Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U ETSA BARUTUOA

THUTO EA 10

Ikemisetse ho Etsa Barutuoa

Ikemisetse ho Etsa Barutuoa

Keletso ea Bibele: “Re ne re ikemiselitse ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo le ho tela bophelo ba rona e le hore re le thuse hobane re le rata haholo.”—1 Bathes. 2:8.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 3:1, 2 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    U nahana ke hobane’ng ha Nikodemase a ile a etela Jesu bosiu?—Sheba Johanne 12:42, 43.

  2.   Jesu o ile a bontša joang hore o ne a ikemiselitse ho etsa barutuoa ka ho buisana le Nikodemase bosiu?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Re bontša hore re rata batho haeba re ikemiselitse ho ba thusa hore e be barutuoa.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Khetha nako le sebaka sa ho ithuta se tšoanetseng motho eo u ithutang le eena. Mohlomong a ka thabela ha le ithuta ka nako kapa letsatsi le itseng ka ho khetheha. Na a ka phutholoha ha le ithutela mosebetsing, moo a lulang kapa sebakeng se seng se itseng? Haeba ho khoneha, leka ka hohle ho behella mabaka a hao ka thoko e le hore u ka khona ho ithuta le motho ea joalo ka nako le sebakeng seo a se thabelang.

4. Ithuteng kamehla. Haeba u tlo ba sieo ’me ha u na khona ho bala le motho eo u ithutang le eena, nahana ka litlhahiso tsena:

  1.    Na u ka khona ho bala le eena ka letsatsi le fapaneng bekeng eona eo?

  2.   Na u ka khona ho bala le motho eo u ithutang le eena ka fono kapa oa mo letsetsa ka video?

  3.   Na u ka kopa mohoeletsi e mong ho bala le motho eo u ithutang le eena?

5. Rapella ho ba le maikutlo a nepahetseng. Rapela Jehova hore a u thuse hore u se ke oa tela ho thusa motho eo u ithutang le eena le haeba le sa khone ho bala kamehla kapa a sa sebelise lintho tseo a ithutang tsona. (Bafil. 2:13) Ho ka etsahala hore motho eo u ithutang le eena o na le makhabane a babatsehang. Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ho ameha haholo ka makhabane ao.