Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O QALA MOQOQO

THUTO YA 3

Eba Mosa

Eba Mosa

Keletso ya Bibele: “Motho ya lerato o . . . mosa.”​—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Johanne 9:​1-7 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Na ha Jesu a qala ho bua le monna eo o ile a bua le yena ka ditaba tse hlahang ka Mangolong kapa o ile a qala pele ka ho mo fodisa?​—Sheba Johanne 9:​35-38.

  2.   O nahana hore ke hobaneng ha monna eo a ile a thabela ho mamela Jesu?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Motho o tla thabela ho re mamela haeba a bona hore re a mo tsotella.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Ipehe boemong ba motho eo o buang le yena. Leka ho utlwisisa hore na o ikutlwa jwang.

  1.    Ipotse: ‘Motho eo o tshwenyehile ka eng? A ka thabela ha nka mo thusa ka eng? O thabela ho qoqa ka eng?’ Ho ipotsa dipotso tsena ho tla re thusa hore re bontshe motho enwa mosa e le hore a ka hlokomela hore re a mo tsotella.

  2.   Bontsha hore o amehile ka dintho tseo motho eo o buang le yena a tshwenyehileng ka tsona ka hore o mo mamele. Haeba a bua le wena ka bothata boo a nang le bona, o se ke wa bua ka ntho e nngwe.

4. Bua ka bonolo le ka tlhompho. Haeba o utlwela motho eo o buang le yena bohloko o bile o batla ho mo thusa, o tla utlwa ka tsela eo o buang ka yona hore o tshwenyehile ka yena. Nahana pele o bua mme o bue ka tsela e bontshang hore o a mo hlompha. O se ke wa bua dintho tse ka mo kgopisang.

5. Thusa batho. Thusa motho eo o qoqang le yena haeba o kgona. Ho mo thusa ho ka nna ha etsa hore a thabele ho qoqa le wena.