Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGUTLELA HO BATHO

THUTO YA 8

Eba le Mamello

Eba le Mamello

Keletso ya Bibele: “Motho ya lerato o na le mamello.”​—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Johanne 7:​3-5 le 1 Bakorinthe 15:​3, 4, 7 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Qalong bara ba bo Jesu ba ne ba ikutlwa jwang ka molaetsa wa hae?

  2.   Keng e bontshang hore Jesu o ile a tswela pele a leka ho thusa ngwanabo e leng Jakobo?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re lokela ho ba le mamello hobane batho ba bang ba nka nako e telele ho amohela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Leka mokgwa o fapaneng. Haeba motho a sa amohele thuto ya Bibele hanghang, o se ke wa mo qobella. Haeba ho kgoneha, mo bontshe video kapa sehlooho se tla mo thusa ho utlwisisa hore na ho etsahalang thutong ya Bibele le hore na e ka mo tswela molemo jwang.

4. O se ke wa bapisa batho. Batho ha ba tshwane. Haeba setho sa lelapa kapa motho eo o ntseng o mo etela a tshaba ho amohela thuto ya Bibele, leka ho utlwisisa hore na ebe ke hobaneng. Na ho na le bodumedi boo a bo nkang e le ba bohlokwa? Na ba lelapa labo kapa baahisani ba a mo hanyetsa? Mo fe nako ya ho nahanisisa ka seo a ithutileng sona Bibeleng le ho bona ka moo se ka mo tswelang molemo ka teng bophelong.

5. Rapella motho ya bontshitseng thahasello. Kopa Jehova hore a o thuse mme o se ke wa lahla tshepo. Mo kope hore a o thuse ho bona ha motho a sa thahaselle e le hore o ka emisa ho mo etela.​—1 Bakor. 9:26.