Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O QALA MOQOQO

THUTO YA 4

Ikokobetse

Ikokobetse

Keletso ya Bibele: “Le ikokobetse mme le nke ba bang e le ba bohlokwa ho le feta.”​—Bafil. 2:3.

Pauluse o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Diketso 26:​2, 3 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Pauluse o ile a bontsha jwang hore o ikokobeditse ha a ne a bua le Morena Agripa?

  2.   Pauluse o ile a bontsha jwang hore o tshepa Jehova le hore dintho tseo a di buang ha di tswe ho yena empa di tswa ka Mangolong?​—Sheba Diketso 26:22.

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Pauluse?

2. Batho ba tla thabela molaetsa wa rona haeba re ikokobeditse re bile re bua le bona ka tlhompho.

O ka Etsisa Pauluse Jwang?

3. Hlompha motho eo o buang le yena. Qoba ho etsa hore motho eo o buang le yena a ikutlwe eka ha a tsebe letho. Bua le yena ka tlhompho.

4. Etsa bonnete ba hore o sebedisa Bibele ha o qoqa le motho. Lentswe la Modimo le ka fetola tsela eo motho a nahanang le ho etsa dintho ka yona. Ha re balla batho Bibele, re ba thusa hore ba tshepe Lentswe la Modimo eseng dintho tseo re di buang.

5. Dula o kgobile matshwafo. Haeba wena le motho eo o buang le yena le sa dumellane ka taba e itseng, o se ke wa ngangisana le yena kapa wa batla ho mo bontsha hore ke wena ya nepileng. Ho ena le hoo, bontsha boikokobetso mme o itsamaele. (Diprov. 17:​14; Tite 3:2) Ha o bua le yena ka bonolo, o tla etsa hore le nakong e tlang a dumele ho qoqa le rona.