Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ditaba Tse Amang ba Tlileng Kopanong

Ditaba Tse Amang ba Tlileng Kopanong

BAHLOKOMEDI Mosebetsi wa bahlokomedi ke ho re thusa. Ka kopo sebedisanang le bona hantle, le ba mamele tabeng ya ho beheletsa ditulo, ha ba le tataisa hore na le pake dikoloi jwang, ha ba laola sephethephethe le tse ding.

KOLOBETSO Ditulo tse boloketsweng ba yang kolobetsong di tla ba ka pela sethala ntle le haeba ho ka ba le diphetoho. Ba yang kolobetsong ba lokela ho dula sebakeng seo ba se lokiseditsweng pele puo ya kolobetso e qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong o lokela ho tla le thaole le diaparo tse hlomphehang tseo a tla kena metsing ka tsona.

MENEHELO Ho lefilwe tjhelete e ngata haholo ho lokisetsa hore ho be le ditulo tse lekaneng, tsamaiso ya modumo, thepa ya ho bapala divideo le ditshebeletso tse ding tse ngata tse etsang hore re thabele kopano le hore re atamele haholwanyane ho Jehova. Monehelo wa hao wa boithatelo o thusa ho lefella ditshenyehelo tsena esita le ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle. E le ho o nolofalletsa dintho, mabokose a monehelo a ngotsweng ka ho hlaka a fumaneha hohle sebakeng sena sa kopano. O ka boela wa ntsha monehelo Inthaneteng ho donate.pr418.com. Menehelo yohle e ananelwa haholo. Sehlopha se Busang se lakatsa ho o leboha ka hore ebe o tshehetsa mesebetsi e amanang le Mmuso ka seatla se bulehileng.

FIRST AID Ka kopo hopola hore lefapha lena le fana ka thuso maemong a tshohanyetso feela.

LOST AND FOUND Dintho tsohle tse thotsweng di lokela ho iswa Lefapheng la Lost and Found. Haeba o lahlehetswe ke ntho le ha e le efe, eya lefapheng lena mme o shebe dintho tsa hao. Bana ba lahlehileng ba lokela ho iswa lefapheng lena. Le ha ho le jwalo, lefapha lena ha le a lokela ho nkwa e le la ho hlokomela bana. Ka kopo hlokomela bana ba hao mme o dule o ena le bona.

DITULO Ka kopo nahanela ba bang. Hopola hore batho bao o tsamayang le bona ka koloi kapa beng ka wena ba haufi kapa bao o ntseng o ithuta Bibele le bona, ke bona feela bao o ka ba behelang ditulo. Re kopa hore o se ke wa beha letho ditulong tse haufi le wena.

BAITHAOPI Haeba o lakatsa ho ithaopela ho thusa ka mosebetsi wa kopano, re kopa hore o itlalehe Lefapheng la Tshebeletso ya Boithaopo.

E hlophisitswe ke Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova

© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania