Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebetsa ‘Tšimong’—Pele ho Kotulo

Ho Sebetsa ‘Tšimong’—Pele ho Kotulo

Ho Sebetsa ‘Tšimong’—Pele ho Kotulo

BARUTUOA ba Mosuoe e Moholo ba ne ba maketse. Jesu o ne a sa tsoa pheta pale e khutšoanyane ea koro le mofoka. E ne e le e ’ngoe ea lipapiso tse ngata tseo a neng a li entse letsatsing leo. Ha a qeta, bamameli ba bangata ba hae ba ile ba tsamaea. Empa balateli ba hae ba ne ba tseba hore e tlameha ebe lipapiso tsena tsa hae li bolela ho hong ho khethehileng—haholo-holo ena ea koro le mofoka. Ba ne ba tseba hore Jesu hase feela kheleke ea lipale.

Matheu o tlaleha hore ba ile ba kōpa, ba re: “Re hlalosetse papiso ea mofoka tšimong.” Jesu o ile a araba ka ho hlalosa papiso ena, a bolela esale pele ka bokoenehi bo boholo bo neng bo tla hlaha har’a ba ipolelang hore ke barutuoa ba hae. (Matheu 13:24-30, 36-38, 43) Bo ile ba fela ba hlaha, ’me ba saballa ka potlako ka mor’a lefu la moapostola Johanne. (Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:6-12) Liphello tsa bona li ile tsa ata hoo potso ena eo Jesu a ileng a e botsa, joalokaha e tlalehiloe ho Luka 18:8, e ileng ea bonahala e loketse hantle haholo: “Ha Mora oa motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?”

Ho fihla ha Jesu ho ne ho tla tšoaea ho qaleha ha nako ea hore ‘ho kotuloe’ Bakreste ba kang koro. Seo se ne se tla tšoaea “qetello ea tsamaiso ea lintho,” e qalileng ka 1914. Ka hona ha hoa lokela ho re makatsa hore ba bang ba ile ba qala ho thahasella ’nete ea Bibele nakong eo e isang qalong ea kotulo.—Matheu 13:39.

Tlhahlobo ea litlaleho tsa histori e hlakisa hore haholo-holo ho tloha lekholong la bo15 la lilemo, likelello tsa batho li ne li sebetsa ka thata, esita le har’a matšoele a Bokreste-’mōtoana a neng a tšoana le “mofoka,” kapa Bakreste ka lebitso. Kaha Libibele li ne li fumaneha ka bolokolohi ’me ho etsoa libuka tse thathamisang mantsoe a Bibele ka alfabeta, batho ba lipelo li tšepahalang ba ile ba qala ho fuputsa ka hloko ka Mangolong.

Leseli Lea Khanya

Qalong ea lekholo la bo19 la lilemo, e mong oa banna bao e ne e le Henry Grew (1781-1862), oa Birmingham, Engelane. Ha a le lilemo li 13, eena le lelapa labo ba ile ba tšela Leoatle la Atlantic ho ea United States, ba fihla ka la 8 July, 1795. Ba ile ba lula Providence, Sehlekehlekeng sa Rhode. Batsoali ba hae ba ile ba tebisa lerato la Bibele ho eena. Ka 1807, ha a le lilemo li 25, Grew o ile a mengoa hore a sebeletse e le moruti oa Kereke ea Baptiste e Hartford, Connecticut.

O ne a nka boikarabelo ba hae ba ho ruta ka ho teba ’me a leka ho thusa ba kalosong ea hae hore ba phele tumellanong le Mangolo. Leha ho le joalo, o ne a lumela hore ka phuthehong ha hoa lokela hore ho be le motho leha e le ofe ea etsang sebe ka boomo. Ka linako tse ling eena le banna ba bang ba ikarabellang ka kerekeng, ba ne ba tlameha ho leleka (ho khaola) ba entseng bohlola kapa mekhoa e meng e sa hloekang.

Ho ne ho e-na le mathata a mang ka kerekeng a neng a mo tšoenya. Ho ne ho e-na le banna bao e neng e se litho tsa kereke ba neng ba sebetsa litaba tsa kereke ebile e le bona ba bintšang nakong ea litšebeletso. Banna bana ba ne ba bile ba ka vouta litabeng tse amang phutheho ’me kahoo ba e-na le taolo e itseng litabeng tsa eona. Grew o ne a lumela ka matla hore e le hore ho ikaroloe lefatšeng, mesebetsi e joalo e ne e lokela ho etsoa feela ke banna ba tšepahalang. (2 Bakorinthe 6:14-18; Jakobo 1:27) Ponong ea hae, e ne e le nyeliso hore batho ba sa lumelang ba bine lipina tse rorisang Molimo. Ka lebaka la boemo bona, ka 1811, kereke e ile ea lahla Henry Grew. Litho tse ling tse neng li e-na le pono e tšoanang le ea hae li ile tsa ikarola kerekeng ka nako eona eo.

Ho Ikarola ho Bokreste-’mōtoana

Sehlopha sena, ho akarelletsa le Henry Grew, se ile sa qala ho ithuta Bibele ka sepheo sa hore bophelo ba sona le liketso tsa sona li lumellane le keletso ea eona. Kapele feela ho ithuta ha sona ho ile ha hōlisa kutloisiso ea sona ea ’nete ea Bibele ’me ha se susumelletsa ho pepesa liphoso tsa Bokreste-’mōtoana. Ka mohlala, ka 1824, Grew o ile a ngola mabaka a utloahalang a hanyetsang thuto ea Boraro-bo-bong. Hlokomela mabaka a utloahalang a karolong ena ea seo a neng a se ngotse: “‘Mabapi le letsatsi leo, le hora eo ha ho motho ea tsebang, esita le mangeloi a leholimong, le eena Mora, empa ho tseba NTATE.’ [Mareka 13:32] Hlokomela maemo a sa tšoaneng ka ho totobetseng a batho bana. Motho, Mangeloi, Mora, Ntate. . . . Morena oa rōna o re ruta hore ke Ntate feela ea neng a tseba ka letsatsi leo. Empa sena e ke ke ea e-ba ’nete, haeba, ho latela monahano oa ba bang, Ntate, Lentsoe le Moea o Halalelang e le batho ba bararo ho Molimo a le mong; hobane, ho latela [thuto ena ea Boraro-bo-bong,] . . . Mora o ne a e-na le tsebo e lekanang le ea Ntate.”

Grew o ile a pepesa boikaketsi ba baruti le balaoli ba sesole ba neng ba etsa eka ba sebeletsa Kreste. Ka 1828 o ile a re: “Na re ka nahana ka ho ikhanyetsa ho fetang hore Mokreste a tsoe ka phaposing ea hae, moo a neng a ntse a rapella lira tsa hae, ebe o laela mabotho a hae hore ka bohale bo tukang a tobise lihlomo tsa lefu lipelong tsa lira tsona tseo? Ketsahalong e ’ngoe, ka thabo o etsisa Monghali oa hae ea shoang; ebe joale ketsahalong e ’ngoe teng o etsisa mang? Jesu o ile a rapella babolai ba hae. Bakreste bona ba bolaea bao ba ba rapellang.”

Grew o ile a ngola ka matla a eketsehileng, a re: “Re tla lumela ea Matla ’Ohle neng ea re tiisetsang hore ‘ha a songoe?’ Ke neng moo re tla utloisisa sebōpeho le boleng tsa bolumeli boo bo halalelang bo re hlokang hore re tele ‘bobe ka hohle?’ . . . Na ha re nyefole Mora oa ea bokoang, ha re nahana hore bolumeli ba hae bo hloka hore motho a iketse lengeloi boemong bo itseng, ebe boemong bo bong teng bo mo lumella ho itšoara joaloka modemona?”

Bophelo bo sa Feleng Hase Ntho ea Tlhaho

Lilemong tseo tsa pele ho e-ba le seea-le-moea le thelevishene, tsela e neng e tloaelehile ea ho ntša maikutlo e ne e le ho ngola lipampitšana le ho li aba. Hoo e ka bang ka 1835, Grew o ile a ngola pampitšana ea bohlokoa e neng e pepesa hore thuto ea ho se shoe ha moea le ea mollo oa lihele ha li tsoe ka Mangolong. O ne a ikutloa hore lithuto tsena li nyefola Molimo.

Pampitšana ena e ne e tla ba le liphello tse khōlō haholo. Ka 1837, George Storrs ea lilemo li 40 o ile a fumana kopi ea eona tereneng. Storrs e ne e le moahi oa Lebanon, New Hampshire, ’me nakong ena o ne a lula Utica, New York.

E ne e le moruti ea hlomphuoang haholo Kerekeng ea Methodiste ea Episkopale. Ha a bala pampitšana ena, o ile a khahloa ke hore lithuto tsena tsa motheo tsa Bokreste-’mōtoana, tseo ho neng ho se mohla a kileng a li belaella, li ne li ka hanyetsoa ka matla hakaalo. O ne a sa tsebe hore na e ngotsoe ke mang, ’me bonyane o ile a ema ho fihlela lilemo hamorao ka 1844 ha a kopana le Henry Grew ha bobeli ba bona ba ne ba lula Philadelphia, Pennsylvania. Leha ho le joalo, Storrs o ile a ithuta taba ena boinotšing ka lilemo tse tharo, a e bua feela le baruti ba bang.

Qetellong, kaha ho ne ho se ea ka hanyetsang lintho tseo George Storrs a ntseng a ithuta tsona, o ile a etsa qeto ea hore o ne a tla sitoa ho tšepahala ho Molimo haeba a tsoela pele e le setho sa Kereke ea Methodiste. O ile a itokolla ho eona ka 1840 ’me a fallela Albany, New York.

Mathoasong a nako ea selemo ka 1842, Storrs o ile a fana ka letoto la lipuo tse tšeletseng ka libeke tse tšeletseng a bua ka taba e reng, “Potso—Na ba Khopo ha ba Shoe?” Batho ba ile ba e thahasella hoo a ileng a e ntlafatsa hore e phatlalatsoe, ’me lilemong tse latelang tse 40, ho ile ha tsamaisoa tse 200 000 United States le Great Britain. Storrs le Grew ba ile ba tšoarisana lipuisanong tse hanyetsang thuto ea hore moea ha o shoe. Grew o ile a tsoela pele a bolela ka cheseho ho fihlela a shoela Philadelphia ka la 8 August, 1862.

Nakoana ka mor’a hore Storrs a fane ka lipuo tse tšeletseng tse sa tsoa boleloa, o ile a thahasella thuto ea William Miller, ea neng a lebeletse hore Kreste o tla khutla a bonahala ka 1843. Ka nako e ka etsang lilemo tse peli, Storrs o ne a ikakhetse ka setotsoana ho boleleng molaetsa ona hohle United States e ka leboea-bochabela. Ka mor’a 1844, o ne a se a sa kheme le taba ea ho beha letsatsi la ho khutla ha Kreste, empa o ne a sa hane ha ba bang ba batla ho hlahlobisisa liketsahalo le linako tsa tsona. Storrs o ne a lumela hore ho khutla ha Kreste ho atametse le hore e ne e le habohlokoa hore Bakreste ba lule ba falimehile ba bile ba le seli moeeng, ba loketse letsatsi la ho hlahlojoa. Empa o ile a arohana le sehlopha sa Miller hobane se ne se amohela lithuto tseo e seng tsa Mangolo, tse kang hore moea ha o shoe, hore lefatše le tla chesoa le hore ba shoang ba sa tsebe letho ha ba na tšepo ea bophelo bo sa feleng.

Lerato la Molimo le ne le Tla Lebisa ho Eng?

Storrs o ile a khopisoa ke pono ea Masabatha ea hore Molimo o tla tsosa batho ba khopo ka morero feela oa hore a ba bolaee hape. O ne a sa bone bopaki ka Mangolong ba hore Molimo a ka etsa ketso e se nang morero le e tletseng boiphetetso joalo. Storrs le metsoalle ea hae ba ile ba nka lehlakore le leng le feteletseng ’me ba etsa qeto ea hore ba khopo ba ke ke ba tsosoa ho hang. Le hoja ba ne ba thatafalloa ke ho hlalosa mangolo a itseng a buang ka tsoho ea ba sa lokang, ho bona ho ne ho bonahala qeto ea bona e lumellana haholoanyane le lerato la Molimo. Kutloisiso e tsoelang pele ea morero oa Molimo e ne e tla hlaha haufi.

Ka 1870, Storrs o ile a kula haholo eaba o sitoa ho sebetsa ka likhoeli tse itseng. Nakong ena o ile a khona ho hlahloba hape sohle seo a neng a ithutile sona lilemong tsa hae tse 74. O ile a etsa qeto ea hore o ne a tlōtse karolo ea bohlokoa ea morero oa Molimo mabapi le moloko oa batho e bontšitsoeng selekaneng sa Abrahama—e leng hore ‘lichaba tsohle tsa lefatše li ne li tla itlhohonolofatsa kahobane Abrahama o mametse lentsoe la Molimo.’—Genese 22:18; Liketso 3:25.

Sena se ile sa mo fa maikutlo a macha. Haeba “lichaba tsohle” li ne li tla hlohonolofatsoa, na kaofela ha lia lokela ho utloa litaba tse molemo? Li ne li tla li utloa joang? Na batho ba limilione tsa limilione ba ne ba se ba sa shoa? Ha a tsoela pele ho hlahloba Mangolo, o ile a fihla qetong ea hore ho na le lihlopha tse peli tsa bafu “ba khopo”: ba neng ba entse qeto ea ho hana lerato la Molimo le ba neng ba shoele ba se na tsebo.

Storrs o ile a etsa qeto ea hore bana ba neng ba shoele ba se na tsebo ba ne ba tlameha ho tsosoa bafung hore ba fuoe monyetla oa ho rua molemo sehlabelong sa thekollo sa Kreste Jesu. Ba neng ba tla se amohela ba ne ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ba neng ba tla se hana ba ne ba tla timetsoa. E, Storrs o ne a lumela hore ha ho eo Molimo a neng a tla mo tsosa a sa mo tšepise bokamoso bo molemo. Qetellong, ha ho ea neng a tla shoa ka lebaka la sebe sa Adama haese Adama a le mong! Empa ho thoe’ng ka ba neng ba tla be ba phela ho khutleng ha Morena Jesu Kreste? Qetellong Storrs o ile a bona hore ho ne ho tla tlameha hore ho etsoe letšolo la ho bolela lefatšeng lohle e le hore ba finyelloe. O ne a se na le tlhasenyana feela ea hore na ntho e joalo e ka etsoa joang, empa ka tumelo o ile a ngola: “Empa ba bangata, ha ba sa bone tsela ea ho etsa ntho e itseng, ba e hana joalokaha eka Molimo a ke ke a khona ho e etsa hobane bona ba sa bone mokhoa.”

Ka December 1879, George Storrs o ile a shoela lapeng ha hae Brooklyn, New York, eseng hōle haholo le sebaka seo e neng e tla ba setsi sa bohlokoa sa letšolo la lefatše lohle la ho bolela leo a neng a le lebeletse ka matla.

Ho ne ho Hlokahala Leseli le Eketsehileng

Na banna ba kang Henry Grew le George Storrs ba ne ba utloisisa ’nete ka ho hlakileng joaloka rōna kajeno? Che. Ba ne ba hlokomela ntoa eo ba leng ho eona, joalokaha Storrs a ile a bolela ka 1847: “Re se ke ra lebala hore re sa tsoa tsoa mehleng ea lefifi la moea la kereke; ’me ho ke ke ha re makatsa haeba re ka iphumana re ntse re nka hore ‘lithuto tse ling tsa tumelo ea Babylona’ ke ’nete.” Ka mohlala, Grew o ne a ananela thekollo e fanoeng ke Jesu, empa o ne a sa utloisise hore ke “thekollo e lekanang,” ke hore, bophelo ba motho ea phethahetseng ba Jesu bo fanoeng bakeng sa bophelo ba motho ea phethahetseng Adama. (1 Timothea 2:6) Henry Grew ka phoso o ne a boetse a lumela hore Jesu o tla khutla ’me a buse a bonoa mona lefatšeng. Leha ho le joalo, Grew o ne a hlile a amehile ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova, e leng taba e neng e khahlile batho ba seng bakae ho tloha lekholong la bobeli la lilemo C.E.

George Storrs le eena o ne a sa utloisise ka nepo lintlha tse ling tsa bohlokoa. O ne a khona ho bona mashano a buelloang ke baruti, empa ka linako tse ling le eena o ne a fetelletsa litaba. Ka mohlala, ha Storrs a nka khato e feteletseng ka pono eo baruti ba tloaelehileng ba nang le eona ka Satane, o ile a hana maikutlo a hore Diabolose ke motho oa sebele. O ne a hana thuto ea Boraro-bo-bong; empa, ho fihlela pelenyana ho lefu la hae o ne a sa kholiseha hore na moea o halalelang ke motho kapa che. Le hoja George Storrs a ne a lebeletse hore qalong Kreste o tla khutla a sa bonahale, o ne a nahana hore qetellong o tla bonahala. Leha ho le joalo, ho bonahala hore banna bana ba babeli ba ne ba tšepahala ba bile ba tiile, ’me ba ile ba feta ba bangata ka ho atamela haufi le ’nete.

“Tšimo” eo Jesu a e hlalositseng papisong ea koro le mofoka e ne e e-s’o lokele kotulo. (Matheu 13:38) Grew, Storrs le ba bang ba ne ba sebetsa ‘tšimong’ ena ho e lokisetsa kotulo.

Charles Taze Russell, ea qalileng ho hatisa makasine ena ka 1879, o ile a ngola mabapi le lilemo tseo a qalileng ka tsona, a re: “Morena o re file bathusi ba bangata ha re ithuta lentsoe la Hae, ea hlahelletseng har’a bona ke mor’abo rōna ea ratoang haholo le ea seng a tsofetse George Storrs, ea re thusitseng haholo ka lipolelo le ka ho ngola; empa kamehla re ile ra phehella hore re se ke ra ba balateli ba batho, ho sa tsotellehe hore na ba molemo ebile ba bohlale hakae, empa re be ‘Balateli ba Molimo re le bana ba ratoang.’” E, liithuti tse tšepahalang tsa Bibele li ne li ka rua molemo boitekong ba banna ba kang Grew le Storrs, empa e ne e ntse e le habohlokoa ho hlahloba Lentsoe la Molimo, Bibele, e le oona mohloli oa sebele oa ’nete.—Johanne 17:17.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Seo Henry Grew a Neng a se Lumela

Lebitso la Jehova le rohakiloe, ’me le lokela ho halaletsoa.

Thuto ea Boraro-bo-bong, ea ho se shoe ha moea le ea mollo oa lihele ke lithuto tsa bohata.

Phutheho ea Bokreste e lokela ho aroha lefatšeng.

Bakreste ha baa lokela ho ba le karolo lintoeng tsa lichaba.

Bakreste ha ba tlas’a molao oa Sabatha ea Moqebelo kapa ea Sontaha.

Bakreste ha baa lokela ho kena mekhatlo ea sephiri, e kang ea ma-Freemason.

Ha hoa lokela hore ho be le lihlopha tsa baruti le batho feela har’a Bakreste.

Litlotla tsa bolumeli li hlaha ho bahanyetsi ba Kreste.

Liphutheho tsohle li lokela ho ba le lihlopha tsa baholo.

Baholo ba lokela ho halalela boitšoarong bohle ba bona, ho se be letho leo ba nyatsoang ka lona.

Bakreste bohle ba lokela ho bolela litaba tse molemo.

Ho tla ba le batho ba phelang ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.

Lipina tsa Bokreste e lokela ho ba lithoriso tse eang ho Jehova le Kreste.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo: Collection of The New-York Historical Society/69288

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

Seo George Storrs a Neng a se Lumela

Jesu o fane ka bophelo ba hae hore e be thekollo ea moloko oa batho.

Ho boleloa ha litaba tse molemo ha ho e-s’o etsoe (ka 1871).

Ka lebaka leo, bofelo bo ne bo ke ke ba e-ba haufi ka nako eo (ka 1871). Ho ne ho tla lokela hore ho be le nako e tlang eo ka eona ho neng ho tla etsoa mosebetsi oa boboleli.

Ho tla ba le batho ba tla rua bophelo bo sa feleng lefatšeng.

Bohle ba shoeleng ba sa tsebe letho ba tla tsoha. Ba amohelang sehlabelo sa thekollo sa Kreste ba tla amohela bophelo bo sa feleng lefatšeng. Ba se hanang ba tla timetsoa.

Thuto ea hore moea ha o shoe le ea mollo oa lihele ke tsa bohata ’me li hlompholla Molimo.

Lijo tsa Shoalane tsa Morena ke mokete oa selemo le selemo o ketekoang ka la 14 Nisane.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo: SIX SERMONS, by George Storrs (1855)

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Ka 1909, C. T. Russell, mohlophisi oa “Zion’s Watch Tower,” o ile fallela Brooklyn, New York, U.S.A.