Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTLHA TSA C

O ka Sebedisa Buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Jwang ha o Ruta Batho Bibele?

O ka Sebedisa Buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Jwang ha o Ruta Batho Bibele?

Bara ba bo rona ba ile ba rapela ka matla mme ka hloko ba nahanisisa ka hore na ke dintlha dife tse lokelang ho kenyeletswa bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! E le hore o rue molemo ha o ruta batho Bibele ka buka ena, sebedisa dikeletso tse latelang.

Pele o ithuta le motho

  1. 1. Lokisetsa hantle. Ha o ntse o lokisetsa, nahana ka dintho tseo a lokelang ho etsa diphetoho ho tsona, maemo a hae le dintho tseo a di dumelang. Leka ho nahana ka dintho tseo a ka nnang a thatafallwa ke ho di utlwisisa kapa ho di sebedisa bophelong ba hae. Hlahloba dintlha tse hlahang tlasa karolo ya “Batla” ho bona hore na di ka mo thusa jwang mme o dule o itokiseditse ho di sebedisa ha ho hlokahala ha le ntse le ithuta.

Ha le ntse le ithuta

  1. 2. Qala o be o kwale thuto ka thapelo haeba motho eo o ithutang Bibele le yena a dumela.

  2. 3. O se ke wa bua haholo. Bua feela ka dintlha tse fanweng kgaolong ka nngwe mme o mo dumelle hore a itlhalose.

  3. 4. Ha le qala sehlooho se setjha, bala selelekela le ho bua ka dintlha tseo le tlo ithuta tsona sehloohong seo.

  4. 5. Qetellong ya kgaolo, sebedisa karolo ya “Re Ithutileng?” ho thusa motho eo o ithutang le yena ho hopola dintho tseo a ithutileng tsona.

  5. 6. Ha le ntse le ithuta, etsang dintho tse latelang:

    1. Balang dirapa.

    2. Balang mangolo ohle a ngotsweng “Bala.”

    3. Balang mangolo a mang a hlahang serapeng haeba ho hlokahala.

    4. Shebellang divideo tsohle tse ngotsweng “Bapala” (haeba di fumaneha).

    5. Mo botse dipotso tsohle.

    6. Mo kope hore a hlalose setshwantsho se hlahang tlasa karolo ya “Ithute Dintlha Tse Ding.”

    7. Sebedisa karolo ya “Seo o ka se Etsang” ho mo thusa hore a ipehele dintho tseo a batlang ho di finyella le ho bona hore na o a atleha. Mo kgothaletse ho finyella ntlha e hlahang karolong ya Seo o ka se Etsang kapa hore a ipehele ntho e nngwe eo a batlang ho e finyella kapa a di etse ka bobedi.

    8. Botsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore na o thabetse ho bala sehlooho sefe kapa ho shebella video efe e hlahang tlasa karolo ya “Batla” ha a ntse a lokisetsa kgaolo eo.

    9. Lekang ho bala kgaolo kaofela thutong ka nngwe.

Ha le qeta ho ithuta

  1. 7. Dula o nahana ka motho eo o ithutang Bibele le yena. Rapela Jehova hore a mo hlohonolofatse ha a ntse a leka ho sebedisa dintho tseo a ithutang tsona le hore a o fe bohlale e le hore o ka kgona ho mo thusa.