Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHUTLELA HO BATHO

THUTO EA 9

E-ba le Kutloelo-bohloko

E-ba le Kutloelo-bohloko

Keletso ea Bibele: “Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.”—Bar. 12:15.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Mareka 6:30-34 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Ke hobane’ng ha Jesu le baapostola ba hae ba ile ba batla ho “ea moo ba leng bang”?

  2.   Ke’ng e ileng ea susumeletsa Jesu hore a rute batho ba bangata?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Ho utloela batho bohloko ho etsa hore re ba tsotelle le hore re ba thuse ho e-na le ho ameha ka molaetsa oa rona feela.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Mamela ka hloko. Lumella motho hore a u hlalosetse hore na o ikutloa joang kapa hore na o nahana’ng. U se ke oa mo kena hanong kapa oa iphapanyetsa hore na o ikutloa joang, o amehile ka’ng le hore na o hloka’ng. Ha u mamela motho eo ka hloko, oa bontša hore oa mo tsotella.

4. Nahana ka motho ea thahasellang. U nahanne ka moqoqo oo u ileng oa ba le ’ona le motho ea joalo, ipotse:

  1.    ‘Ke hobane’ng ha a lokela ho tseba ’nete?’

  2.   ‘Ho ithuta Bibele ho ka ntlafatsa bophelo ba hae joang hona joale le nakong e tlang?’

5. Buisana le eena ka lintho tse ka mo thusang. Li sa tloha feela, mo bontše hore na ho ithuta Bibele ho ka araba lipotso tseo a ipotsang tsona joang le kamoo ho ka mo tsoelang molemo kateng bophelong.