Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA U ETSA BARUTUOA

THUTO EA 11

Ruta ka Tsela e Bonolo

Ruta ka Tsela e Bonolo

Keletso ea Bibele: ‘Le bue puo e utloisisoang habonolo.’—1 Bakor. 14:9.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

1. Shebella VIDEO kapa u bale Matheu 6:25-27 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1.    Jesu o bontšitse joang hore Jehova oa re tsotella?

  2.   Le hoja Jesu a ne a tseba lintho tse ngata ka linonyana, o ile a bua ka ntho efe e bonolo papisong ea hae? Ke hobane’ng ha tsela eo e ne e le e atlehang ea ho ruta?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Ha re ruta ka tsela e bonolo, batho ba tla hopola lintho tseo re ba rutileng tsona ba be ba li sebelise bophelong ba bona.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. U se ke oa bua haholo. Ho e-na le ho bua lintho tsohle tseo u li tsebang ka taba e itseng, bua lintlha tse hlahang sehloohong seo le ntseng le ithuta sona feela. Ka mor’a ho botsa potso, e-ba le mamello ea hore motho eo u ithutang le eena a iphumanele karabo. Haeba a thatafalloa ke ho fumana karabo kapa a bua lintho tse sa lumellaneng le seo Bibele e se rutang, mo tataise ka lipotso tse eketsehileng e le hore a utloisise. Hang ha a utloisisa ntlha ea sehlooho, fetela lintlheng tse latelang.

4. Thusa motho eo u ithutang le eena ho utloisisa hore na lintho tse ncha tseo a ithutang tsona li amana joang le tseo a seng a ithutile tsona. Ka mohlala, pele le qala khaolo e buang ka tsoho, ha khutšoanyane feela, le ka ikhopotsa seo le ithutileng sona ka boemo ba bafu.

5. Sebelisa mehlala ka bohlale. Pele u etsa mohlala, ipotse:

  1.    ‘Na mohlala oo o bonolo?’

  2.   ‘Na motho eo ke ithutang le eena o tla o utloisisa habonolo?’

  3.   ‘Na mohlala oo o tla mo thusa ho hopola lintlha tsa bohlokoa eseng mohlala feela?’