Na ee ke nako e loketseng ya ho bua le yena?’

5. Mamela.

  1.    O se ke wa bua haholo.

  2.   Mo fe monyetla wa hore a bue ka dintho tseo a amehileng ka tsona. Botsa dipotso haeba ho loketse.