Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U QALA MOQOQO

THUTO EA 5

Bontša Tlhompho

Bontša Tlhompho

Keletso ea Bibele: “Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla.”—Bakol. 4:6.

Pauluse o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Liketso 17:22, 23 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Pauluse o ile a ikutloa joang ha a hlokomela hore batho ba Athene ba rapela melimo ea litšoantšo?—Sheba Liketso 17:16.

  2.   Pauluse ha a ka a bolella batho ba Athene hore ba etsa ntho e fosahetseng. Leha ho le joalo, o ile a sebelisa seo ba se lumelang joang ho bua le bona ka litaba tse monate?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?

2. Batho ba tla re mamela haeba re khetha mantsoe hantle pele re bua le bona, re bua le bona ka tlhompho ebile re khetha nako e nepahetseng ea ho bua le bona.

U ka Etsisa Pauluse Joang?

3. Khetha mantsoe hantle. Ka mohlala, ha u bua le motho ea sa tsebeng letho ka litaba tsa Bokreste, u ka ’na oa lokela ho fetola tsela eo u bitsang Bibele kapa Jesu ka eona.

4. U se ke oa potlakela ho lokisa motho ha a fositse. Mo fe monyetla oa hore a itlhalose. Haeba a bua ntho e sa lumellaneng le Bibele, u se ke oa ngangisana le eena. (Jak. 1:19) Ha u mo mamela, u tla utloisisa hore na o lumela eng le hore na ke hobane’ng ha a lumela ntho eo.—Liprov. 20:5.

5. Bua ka lintho tseo le lumellanang ka tsona u be u mo babatse. Ho ka etsahala hore o lumela hore bolumeli ba hae ke bona bo nepahetseng. Kahoo, ha u qoqa le eena, u bue ka lintho tseo le lumellanang ka tsona. Lintho tse ling u tla mo ruta tsona hanyane hanyane ha nako e ntse e-ea.