Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O ETSA BARUTUWA

THUTO YA 11

Ruta ka Tsela e Bonolo

Ruta ka Tsela e Bonolo

Keletso ya Bibele: ‘Le bue puo e utlwisiswang ha bonolo.’​—1 Bakor. 14:9.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Matheu 6:​25-27 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Jesu o bontshitse jwang hore Jehova o a re tsotella?

  2.   Le hoja Jesu a ne a tseba dintho tse ngata ka dinonyana, o ile a bua ka ntho efe e bonolo papisong ya hae? Ke hobaneng ha tsela eo e ne e le e atlehang ya ho ruta?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Ha re ruta ka tsela e bonolo, batho ba tla hopola dintho tseo re ba rutileng tsona ba be ba di sebedise bophelong ba bona.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. O se ke wa bua haholo. Ho ena le ho bua dintho tsohle tseo o di tsebang ka taba e itseng, bua dintlha tse hlahang sehloohong seo le ntseng le ithuta sona feela. Ka mora ho botsa potso, eba le mamello ya hore motho eo o ithutang le yena a iphumanele karabo. Haeba a thatafallwa ke ho fumana karabo kapa a bua dintho tse sa dumellaneng le seo Bibele e se rutang, mo tataise ka dipotso tse eketsehileng e le hore a utlwisise. Hang ha a utlwisisa ntlha ya sehlooho, fetela dintlheng tse latelang.

4. Thusa motho eo o ithutang le yena ho utlwisisa hore na dintho tse ntjha tseo a ithutang tsona di amana jwang le tseo a seng a ithutile tsona. Ka mohlala, pele le qala kgaolo e buang ka tsoho, ha kgutshwanyane feela, le ka ikgopotsa seo le ithutileng sona ka boemo ba bafu.

5. Sebedisa mehlala ka bohlale. Pele o etsa mohlala, ipotse:

  1.    ‘Na mohlala oo o bonolo?’

  2.   ‘Na motho eo ke ithutang le yena o tla o utlwisisa ha bonolo?’

  3.   ‘Na mohlala oo o tla mo thusa ho hopola dintlha tsa bohlokwa eseng mohlala feela?’