Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O QALA MOQOQO

THUTO YA 5

Bontsha Tlhompho

Bontsha Tlhompho

Keletso ya Bibele: “Mantswe ao le a buang e ke e be a mosa ka mehla.”​—Bakol. 4:6.

Pauluse o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Diketso 17:​22, 23 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Pauluse o ile a ikutlwa jwang ha a hlokomela hore batho ba Athene ba rapela medimo ya ditshwantsho?​—Sheba Diketso 17:16.

  2.   Pauluse ha a ka a bolella batho ba Athene hore ba etsa ntho e fosahetseng. Le ha ho le jwalo, o ile a sebedisa seo ba se dumelang jwang ho bua le bona ka ditaba tse monate?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Pauluse?

2. Batho ba tla re mamela haeba re kgetha mantswe hantle pele re bua le bona, re bua le bona ka tlhompho ebile re kgetha nako e nepahetseng ya ho bua le bona.

O ka Etsisa Pauluse Jwang?

3. Kgetha mantswe hantle. Ka mohlala, ha o bua le motho ya sa tsebeng letho ka ditaba tsa Bokreste, o ka nna wa lokela ho fetola tsela eo o bitsang Bibele kapa Jesu ka yona.

4. O se ke wa potlakela ho lokisa motho ha a fositse. Mo fe monyetla wa hore a itlhalose. Haeba a bua ntho e sa dumellaneng le Bibele, o se ke wa ngangisana le yena. (Jak. 1:​19) Ha o mo mamela, o tla utlwisisa hore na o dumela eng le hore na ke hobaneng ha a dumela ntho eo.​—Diprov. 20:5.

5. Bua ka dintho tseo le dumellanang ka tsona o be o mo babatse. Ho ka etsahala hore o dumela hore bodumedi ba hae ke bona bo nepahetseng. Ka hoo, ha o qoqa le yena, o bue ka dintho tseo le dumellanang ka tsona. Dintho tse ding o tla mo ruta tsona hanyane hanyane ha nako e ntse e ya.