Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGUTLELA HO BATHO

THUTO YA 7

Kgothalla ho Kgutlela ho Batho

Kgothalla ho Kgutlela ho Batho

Keletso ya Bibele: “Ba nna . . . ba ruta le ho bolella batho ditaba tse monate.”​—Dik. 5:42.

Pauluse o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Diketso 19:​8-10 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Ho ena le ho nyahamiswa ke batho ba neng ba mo hanyetsa, Pauluse o ile a kgothalla ho thusa batho ba neng ba thabela molaetsa jwang?

  2.   Pauluse o ile a kgutlela ho batho bao ka makgetlo a makae, hona o ile a etsa jwalo ka nako e kae?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Pauluse?

2. E le hore re tle re atlehe ha re etsa maeto a ho boela le hore re be le dithuto tsa Bibele, re lokela ho ipha nako le ho etsa boiteko.

O ka Etsisa Pauluse Jwang?

3. Kgutlela ho motho ka nako eo a fumanehang ka yona. Ipotse: ‘Ke nako efe e loketseng ya hore ke bue le yena hape, hona nka bua le yena hokae? Ke neng moo a ka bang le nako ya ho qoqa le nna?’ Ikemisetse ho kgutlela ho motho eo le haeba e le ka nako eo wena o nang le mabaka.

4. Mo botse hore na le ka kopana neng hape. Nako le nako ha le qeta ho qoqa, mo botse hore na le tla kopana ka nako mang nakong e tlang. Etsa bonnete ba hore o tshepahalla nako eo le e behileng.

5. O se ke wa nyahama. Haeba motho eo o kgutlelang ho yena a dula a le siyo hae kapa a dula a phathahane, o se ke wa potlakela ho nahana hore ha a sa thabela molaetsa wa Bibele. (1 Bakor. 13:​4, 7) Leka ka hohle ho fumana motho eo. Le ha ho le jwalo, o etse bonnete ba hore o sebedisa nako ya hao hantle.​—1 Bakor. 9:26.