Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U QALA MOQOQO

THUTO EA 3

E-ba Mosa

E-ba Mosa

Keletso ea Bibele: “Motho ea lerato o . . . mosa.”—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 9:1-7 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Na ha Jesu a qala ho bua le monna eo o ile a bua le eena ka litaba tse hlahang ka Mangolong kapa o ile a qala pele ka ho mo folisa?—Sheba Johanne 9:35-38.

  2.   U nahana hore ke hobane’ng ha monna eo a ile a thabela ho mamela Jesu?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Motho o tla thabela ho re mamela haeba a bona hore rea mo tsotella.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Ipehe boemong ba motho eo u buang le eena. Leka ho utloisisa hore na o ikutloa joang.

  1.    Ipotse: ‘Motho eo o tšoenyehile ka eng? A ka thabela ha nka mo thusa ka eng? O thabela ho qoqa ka eng?’ Ho ipotsa lipotso tsena ho tla re thusa hore re bontše motho enoa mosa e le hore a ka hlokomela hore rea mo tsotella.

  2.   Bontša hore o amehile ka lintho tseo motho eo o buang le eena a tšoenyehileng ka tsona ka hore o mo mamele. Haeba a bua le uena ka bothata boo a nang le bona, u se ke oa bua ka ntho e ’ngoe.

4. Bua ka bonolo le ka tlhompho. Haeba u utloela motho eo u buang le eena bohloko u bile u batla ho mo thusa, o tla utloa ka tsela eo u buang ka eona hore u tšoenyehile ka eena. Nahana pele u bua ’me u bue ka tsela e bontšang hore oa mo hlompha. U se ke oa bua lintho tse ka mo khopisang.

5. Thusa batho. Thusa motho eo u qoqang le eena haeba u khona. Ho mo thusa ho ka ’na ha etsa hore a thabele ho qoqa le uena.