Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTLHA TSA A

Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho

Molaetsa oa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho

Jesu o ile a re batho ba lipelo li ntle ba tla amohela ’nete ha ba e utloa. (Joh. 10:4, 27) Kahoo, ka linako tsohle ha re qoqa le batho, re batla ho ba bolella molaetsa oa Bibele o bonolo. Leka ho kenyeletsa molaetsa oa Bibele ka ho re: “Na u ne u tseba hore . . . ?” kapa “Na u kile oa utloa hore . . . ?” ebe u sebelisa mangolo a buang ka taba eo. Ka ho buisana le motho ka molaetsa o bonolo oa Bibele, u ka jala pelo ea ’nete pelong ea hae ’me Jehova a ka etsa hore peo eo e hole.—1 Bakor. 3:6, 7.

 BOKAMOSO

  1. 1. Lintho tse etsahalang le tsela eo batho ba itšoereng ka eona e bontša hore haufinyane lintho li tla fetoha.—Mat. 24:3, 7, 8; Luka 21:10, 11; 2 Tim. 3:1-5.

  2. 2. Lefatše le ke ke la felisoa.—Pes. 104:5; Moek. 1:4.

  3. 3. Lefatše le ke ke la hlola le silafatsoa le maemo a leholimo a tla laoleha ’me lefatše e tla ba paradeise.—Esa. 35:1, 2; Tšen. 11:18.

  4. 4. Batho bohle ba tla phela hantle.—Esa. 33:24; 35:5, 6.

  5. 5. U ka phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Pes. 37:29; Mat. 5:5.

 LELAPA

  1. 6. Monna “o lokela ho rata mosali oa hae joalokaha a ithata.”—Baef. 5:33; Bakol. 3:19.

  2. 7. Mosali “o lokela ho hlompha monna oa hae haholo.”—Baef. 5:33; Bakol. 3:18.

  3. 8. “Monna le mosali ba lokela ho tšepahallana.”—Mal. 2:16; Mat. 19:4-6, 9; Baheb. 13:4.

  4. 9. Bana ba hlomphang le ho mamela batsoali ba bona ba tla atleha.—Liprov. 1:8, 9; Baef. 6:1-3.

NASA, ESA and the Hubble Heritage Team (STScI/AURA)-ESA/Hubble Collaboration. Licensed under CC BY 4.0. Source.

 MOLIMO

  1. 10. Molimo o na le lebitso.—Pes. 83:18; Jer. 10:10.

  2. 11. Molimo o re file Bibele.—2 Tim. 3:16, 17; 2 Pet. 1:20, 21.

  3. 12. “Molimo ha a leeme.”—Deut. 10:17; Lik. 10:34, 35.

  4. 13. Molimo o batla ho re thusa.—Pes. 46:1; 145:18, 19.

 THAPELO

  1. 14. Molimo o batla hore re mo rapele.—Pes. 62:8; 65:2; 1 Pet. 5:7.

  2. 15. Bibele e re ruta ho rapela.—Mat. 6:7-13; Luka 11:1-4.

  3. 16. Re lokela ho lula re rapela.—Mat. 7:7, 8; 1 Bathes. 5:17.

 JESU

  1. 17. Jesu e ne e le mosuoe ea ipabolang ’me likeletso tsa hae li ntse li sebetsa le kajeno.—Mat. 6:14, 15, 34; 7:12.

  2. 18. Jesu o ile a bolela esale pele lintho tseo re bonang li etsahala mehleng ena.—Mat. 24:3, 7, 8, 14; Luka 21:10, 11.

  3. 19. Jesu ke Mora oa Molimo.—Mat. 16:16; Joh. 3:16; 1 Joh. 4:15.

  4. 20. Jesu ha se Molimo ea Matla ’Ohle.—Joh. 14:28; 1 Bakor. 11:3.

Based on NASA/Visible Earth imagery

 ’MUSO OA MOLIMO

  1. 21. ’Muso oa Molimo ke puso e busang e le leholimong.—Dan. 2:44; 7:13, 14; Mat. 6:9, 10; Tšen. 11:15.

  2. 22. ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso ea batho sebaka.—Pes. 2:7-9; Dan. 2:44.

  3. 23. ’Muso oa Molimo ke ’ona feela o tla felisa mathata a batho.—Pes. 37:10, 11; 46:9; Esa. 65:21-23.

 MATHATA

  1. 24. Molimo ha a re bakele mathata.—Deut. 32:4; Jak. 1:13.

  2. 25. Lefatše le busoa ke Satane.—Luka 4:5, 6; 1 Joh. 5:19.

  3. 26. Molimo oa bona ha u e-na le mathata ’me o batla ho u thusa.—Pes. 34:17-19; Esa. 41:10, 13.

  4. 27. Haufinyane Molimo o tla felisa mathata a rona.—Esa. 65:17; Tšen. 21:3, 4.

 LEFU

  1. 28. Bafu ha ba tsebe letho ho hang ebile ha ba utloe bohloko.—Moek. 9:5; Joh. 11:11-14.

  2. 29. Bafu ba ke ke ba re thusa kapa ba re ntša kotsi.—Pes. 146:4; Moek. 9:6, 10.

  3. 30. Baratuoa ba rona ba hlokahetseng ba tla tsosoa.—Jobo 14:13-15; Joh. 5:28, 29; Lik. 24:15.

  4. 31. Molimo “o tla felisa lefu ka ho sa feleng.”—Tšen. 21:3, 4; Esa. 25:8.

 BOLUMELI

  1. 32. Ha se malumeli ’ohle a etsang thato ea Molimo.—Jer. 7:11; Mat. 7:13, 14, 21-23.

  2. 33. Molimo o hloile baikaketsi.—Esa. 29:13; Mik. 3:11; Mar. 7:6-8.

  3. 34. Bakreste ba ’nete ba tsebahala ka ho bontšana lerato.—Mik. 4:3; Joh. 13:34, 35.