Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O QALA MOQOQO

THUTO YA 2

Qoqa ka Dintho Tse Tlwaelehileng

Qoqa ka Dintho Tse Tlwaelehileng

Keletso ya Bibele: “Lentswe le buuwang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.”​—Diprov. 15:23.

Filipi o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Diketso 8:​30, 31 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Filipi o ile a qala moqoqo jwang?

  2.   Ke hobaneng ha re ka re o ile a qoqa feela ka tsela e tlwaelehileng a ba a kgona ho ruta monna eo ntho eo a neng a sa e tsebe?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Filipi?

2. Haeba re iqoqela le motho ka dintho tse tlwaelehileng, o tla kgona ho phutholoha mme a thabele ho mamela molaetsa wa Bibele.

O ka Etsisa Filipi Jwang?

3. Sheba motho eo o batlang ho qoqa le yena. Ho sheba motho mahlong ho tla o thusa hore o hlokomele hore na o batla ho bua le wena kapa tjhe. Na ho bonahala eka a ka thabela ho qoqa le wena? Haeba o batla ho kenyeletsa molaetsa wa Bibele moqoqong wa lona, o ka re ho yena: “Na o ne o tseba hore . . . ?” Ha o bona hore ha a batle ho bua le wena, mo tlohele.

4. Eba le mamello. O se ke wa potlakela ho bua le motho ka Bibele. Tswela pele o qoqa le yena ho fihlela ho hlaha monyetla wa hore o kenyeletse molaetsa wa Bibele o amanang le seo le ntseng le bua ka sona. Haeba o sa kgona ho bua le yena ka Bibele, o ka leka hape nakong e tlang.

5. Fetoha le maemo. Motho eo o qoqang le yena a ka bua ka ntho eo o sa e lebellang. Ha seo se etsahala, leka ho bua ka molaetsa wa Bibele o amanang le taba eo a buang ka yona le hoja o ne o sa rera ho bua ka taba eo.