Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O ETSA BARUTUWA

THUTO YA 10

Ikemisetse ho Etsa Barutuwa

Ikemisetse ho Etsa Barutuwa

Keletso ya Bibele: “Re ne re ikemiseditse ho le bolella ditaba tse monate tse tswang ho Modimo le ho tela bophelo ba rona e le hore re le thuse hobane re le rata haholo.”​—1 Bathes. 2:8.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Johanne 3:​1, 2 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    O nahana ke hobaneng ha Nikodemase a ile a etela Jesu bosiu?​—Sheba Johanne 12:​42, 43.

  2.   Jesu o ile a bontsha jwang hore o ne a ikemiseditse ho etsa barutuwa ka ho buisana le Nikodemase bosiu?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re bontsha hore re rata batho haeba re ikemiseditse ho ba thusa hore e be barutuwa.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Kgetha nako le sebaka sa ho ithuta se tshwanetseng motho eo o ithutang le yena. Mohlomong a ka thabela ha le ithuta ka nako kapa letsatsi le itseng ka ho kgetheha. Na a ka phutholoha ha le ithutela mosebetsing, moo a dulang kapa sebakeng se seng se itseng? Haeba ho kgoneha, leka ka hohle ho behella mabaka a hao ka thoko e le hore o ka kgona ho ithuta le motho ya jwalo ka nako le sebakeng seo a se thabelang.

4. Ithuteng ka mehla. Haeba o tlo ba siyo mme ha o na kgona ho bala le motho eo o ithutang le yena, nahana ka ditlhahiso tsena:

  1.    Na o ka kgona ho bala le yena ka letsatsi le fapaneng bekeng yona eo?

  2.   Na o ka kgona ho bala le motho eo o ithutang le yena ka fono kapa wa mo letsetsa ka video?

  3.   Na o ka kopa mohweletsi e mong ho bala le motho eo o ithutang le yena?

5. Rapella ho ba le maikutlo a nepahetseng. Rapela Jehova hore a o thuse hore o se ke wa tela ho thusa motho eo o ithutang le yena le haeba le sa kgone ho bala ka mehla kapa a sa sebedise dintho tseo a ithutang tsona. (Bafil. 2:​13) Ho ka etsahala hore motho eo o ithutang le yena o na le makgabane a babatsehang. Ka hoo, kopa Jehova hore a o thuse ho ameha haholo ka makgabane ao.