Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa

Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa

Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa

“’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—MATHEU 6:10.

1. Ho tla ha ’Muso oa Molimo ho tla bolela eng?

HA Jesu a ne a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ’Muso oa Molimo, o ne a tseba hore ho tla ha oona ho ne ho tla felisa ho ipusa ha motho ntle ho Molimo ho nkileng lilemo tse likete. Nakong eo eohle, thato ea Molimo e ne e sa etsoe lefatšeng ka kakaretso. (Pesaleme ea 147:19, 20) Empa ha ’Muso o se o hlomiloe leholimong, thato ea Molimo e tla etsoa hohle. Nako ea phetoho e hlollang ea ho tsoa pusong ea batho le ho kena pusong ea ’Muso oa Molimo oa leholimo, e atamela haholo.

2. Phetoho ea ho tsoa pusong ea batho le ho kena pusong ea ’Muso e tla tšoauoa ka eng?

2 Phetoho ena e tla tšoauoa ka nako eo Jesu a ileng a e bitsa “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Bibele ha e bolele hore na nako eo e tla ba telele hakae, empa litlokotsi tse tla etsahala ka eona li tla ba mpe ho feta eng kapa eng eo lefatše le kileng la e bona. Qalong ea matšoenyeho a maholo, ho tla etsahala ntho e tla tšosa batho ba bangata lefatšeng: ho timetsoa ha bolumeli bohle ba bohata. Hoo ho ke ke ha tšosa Lipaki tsa Jehova, hobane ke khale li ho lebeletse. (Tšenolo 17:1, 15-17; 18:1-24) Matšoenyeho a maholo a fela ka Armagedone ha ’Muso oa Molimo o silakanya tsamaiso eohle ea Bosatane.—Daniele 2:44; Tšenolo 16:14, 16.

3. Jeremia o hlalosa joang qetello ea ba sa mameleng?

3 See se tla bolela’ng ho batho “ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo” tsa ’Muso oa hae oa leholimo o matsohong a Kreste? (2 Bathesalonika 1:6-9) Boprofeta ba Bibele boa re bolella: “Bonang, bobe bo ea tsoa sechabeng se seng, bo ee sechabeng se seng, lerōle le tšabehang le ea tsoha likhutlelong tsa lefatše. Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe; e tla ba moiteli holim’a lefatše.”—Jeremia 25:32, 33.

Qetello ea Bokhopo

4. Ke hobane’ng ha ho loketse hore Jehova a felise tsamaiso ee e khopo?

4 Jehova Molimo o mameletse bokhopo ka lilemo tse likete, e leng nako e telele ka ho lekaneng hore batho ba nang le lipelo tse lokileng ba bone hore puso ea motho ke tlokotsi. Ka mohlala, mohloli o mong oa boitsebiso o bolela hore lekholong la bo20 la lilemo feela, batho ba fetang limilione tse 150 ba ile ba bolaoa lintoeng, liphetohelong tsa mebuso le merusung e meng ea sechaba. Bokhopo ba motho bo ile ba bonahala haholo Ntoeng ea II ea Lefatše, ha batho ba ka bang limilione tse 50 ba ne ba bolaoa, ba bangata ba bona ba shoa ka sehlōhō likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Hantle feela joalokaha Bibele e boletse esale pele, mehleng ea rōna ‘batho ba khopo le baikhakanyi ba tsoetse pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.’ (2 Timothea 3:1-5, 13) Kajeno, boitšoaro bo bobe, bokebekoa, pefo, bobolu le ho nyelisa melao ea Molimo ke kobo-anela. Kahoo, ho loketse ka ho feletseng hore Jehova a felise tsamaiso ena e khopo.

5, 6. Hlalosa bokhopo bo neng bo le Kanana ea boholo-holo.

5 Boemo ba hona joale bo tšoana hantle le ba Kanana lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bibele e re: “Manyala ’ohle ao Jehova a a hloileng, ba lichaba tseo ba a etselitse melimo ea bona; esita le bara ba bona le barali ba bona, ba ne ba ba chesetsa melimo ea bona.” (Deuteronoma 12:31) Jehova o ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Ke ka baka la bokhopo ba lichaba tseo Jehova, Molimo oa hao, a tlang ho li falatsa pel’a hao.” (Deuteronoma 9:5) Rahistori oa Bibele Henry H. Halley o ile a hlokomela se latelang: “Borapeli ba Baale, Ashtarothe le melimo e meng ea Bakanana bo ne bo akarelletsa meketjana e lerata e etsoang ka chelete e ngata haholo; litempele tsa bona e ne e le litsi tsa bobe.”

6 Halley o bontšitse kamoo bokhopo ba bona bo neng bo feteletse kateng, hobane ho se seng sa libaka tse ngata tse joalo, baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale “ba ile ba fumana lipitsa tse ngata tse nang le mesaletsa ea bana ba neng ba entsoe sehlabelo sa Baale.” O itse: “Sebaka seo kaofela se ile sa bonahala e le setša sa mabitla a masea a neng a sa tsoa belehoa. . . . Bakanana ba ne ba rapela ka liketso tse feteletseng tsa boitšoaro bo bobe, e le tšebeletso ea bolumeli ka pel’a melimo ea bona; ebe ka mor’a moo, ba bolaea bana ba bona ba matsibolo e le sehlabelo se etsetsoang melimo eona ena. Ho bonahala eka naha ea Kanana e ne e fetohile haholo ntho e kang Sodoma le Gomora sechabeng kaofela. . . . Na tsoelo-pele e nyonyehang hakaalo le e sehlōhō hakaalo e ne e e-na le tokelo ea ho tsoela pele e le teng? . . . Baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba epang masuping a metse ea Kanana baa makala hore ebe Molimo ha aa ka a ba timetsa kapele ho feta kamoo a ileng a etsa kateng.”

Ho Rua Lefatše

7, 8. Molimo o tla hloekisa lefatše lee joang?

7 Feela joalokaha Molimo a ile a hloekisa Kanana, o tla tloha a hloekisa lefatše lena kaofela ebe o le fa ba etsang thato ea hae. “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.” (Liproverbia 2:21, 22) Mopesaleme eena o re: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” (Pesaleme ea 37:10, 11) E mong ea tla tlosoa ke Satane, e le hore ‘a se ke a hlola a khelosa lichaba ho fihlela lilemo tse sekete li felile.’ (Tšenolo 20:1-3) E, “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

8 Ha a akaretsa tšepo ena e hlollang bakeng sa ba batlang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, Jesu o itse: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) Ho bonahala hore o ne a bua ka Pesaleme ea 37:29, e ileng ea bolela esale pele hore “ba lokileng ba tla [“rua,” NW] lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” Jesu o ne a tseba hore morero oa Jehova ke hore ho be le batho ba lipelo li lokileng ba phelang ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Jehova o re: “Ke ’na ea entseng lefatše, le batho, le liphoofolo tse bophareng ba lefatše, ka matla a maholo a ka . . . , ’me ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona.”—Jeremia 27:5.

Lefatše le Lecha le Babatsehang

9. ’Muso oa Molimo o tla tlisa lefatše la mofuta ofe?

9 Ka mor’a Armagedone, ’Muso oa Molimo o tla tlisa “lefatše le lecha” le babatsehang leo “ho loka ho tla aha” ho lona. (2 Petrose 3:13) Baphonyohi ba Armagedone ba tla imoloha hakaakang ha ho felisoa tsamaiso ee ea lintho e khopo le e hatellang! Ba tla nyakalla hakaakang ha ba kene lefatšeng le lecha la ho loka le tlas’a puso ea ’Muso oa leholimo, ba lebeletse litlhohonolofatso tse babatsehang le bophelo bo sa feleng!—Tšenolo 7:9-17.

10. Ke lintho life tse mpe tse ke keng tsa hlola li e-ba teng pusong ea ’Muso?

10 Batho ha ba sa tla hlola ba tšosoa ke ntoa, bokebekoa, tlala, le tsona liphoofolo tse jang tse ling. “Ke tla . . . etsetsa [batho ba ka] selekane sa khotso, ke etse hore libatana li hlokahale lefatšeng . . . Sefate se naheng se tla beha litholoana tsa sona, lefatše le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ea bona.” ‘Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.’—Ezekiele 34:25-28; Mikea 4:3, 4.

11. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore batho ha ba sa tla hlola ba kula?

11 Ho kula, masoabi le lona lefu li tla be li felisitsoe. “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.” (Esaia 33:24, NW) “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile. . . . ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’” (Tšenolo 21:4, 5) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša bokhoni ba hae ba ho etsa lintho tseo ka matla ao Molimo a neng a mo file ’ona. Kaha Jesu o ne a tšehelitsoe ke moea o halalelang, o ile a haola le naha a phekola ba holofetseng le ho folisa ba kulang.—Matheu 15:30, 31.

12. Ho na le tšepo efe bakeng sa bafu?

12 Jesu o bile a etsa lintho tse khōloanyane ho feta moo. O ile a tsosa bafu. Batho ba baikokobetsi ba ile ba itšoara joang? Ha a tsosa ngoanana ea lilemo li 12, batsoali ba hae ba ile ba “hlōloa ke boikutlo bo matla ba nyakallo.” (Mareka 5:42) Sena e ne e le bopaki bo bong ba seo Jesu a tla se etsa lefatšeng ka bophara pusong ea ’Muso, hobane ka nako eo “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Nahana feela ka thabo e khōlō e tla ba teng ha likhethe-khethe tsa bafu li ntse li tsoha ’me li kopanngoa hape le baratuoa ba tsona! Ha ho pelaelo hore ho tla ba le mosebetsi o moholo oa ho ruta o tla laoloa ke ’Muso e le hore ‘lefatše le tlale tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.’—Esaia 11:9.

Bobusi ba Jehova bo Tlosoa Qoso

13. Ho tla bontšoa joang hore Molimo o na le tokelo ea ho busa?

13 Qetellong ea puso ea ’Muso ea lilemo tse sekete, batho ba tla be ba boetse ba khutliselitsoe boemong ba ho phethahala kelellong le ’meleng. Lefatše e tla ba serapa se akaretsang sa Edene, e be paradeise. Ho tla be ho finyeletsoe khotso, thabo, tšireletseho le mokhatlo o lerato oa batho. Bophelong bohle ba batho pele ho puso ea ’Muso ho tla be ho se mohla ho kileng ha bonoa ntho e kang ena. Kahoo, ho tla be ho bontšitsoe phapang e kaakang pakeng tsa puso e fetileng ea masetla-pelo ea batho ea lilemo tse likete le puso e babatsehang ea ’Muso oa Molimo oa leholimo ea lilemo tse sekete! Ho tla be ho bontšitsoe hore puso ea Molimo ka ’Muso oa hae e phahame ka ho phethahetseng ka litsela tsohle. Tokelo ea Molimo ea ho busa, bobusi ba hae, e tla be e tlositsoe qoso ka ho feletseng.

14. Ho tla etsahala’ng ka bafetoheli qetellong ea lilemo tse sekete?

14 Qetellong ea lilemo tse sekete, Jehova o tla lumella batho ba phethahetseng hore ba ikhethele hore na ba batla ho sebeletsa mang. Bibele e bontša hore “Satane o tla lokolloa hore a tsoe chankaneng ea hae.” O tla leka ho khelosa batho hape, ’me ba bang ba tla khetha ho ipusa ntle ho Molimo. E le ha Jehova a thibela hore ‘mahlomola a se ke a tsoha ka lekhetlo la bobeli,’ o tla felisa Satane, bademona ba hae le bohle ba fetohelang bobusi ba Jehova. Ha ho ea ka hanyetsang ka hore batho ba timetsoang ka ho sa feleng ka nako eo, ba ne ba sa fumana monyetla kapa ka hore tsela ea bona e fosahetseng e ne e bakoa ke ho se phethahale. Che, ba tla be ba tšoana le Adama le Eva ba phethahetseng, ba ileng ba khetha ka boomo ho fetohela puso e lokileng ea Jehova.—Tšenolo 20:7-10; Nahume 1:9NW.

15. Ba tšepahalang ba tla ba le kamano efe le Jehova?

15 Ka lehlakoreng le leng, hoa bonahala hore batho ba bangata ba tla khetha ho tšehetsa bobusi ba Jehova. Ha ho se ho timelitsoe mofetoheli e mong le e mong, ba lokileng ba tla ema ka pel’a Jehova, ba fetile teko ea ho qetela ka botšepehi. Jehova o tla amohela bana ba tšepahalang e le bara le barali ba hae. Ka hona ba khutlela kamanong eo Adama le Eva ba neng ba e-na le eona le Molimo pele e e-ba bafetoheli. Kahoo, ho tla phethahatsoa Baroma 8:21, e reng: “Pōpo ka boeona [ke hore, batho] le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” Moprofeta Esaia o bolela esale pele, o re: “[Molimo] o tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng

16. Ke hobane’ng ha ho loketse ho lebella moputso oa bophelo bo sa feleng?

16 Ba tšepahalang ba lebeletse ntho e babatsehang hakaakang, ho tseba hore Molimo o tla ba tšollela ka ho sa feleng khahla-khahla ea melemo ea moea le ea lintho tse bonahalang! Mopesaleme o ile a opa khomo lenaka: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso [e loketseng] ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pesaleme ea 145:16, NW) Jehova o khothalletsa ba sehlopha se tla phela lefatšeng hore ba etse tšepo ena ea ho phela Paradeiseng karolo ea tumelo ea bona ho eena. Leha tseko ea bobusi ba Jehova e le ea bohlokoa haholoanyane, ha a kōpe batho hore ba mo sebeletse ba sa lebella moputso. Hohle ka Bibeleng, ho tšepahala ho Molimo le tšepo ea bophelo bo sa feleng ke likarolo tsa bohlokoa tse sa arohaneng tsa tumelo ea Mokreste ho Molimo. “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.

17. Jesu o ile a bontša joang hore ho ne ho loketse hore re matlafatsoe ke tšepo ea rōna?

17 Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Mona o kopantse ho tseba Molimo le merero ea hae le moputso ea hona. Ha re etsa mohlala, ha mofosi e mong a ne a kōpa hore Jesu a mo hopole ha a kena ’Musong oa hae, Jesu o ile a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) Ha aa ka a bolella monna eo hore a be le tumelo le haeba a ne a ke ke a fumana moputso. O ne a tseba hore Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba be le tšepo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng e le hore e ka ba matlafatsa ha ba ntse ba thulana le liteko tse sa tšoaneng lefatšeng lena. Kahoo, ho lebella moputso ka thabo ke thuso ea bohlokoa ea ho mamella u le Mokreste.

Bokamoso ba ’Muso

18, 19. Ho tla etsahala eng ka Morena le ’Muso qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete?

18 Kaha ’Muso e ne e le puso e thusang feela eo Jehova a neng a e sebelisa hore lefatše le batho ba ahileng ho lona ba phethahale le ho boelana le eena, Morena Jesu Kreste le marena le baprista ba 144 000 ba tla ba le karolo efe ka mor’a Puso ea Lilemo tse Sekete? “Ka mor’a moo, bofelo, ha a nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntate oa hae, ha a entse puso eohle le tokelo eohle ea ho laela le matla lefeela. Kaha o lokela ho busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto a hae.”—1 Bakorinthe 15:24, 25.

19 Ha Kreste a fana ka ’Muso ho Molimo, mangolo a bolelang hore ’Muso oo e tla ba oa ka ho sa feleng a lokela ho utloisisoa joang? Seo ’Muso ona o tla se finyella e tla ba sa ka ho sa feleng. Kreste o tla tlotloa ka ho sa feleng ka lebaka la karolo ea hae ho sebeletseng ho tlosa bobusi ba Molimo qoso. Empa kaha ka nako eo sebe le lefu li tla be li tlositsoe ka ho sa feleng, le batho ba se ba lopolotsoe, sena se etsa hore a se ke a hlola a hlokahala e le Molopolli. Puso ea Lilemo tse Sekete ea ’Muso le eona e tla be e finyeletse morero oa eona ka botlalo; ka hona ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore ho be le ’muso o thusang pakeng tsa Jehova le moloko oa batho o mamelang. Kahoo, “Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakorinthe 15:28.

20. Re ka fumana joang hore na bokamoso bo tšoaretse Kreste le ba 144 000 eng?

20 Kreste le babusi-’moho le eena ba tla be ba sebetsa eng nakong e tlang ha Puso ea Lilemo tse Sekete e se e felile? Bibele ha e bolele. Empa, re ka kholiseha hore Jehova o tla ba fa litokelo tse ling tse eketsehileng tsa tšebeletso pōpong eohle ea hae. E se eka kajeno bohle re ka tšehetsa bobusi ba Jehova eaba re fuoa bophelo bo sa feleng, e le hore re be teng nakong e tlang ’me re tle re tsebe hore na Jehova o rerile eng bakeng sa Morena le bo-mphato ba hae ba marena le baprista, esita le bakeng sa bokahohle bohle ba hae bo tsotehang!

Lintlha Tsa Tlhahlobo

• Re atamela phetohong efe ea puso?

• Molimo o tla ahlola ba khopo le ba lokileng joang?

• Ke maemo afe a tla ba teng lefatšeng le lecha?

• Bobusi ba Jehova bo tla tlosoa qoso joang ka ho feletseng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

“Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang”

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ba tšepahalang ba tla khutlela kamanong e loketseng le Jehova