Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U QALA MOQOQO

THUTO EA 6

U se ke oa Tšoha

U se ke oa Tšoha

Keletso ea Bibele: “Molimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho eena.”—1 Bathes. 2:2.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Luka 19:1-7 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    E ka ’na eaba ke hobane’ng ha batho ba bang ba ne ba qoba ho bua le Zakiase?

  2.   Ke’ng e ileng ea susumeletsa Jesu hore a bue le Zakiase ho sa tsotellehe seo batho ba neng ba se nahana ka eena?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Re hloka ho ba sebete e le hore re bolelle batho bohle ka ’Muso oa Molimo.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Tšepa Jehova. Moea oa Molimo o ile oa thusa Jesu hore a bue le batho ka Molimo, le uena moea o halalelang o ka u thusa. (Mat. 10:19, 20; Luka 4:18) Kopa Jehova hore a u thuse hore u khone ho bua le batho bao u ba tšabang.—Lik. 4:29.

4. U se ke oa ahlola batho. Ka linako tse ling re ka tšaba ho bua le batho ka lebaka la tsela eo ba shebahalang ka eona, boitšoaro ba bona, bolumeli ba bona, botumo ba bona kapa hobane e le barui. Empa hopola hore:

  1.    Ke Jehova le Jesu feela ba tsebang lintho tseo batho ba li nahanang.

  2.   Jehova a ka khona ho thusa motho leha e le ofe hore a mo tsebe.

5. E-ba sebete empa u shebe maemo. (Mat. 10:16) Qoba ho ngangisana le motho eo u buang le eena. Khaotsa ho qoqa le motho haeba a sa batle ho u mamela kapa u utloa u sa sireletseha.—Liprov. 17:14.