Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O QALA MOQOQO

THUTO YA 6

O se ke wa Tshoha

O se ke wa Tshoha

Keletso ya Bibele: “Modimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella ditaba tse monate tse tswang ho yena.”​—1 Bathes. 2:2.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Luka 19:​1-7 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    E ka nna yaba ke hobaneng ha batho ba bang ba ne ba qoba ho bua le Zakiase?

  2.   Ke eng e ileng ya susumeletsa Jesu hore a bue le Zakiase ho sa tsotellehe seo batho ba neng ba se nahana ka yena?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re hloka ho ba sebete e le hore re bolelle batho bohle ka Mmuso wa Modimo.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Tshepa Jehova. Moya wa Modimo o ile wa thusa Jesu hore a bue le batho ka Modimo, le wena moya o halalelang o ka o thusa. (Mat. 10:​19, 20; Luka 4:​18) Kopa Jehova hore a o thuse hore o kgone ho bua le batho bao o ba tshabang.​—Dik. 4:29.

4. O se ke wa ahlola batho. Ka dinako tse ding re ka tshaba ho bua le batho ka lebaka la tsela eo ba shebahalang ka yona, boitshwaro ba bona, bodumedi ba bona, botumo ba bona kapa hobane e le barui. Empa hopola hore:

  1.    Ke Jehova le Jesu feela ba tsebang dintho tseo batho ba di nahanang.

  2.   Jehova a ka kgona ho thusa motho le ha e le ofe hore a mo tsebe.

5. Eba sebete empa o shebe maemo. (Mat. 10:​16) Qoba ho ngangisana le motho eo o buang le yena. Kgaotsa ho qoqa le motho haeba a sa batle ho o mamela kapa o utlwa o sa sireletseha.​—Diprov. 17:14.