Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U QALA MOQOQO

THUTO EA 2

Qoqa ka Lintho Tse Tloaelehileng

Qoqa ka Lintho Tse Tloaelehileng

Keletso ea Bibele: “Lentsoe le buuoang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.”—Liprov. 15:23.

Filipi o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Liketso 8:30, 31 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Filipi o ile a qala moqoqo joang?

  2.   Ke hobane’ng ha re ka re o ile a qoqa feela ka tsela e tloaelehileng a ba a khona ho ruta monna eo ntho eo a neng a sa e tsebe?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Filipi?

2. Haeba re iqoqela le motho ka lintho tse tloaelehileng, o tla khona ho phutholoha ’me a thabele ho mamela molaetsa oa Bibele.

U ka Etsisa Filipi Joang?

3. Sheba motho eo u batlang ho qoqa le eena. Ho sheba motho mahlong ho tla u thusa hore u hlokomele hore na o batla ho bua le uena kapa che. Na ho bonahala eka a ka thabela ho qoqa le uena? Haeba u batla ho kenyeletsa molaetsa oa Bibele moqoqong oa lona, u ka re ho eena: “Na u ne u tseba hore . . . ?” Ha u bona hore ha a batle ho bua le uena, mo tlohele.

4. E-ba le mamello. U se ke oa potlakela ho bua le motho ka Bibele. Tsoela pele u qoqa le eena ho fihlela ho hlaha monyetla oa hore u kenyeletse molaetsa oa Bibele o amanang le seo le ntseng le bua ka sona. Haeba u sa khona ho bua le eena ka Bibele, u ka leka hape nakong e tlang.

5. Fetoha le maemo. Motho eo u qoqang le eena a ka bua ka ntho eo u sa e lebellang. Ha seo se etsahala, leka ho bua ka molaetsa oa Bibele o amanang le taba eo a buang ka eona le hoja u ne u sa rera ho bua ka taba eo.