Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U QALA MOQOQO

THUTO EA 4

Ikokobetse

Ikokobetse

Keletso ea Bibele: “Le ikokobetse ’me le nke ba bang e le ba bohlokoa ho le feta.”—Bafil. 2:3.

Pauluse o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Liketso 26:2, 3 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Pauluse o ile a bontša joang hore o ikokobelitse ha a ne a bua le Morena Agripa?

  2.   Pauluse o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova le hore lintho tseo a li buang ha li tsoe ho eena empa li tsoa ka Mangolong?—Sheba Liketso 26:22.

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?

2. Batho ba tla thabela molaetsa oa rona haeba re ikokobelitse re bile re bua le bona ka tlhompho.

U ka Etsisa Pauluse Joang?

3. Hlompha motho eo u buang le eena. Qoba ho etsa hore motho eo u buang le eena a ikutloe eka ha a tsebe letho. Bua le eena ka tlhompho.

4. Etsa bonnete ba hore u sebelisa Bibele ha u qoqa le motho. Lentsoe la Molimo le ka fetola tsela eo motho a nahanang le ho etsa lintho ka eona. Ha re balla batho Bibele, re ba thusa hore ba tšepe Lentsoe la Molimo eseng lintho tseo re li buang.

5. Lula u khobile matšoafo. Haeba uena le motho eo u buang le eena le sa lumellane ka taba e itseng, u se ke oa ngangisana le eena kapa oa batla ho mo bontša hore ke uena ea nepileng. Ho e-na le hoo, bontša boikokobetso ’me u itsamaele. (Liprov. 17:14; Tite 3:2) Ha u bua le eena ka bonolo, u tla etsa hore le nakong e tlang a lumele ho qoqa le rona.