Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTLHA TSA C

U ka Sebelisa Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Joang ha u Ruta Batho Bibele?

U ka Sebelisa Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Joang ha u Ruta Batho Bibele?

Bara ba bo rona ba ile ba rapela ka matla ’me ka hloko ba nahanisisa ka hore na ke lintlha life tse lokelang ho kenyeletsoa bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! E le hore u rue molemo ha u ruta batho Bibele ka buka ena, sebelisa likeletso tse latelang.

Pele u ithuta le motho

  1. 1. Lokisetsa hantle. Ha u ntse u lokisetsa, nahana ka lintho tseo a lokelang ho etsa liphetoho ho tsona, maemo a hae le lintho tseo a li lumelang. Leka ho nahana ka lintho tseo a ka ’nang a thatafalloa ke ho li utloisisa kapa ho li sebelisa bophelong ba hae. Hlahloba lintlha tse hlahang tlas’a karolo ea “Batla” ho bona hore na li ka mo thusa joang ’me u lule u itokiselitse ho li sebelisa ha ho hlokahala ha le ntse le ithuta.

Ha le ntse le ithuta

  1. 2. Qala u be u koale thuto ka thapelo haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a lumela.

  2. 3. U se ke oa bua haholo. Bua feela ka lintlha tse fanoeng khaolong ka ’ngoe ’me u mo lumelle hore a itlhalose.

  3. 4. Ha le qala sehlooho se secha, bala selelekela le ho bua ka lintlha tseo le tl’o ithuta tsona sehloohong seo.

  4. 5. Qetellong ea khaolo, sebelisa karolo ea “Re Ithutile’ng?” ho thusa motho eo u ithutang le eena ho hopola lintho tseo a ithutileng tsona.

  5. 6. Ha le ntse le ithuta, etsang lintho tse latelang:

    1. Balang lirapa.

    2. Balang mangolo ’ohle a ngotsoeng “Bala.”

    3. Balang mangolo a mang a hlahang serapeng haeba ho hlokahala.

    4. Shebellang livideo tsohle tse ngotsoeng “Bapala” (haeba li fumaneha).

    5. Mo botse lipotso tsohle.

    6. Mo kope hore a hlalose setšoantšo se hlahang tlas’a karolo ea “Ithute Lintlha Tse Ling.”

    7. Sebelisa karolo ea “Seo U ka se Etsang” ho mo thusa hore a ipehele lintho tseo a batlang ho li finyella le ho bona hore na oa atleha. Mo khothaletse ho finyella ntlha e hlahang karolong ea Seo u ka se Etsang kapa hore a ipehele ntho e ’ngoe eo a batlang ho e finyella kapa a li etse ka bobeli.

    8. Botsa motho eo u ithutang Bibele le eena hore na o thabetse ho bala sehlooho sefe kapa ho shebella video efe e hlahang tlas’a karolo ea “Batla” ha a ntse a lokisetsa khaolo eo.

    9. Lekang ho bala khaolo kaofela thutong ka ’ngoe.

Ha le qeta ho ithuta

  1. 7. Lula u nahana ka motho eo u ithutang Bibele le eena. Rapela Jehova hore a mo hlohonolofatse ha a ntse a leka ho sebelisa lintho tseo a ithutang tsona le hore a u fe bohlale e le hore u ka khona ho mo thusa.