Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTLHA TSA A

Molaetsa wa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho

Molaetsa wa Bibele oo re Thabelang ho o Ruta Batho

Jesu o ile a re batho ba dipelo di ntle ba tla amohela nnete ha ba e utlwa. (Joh. 10:​4, 27) Ka hoo, ka dinako tsohle ha re qoqa le batho, re batla ho ba bolella molaetsa wa Bibele o bonolo. Leka ho kenyeletsa molaetsa wa Bibele ka ho re: “Na o ne o tseba hore . . . ?” kapa “Na o kile wa utlwa hore . . . ?” ebe o sebedisa mangolo a buang ka taba eo. Ka ho buisana le motho ka molaetsa o bonolo wa Bibele, o ka jala pelo ya nnete pelong ya hae mme Jehova a ka etsa hore peo eo e hole.​—1 Bakor. 3:​6, 7.

 BOKAMOSO

  1. 1. Dintho tse etsahalang le tsela eo batho ba itshwereng ka yona e bontsha hore haufinyane dintho di tla fetoha.​—Mat. 24:​3, 7, 8; Luka 21:​10, 11; 2 Tim. 3:​1-5.

  2. 2. Lefatshe le ke ke la fediswa.​—Pes. 104:5; Moek. 1:4.

  3. 3. Lefatshe le ke ke la hlola le silafatswa le maemo a lehodimo a tla laoleha mme lefatshe e tla ba paradeise.​—Esa. 35:​1, 2; Tshen. 11:18.

  4. 4. Batho bohle ba tla phela hantle.​—Esa. 33:​24; 35:​5, 6.

  5. 5. O ka phela ka ho sa feleng lefatsheng.​—Pes. 37:​29; Mat. 5:5.

 LELAPA

  1. 6. Monna “o lokela ho rata mosadi wa hae jwalo ka ha a ithata.”​—Baef. 5:​33; Bakol. 3:19.

  2. 7. Mosadi “o lokela ho hlompha monna wa hae haholo.”​—Baef. 5:​33; Bakol. 3:18.

  3. 8. “Monna le mosadi ba lokela ho tshepahallana.”​—Mal. 2:​16; Mat. 19:​4-6, 9; Baheb. 13:4.

  4. 9. Bana ba hlomphang le ho mamela batswadi ba bona ba tla atleha.​—Diprov. 1:​8, 9; Baef. 6:​1-3.

NASA, ESA and the Hubble Heritage Team (STScI/AURA)-ESA/Hubble Collaboration. Licensed under CC BY 4.0. Source.

 MODIMO

  1. 10. Modimo o na le lebitso.​—Pes. 83:​18; Jer. 10:10.

  2. 11. Modimo o re file Bibele.​—2 Tim. 3:​16, 17; 2 Pet. 1:​20, 21.

  3. 12. “Modimo ha a leeme.”​—Deut. 10:​17; Dik. 10:​34, 35.

  4. 13. Modimo o batla ho re thusa.​—Pes. 46:1; 145:​18, 19.

 THAPELO

  1. 14. Modimo o batla hore re mo rapele.​—Pes. 62:8; 65:2; 1 Pet. 5:7.

  2. 15. Bibele e re ruta ho rapela.​—Mat. 6:​7-13; Luka 11:​1-4.

  3. 16. Re lokela ho dula re rapela.​—Mat. 7:​7, 8; 1 Bathes. 5:17.

 JESU

  1. 17.  Jesu e ne e le mosuwe ya ipabolang mme dikeletso tsa hae di ntse di sebetsa le kajeno.​—Mat. 6:​14, 15, 34; 7:12.

  2. 18. Jesu o ile a bolela esale pele dintho tseo re bonang di etsahala mehleng ena.​—Mat. 24:​3, 7, 8, 14; Luka 21:​10, 11.

  3. 19. Jesu ke Mora wa Modimo.​—Mat. 16:​16; Joh. 3:​16; 1 Joh. 4:15.

  4. 20. Jesu ha se Modimo ya Matla Ohle.​—Joh. 14:​28; 1 Bakor. 11:3.

Based on NASA/Visible Earth imagery

 MMUSO WA MODIMO

  1. 21. Mmuso wa Modimo ke puso e busang e le lehodimong.​—Dan. 2:​44; 7:​13, 14; Mat. 6:​9, 10; Tshen. 11:15.

  2. 22. Mmuso wa Modimo o tla nkela mebuso ya batho sebaka.​—Pes. 2:​7-9; Dan. 2:44.

  3. 23. Mmuso wa Modimo ke wona feela o tla fedisa mathata a batho.​—Pes. 37:​10, 11; 46:9; Esa. 65:​21-23.

 MATHATA

  1. 24. Modimo ha a re bakele mathata.​—Deut. 32:4; Jak. 1:13.

  2. 25. Lefatshe le buswa ke Satane.​—Luka 4:​5, 6; 1 Joh. 5:19.

  3. 26. Modimo o a bona ha o ena le mathata mme o batla ho o thusa.​—Pes. 34:​17-19; Esa. 41:​10, 13.

  4. 27. Haufinyane Modimo o tla fedisa mathata a rona.​—Esa. 65:​17; Tshen. 21:​3, 4.

 LEFU

  1. 28. Bafu ha ba tsebe letho ho hang ebile ha ba utlwe bohloko.​—Moek. 9:5; Joh. 11:​11-14.

  2. 29. Bafu ba ke ke ba re thusa kapa ba re ntsha kotsi.​—Pes. 146:4; Moek. 9:​6, 10.

  3. 30. Baratuwa ba rona ba hlokahetseng ba tla tsoswa.​—Jobo 14:​13-15; Joh. 5:​28, 29; Dik. 24:15.

  4. 31. Modimo “o tla fedisa lefu ka ho sa feleng.”​—Tshen. 21:​3, 4; Esa. 25:8.

 BODUMEDI

  1. 32. Ha se madumedi ohle a etsang thato ya Modimo.​—Jer. 7:​11; Mat. 7:​13, 14, 21-23.

  2. 33. Modimo o hloile baikaketsi.​—Esa. 29:​13; Mik. 3:​11; Mar. 7:​6-8.

  3. 34. Bakreste ba nnete ba tsebahala ka ho bontshana lerato.​—Mik. 4:3; Joh. 13:​34, 35.