Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Chelete ea Hao Kapa Bophelo ba Hao?

Chelete ea Hao Kapa Bophelo ba Hao?

Chelete ea Hao Kapa Bophelo ba Hao?

Mohlomong u utloetse ka likebekoa tse supang liphofu tsa tsona ka lithunya sefahlehong, ebe li re: “Chelete ea hao kapa bophelo ba hao!” Kajeno, taelo ena e tsebisahalang e bonahala bothateng bo tebileng boo kaofela re tobaneng le bona—haholo-holo rōna ba lulang linaheng tse ruileng. Leha ho le joalo, lekhetlong lena hase sekebekoa se ntšang taelo ena. Ho e-na le hoo, ke tsela eo ka eona batho ba etelletsang pele chelete le katleho ea lintho tse bonahalang.

MOKHOA o joalo o bakile bothata le lingongoreho tse ncha ka ho feletseng. Chelete le lintho tse bonahalang li lokela ho phehelloa hakae? Na re ka khotsofalla lintho tse seng kae? Na batho ba hlile ba tela “bophelo ba sebele” ka lebaka la lintho tse bonahalang? Na chelete ke senotlolo sa bophelo bo thabileng?

Takatso e Feteletseng ea Chelete

Har’a litakatso le litšusumetso tse matla tsa batho—ebang li loketse kapa ha lia lokela—lerato la chelete le itlhomme pele. Ho fapana le takatso ea ho kopanela liphate le ea lijo, takatso e feteletseng ea chelete e ka ba e sa khaotseng. Ha ho bonahale eka botsofali boa e fokotsa. Mabakeng a mangata ho hōla ho ka hla ha eketsa thahasello ea motho kapa kameho ea hae ka chelete le seo e ka se rekang.

Ho bonahala meharo e ja setsi. Sebapali sa sehlooho baesekopong e ’ngoe e tummeng se ile sa re: “Meharo ea sebetsa. Meharo e molemo.” Le hoja ba bangata ba ne ba re lilemo tsa bo-1980 ke Mehla ea Meharo, se etsahetseng pele le ka mor’a lilemo tseo se bontša hore tsela eo batho ba nkang chelete ka eona ha ea fetoha ha lilemo li ntse li feta.

Mohlomong ho hocha ke hore batho ba bangata haholo ba fumana menyetla ea ho khotsofatsa takatso ea bona ea ho ba le maruo a eketsehileng ka nako le motsotso. Ho bonahala eka hangata boholo ba batho lefatšeng bo qeta matla a bona bo hlahisa le ho fumana lintho tse eketsehileng. U ka ’na ua lumela hore ho ba le matlotlo le ho sebelisa chelete ho fetohile ntho e etsoang ka mafolofolo—hangata e le ka litsela tse sa tloaelehang—bophelong ba kajeno.

Empa na see se entse hore batho e be ba thabileng haholoanyane? Ha a araba potso eo, Morena Solomone ea bohlale le ea ruileng haholo o ile a ngola lilemong tse 3 000 tse fetileng: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang. Sena le sona ke lefeela.” (Moeklesia 5:10) Thuto ea kajeno ea kahisano e fihlela liqeto tse tšoanang tse thahasellisang.

Chelete le Thabo

E ’ngoe ea lintho tse makatsang tse ileng tsa sibolloa mabapi le boitšoaro ba batho ke hore ho bokella chelete le lintho tse bonahalang ha ho bolele hore ka ho tšoanang motho o tla khotsofala le ho thaba ka ho eketsehileng. Seo bafuputsi ba bangata ba se hlokometseng ke hore hang ha motho a rua ho fihla tekanyong e itseng, khotsofalo le thabo ea hae ha lia itšetleha ka hore na o na le maruo a mangata hakae.

Kahoo, telekiso ea maruo le chelete li etsa hore batho ba bangata ba ipotse, ‘Ho bonahala re thabela ntho ka ’ngoe ea tse ncha tseo re li rekang; leha ho le joalo, ke hobane’ng ha qetellong lintho tsee li sa re ekelletse khotsofalo?’

Bukeng ea hae e bitsoang Happy People, mongoli Jonathan Freedman o re: “Hang ha u fumane chelete e nyenyane, hore na u na le chelete e kae ha e sa le ntho ea bohlokoa tabeng ea ho thaba. Ha motho e se mofutsana, kamano e pakeng tsa chelete le thabo e nyenyane ka ho hlokomelehang.” Ba bangata ba hlokometse hore se hlileng se tlatsetsang thabong ke ha motho a e-na le matlotlo a moea, a e-na le lipakane tse nang le morero bophelong le litekanyetso tsa boitšoaro. Habohlokoa ka ho tšoanang ke kamano eo motho a nang le eona le batho ba bang le ho lokoloha likhohlanong kapa lithibelong tse ka re sitisang ho thabela seo re nang le sona.

Ba bangata ba hlokomela hore motso oa mathata a batho a teng kajeno ke tšekamelo ea ho leka ho sebelisa maruo ho rarolla seo ha e le hantle e leng ho tšoenyeha moeeng. Batho ba bang ba hlalosang mathata a batho ba bua ka moea o atileng oa ho felloa ke tšepo ea katleho le ho se khotsofale. Ba boetse ba hlokomela tšekamelo e atileng ea batho ba lichabeng tse ruileng ea ho ea ho litsebi kapa ho batla morero oa bophelo le khotso ea kelello ho babuelli ba Bohindu, lihlotšoana tsa borapeli tsa bokhelohi le lihlopha tse ipolelang hore li fana ka phekolo. Sena se tiisa hore maruo a hlōlehile ho etsa hore bophelo bo be le morero oa sebele.

Matla a Chelete le ho Hloka Matla ha Eona

Ke ’nete hore chelete e na le matla. E ka reka matlo a matle, liaparo tse ntle le thepa e ntle. E ka boela ea reka thoriso, ho fumana seo motho a se batlang, kapa thoriso ea boikaketsi esita le ho hlahisa metsoalle e seng mekae ea nakoana le e utloang ka uena. Empa matla a chelete a fella hona moo. Chelete e ke ke ea reka seo re se hlokang ka ho fetisisa—lerato la motsoalle a le mong oa ’nete oa motho, khotso ea kelello, matšeliso a seng makae ha motho a le makhatheng a lefu. Bakeng sa ba nkang kamano ea bona le ’Mōpi e le ea bohlokoa, chelete e ke ke ea reka kamohelo ea Molimo.

Morena Solomone, eo mehleng ea hae a neng a e-na le lintho tsohle tse thabisang tse ka rekoang ka chelete, o ile a hlokomela hore ho tšepa maruo ha ho ise thabong e tšoarellang. (Moeklesia 5:12-15) Chelete e ka lahleha ka ho oa ha banka kapa ho phahama ha theko ea lintho. Litša le mehaho li ka senngoa ke lifefo tse matla. Liinshorense le hoja ka tekanyo e itseng li ka lefella tahlehelo ea lintho tse bonahalang, li ke ke tsa koala sekheo sa tahlehelo e bileng teng maikutlong. Li-stock le li-bond li ka fetoha tse se nang thuso ka ho panya ha leihlo ha moruo o oa ka tšohanyetso. Esita le mosebetsi o lefang hantle o ka fela neng kapa neng.

Joale, ke joang re ka bolokang chelete sebakeng sa eona? Chelete le matlotlo li lokela ho phetha karolo efe bophelong ba rōna? Ka kōpo hlahloba taba ena ka ho eketsehileng ho bona kamoo u ka bang le ntho e ’ngoe ea bohlokoa e le kannete—“bophelo ba sebele.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Maruo ha a tlise thabo e tšoarellang