Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HA O ETSA BARUTUWA

THUTO YA 12

Eba Sebete

Eba Sebete

Keletso ya Bibele: “Oli le dibano di thabisa pelo jwalo ka motswalle ya o kgalemelang a se na boikaketsi.”​—Diprov. 27:9.

Jesu o Ile a Etsang?

1. Shebella VIDEO kapa o bale Mareka 10:​17-22 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1.    Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ile a bona makgabane afe ho mmusi eo e motjha?

  2.   Ke hobaneng ha Jesu a ne a lokela ho ba lerato le ho ba sebete pele a ka eletsa monna eo?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re lokela ho bontsha batho bao re ithutang le bona hore re a ba rata le ho ba bolella ka tsela e hlakileng seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba ka tswela pele ba matlafatsa kamano ya bona le Jehova.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Thusa motho eo o ithutang le yena ho finyella dintho tseo a batlang ho di etsa.

  1.    Sebedisa karolo ya “Seo o ka se Etsang” e hlahang kgaolong ka nngwe ya buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!

  2.   Mo thuse ho tseba dintho tseo a lokelang ho di etsa le hore na a ka di finyella jwang ebang ke tseo a batlang ho di finyella haufinyane kapa nakong e tlang.

  3.   Dula o mo babatsa ka diphetoho tseo a seng a di entse.

4. Tseba dintho tse sitisang motho eo o ithutang le yena ho etsa diphetoho o be o mo thuse hore a di hlole.

  1.    Ipotse:

    • ‘Haeba a sa etse diphetoho tse bontshang hore o batla ho kolobetswa, keng e mo sitisang?’

    • ‘Nka etsang ho mo thusa?’

  2.   Rapella hore o be sebete sa ho bua le yena ka tsela e hlakileng ka dintho tseo a lokelang ho di etsa empa e le ka tsela e bontshang hore o a mo rata.

5. Kgaotsa thuto haeba a sa etse diphetoho.

  1.    Hlahloba hore na motho eo o ithutang le yena o etsa diphetoho ka ho ipotsa dipotso tse latelang:

    • ‘Na o sebedisa dintho tseo a ithutang tsona?’

    • ‘Na o ba teng dibokeng le ho bolella batho ba bang dintho tseo a ithutileng tsona?’

    • ‘Na o batla ho ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova ka mora ho ithuta?’

  2.   Haeba a sa ikemisetsa ho etsa diphetoho:

    • Mo botse hore na o sitiswa keng.

    • Mo hlalosetse ka mosa hore na ke hobaneng ha o kgaotsa thuto.

    • Mo hlalosetse hore na o lokela ho etsang e le hore le ka ithuta hape nakong e tlang.