Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHUTLELA HO BATHO

THUTO EA 8

E-ba le Mamello

E-ba le Mamello

Keletso ea Bibele: “Motho ea lerato o na le mamello.”—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 7:3-5 le 1 Bakorinthe 15:3, 4, 7 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Qalong bara ba bo Jesu ba ne ba ikutloa joang ka molaetsa oa hae?

  2.   Ke’ng e bontšang hore Jesu o ile a tsoela pele a leka ho thusa ngoan’abo e leng Jakobo?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Re lokela ho ba le mamello hobane batho ba bang ba nka nako e telele ho amohela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Leka mokhoa o fapaneng. Haeba motho a sa amohele thuto ea Bibele hang-hang, u se ke oa mo qobella. Haeba ho khoneha, mo bontše video kapa sehlooho se tla mo thusa ho utloisisa hore na ho etsahala’ng thutong ea Bibele le hore na e ka mo tsoela molemo joang.

4. U se ke oa bapisa batho. Batho ha ba tšoane. Haeba setho sa lelapa kapa motho eo u ntseng u mo etela a tšaba ho amohela thuto ea Bibele, leka ho utloisisa hore na ebe ke hobane’ng. Na ho na le bolumeli boo a bo nkang e le ba bohlokoa? Na ba lelapa labo kapa baahisani ba a mo hanyetsa? Mo fe nako ea ho nahanisisa ka seo a ithutileng sona Bibeleng le ho bona kamoo se ka mo tsoelang molemo kateng bophelong.

5. Rapella motho ea bontšitseng thahasello. Kopa Jehova hore a u thuse ’me u se ke oa lahla tšepo. Mo kope hore a u thuse ho bona ha motho a sa thahaselle e le hore u ka emisa ho mo etela.—1 Bakor. 9:26.