Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGUTLELA HO BATHO

THUTO YA 9

Eba le Kutlwelobohloko

Eba le Kutlwelobohloko

Keletso ya Bibele: “Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.”​—Bar. 12:15.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Mareka 6:​30-34 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Ke hobaneng ha Jesu le baapostola ba hae ba ile ba batla ho “ya moo ba leng bang”?

  2.   Keng e ileng ya susumeletsa Jesu hore a rute batho ba bangata?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Ho utlwela batho bohloko ho etsa hore re ba tsotelle le hore re ba thuse ho ena le ho ameha ka molaetsa wa rona feela.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Mamela ka hloko. Dumella motho hore a o hlalosetse hore na o ikutlwa jwang kapa hore na o nahanang. O se ke wa mo kena hanong kapa wa iphapanyetsa hore na o ikutlwa jwang, o amehile kang le hore na o hlokang. Ha o mamela motho eo ka hloko, o a bontsha hore o a mo tsotella.

4. Nahana ka motho ya thahasellang. O nahanne ka moqoqo oo o ileng wa ba le wona le motho ya jwalo, ipotse:

  1.    ‘Ke hobaneng ha a lokela ho tseba nnete?’

  2.   ‘Ho ithuta Bibele ho ka ntlafatsa bophelo ba hae jwang hona jwale le nakong e tlang?’

5. Buisana le yena ka dintho tse ka mo thusang. Di sa tloha feela, mo bontshe hore na ho ithuta Bibele ho ka araba dipotso tseo a ipotsang tsona jwang le ka moo ho ka mo tswelang molemo ka teng bophelong.