Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabisoa ke Tšepo ea ’Muso!

Thabisoa ke Tšepo ea ’Muso!

Thabisoa ke Tšepo ea ’Muso!

E BILE ketsahalo e thabisang eo ho eona ho ileng ha khobokana letšoele la batho ba 5 784 mehahong e meraro e sebelisoang ke lelapa le leholo la Bethele, New York State, ka la 10 March, 2001. Sehlopha sa bo110 sa sekolo sa baromuoa sa Gileade se ne se abeloa mangolo ketsahalong ena.

Carey Barber, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a amohela bohle ba leng teng eaba o bula lenaneo, ka ho re: “Hoa re thabisa ho tseba hore ho se ho koetlisitsoe lihlopha tse 110 tsa liithuti tsa Gileade ho ba baromuoa ’me li abetsoe masimong a leng lefatšeng lohle.”

Mokhoa oa ho Lula U Thabile

Ka mor’a mantsoe a selelekela a Mor’abo rōna Barber, Don Adams o ile a bua le bamameli ho kopanyelletsa le liithuti tse 48 tse abeloang mangolo, sehloohong se reng “Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa.” A thehile puo ea hae ho Liproverbia 10:22, o ile a hopotsa bamameli hore Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae ebile oa ba hlohonolofatsa haeba ba etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso bophelong ba bona. O ile a khothalletsa liithuti hore li amohele likabelo tsa tsona tse ncha ka boikemisetso bo kang ba moapostola Pauluse ha a ne a memeloa hore a ‘tšelele Macedonia ’me a thuse.’ (Liketso 16:9) Le hoja ho ne ho e-na le mathata a lokelang ho hlōloa, boikemisetso ba Pauluse ba ho bolela moo a neng a laetsoe teng ho ile ha fella ka litlhohonolofatso tse ngata tse thabisang.

Litho tsa sehlopha se abeloang mangolo li ne li qetile thuto ea tsona ea Bibele ea likhoeli tse hlano le koetliso e ileng ea li hlomella bakeng sa mosebetsi oa boromuoa. Leha ho le joalo, Daniel Sydlik, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a li khothalletsa hore li tsoele pele ho ithuta. Ha a bua sehloohong se reng “Le be Barutuoa ba ’Nete,” o ile a re: “Ho ba morutuoa ho bolela ho mamela mantsoe a Jesu kamehla. Ho akarelletsa boikemisetso ba rōna ba hore kamehla re mamele mantsoe a hae, molaetsa oa hae, thuto ea hae.” O ile a bolela hore barutuoa ba Kreste ha ba etse liqeto ba sa mamela lentsoe la Monghali oa bona; bohlale ba Molimo bo amana haufi-ufi le bophelo ba Kreste. (Bakolose 2:3) Ha ho lea mong oa rōna ea ka utloang mantsoe a Jesu hanngoe eaba o etsa qeto ea hore o se a tseba sohle ka eena, kahoo Mor’abo rōna Sydlik o ile a khothalletsa ba abeloang mangolo hore ba tsoele pele ba ithuta, ba sebelisa seo ba ithutileng sona, ’me ba ruta ’nete ea Bokreste, e tlisang tokoloho.—Johanne 8:31, 32.

Hore motho a lule a thabile tšebeletsong ea Molimo, o lokela ho ikemisetsa ho amohela taeo le khalemelo. Morupeli oa Gileade, Lawrence Bowen o ile a botsa potso e reng “Na Liphio Tsa Lōna li Tla le Khalemela?” O ile a bontša hore ka Bibeleng liphio tsa tšoantšetso li amahanngoa le mohopolo o tebileng oa motho le maikutlo a hae. Li ka khalemela motho haeba keletso e bululetsoeng ea Lentsoe la Molimo e tebetse ka hare-hare bothong ba hae. (Pesaleme ea 16:7; Jeremia 17:10) Botšepehi ba motho bo ka ba ba ama Jehova ka ho tebileng. Ka mor’a ho bala Liproverbia 23:15, 16, sebui se ile sa botsa: “Na liphio tsa lōna li tla le khalemela?” Se ile sa eketsa: “Re rapela hore li etse joalo, ’me ka tsela eo, le tla thabisa Jehova haholo. Le tla sisinya maikutlo a hae a ka hare-hare. E, le tla thabisa liphio tsa Molimo ha le khomarela likabelong tsa lōna ka botšepehi.”

Puo ea ho qetela karolong ena ea lenaneo e ile ea fanoa ke Mark Noumair, eo e bileng moromuoa Kenya pele e e-ba morupeli oa Gileade. Puo ea hae e neng e e-na le sehlooho se reng “Ho Bona ka Mahlo ho Molemo” e ile ea totobatsa bohlokoa ba ho hlaolela khotsofalo. Tumellanong le Moeklesia 6:9, Mor’abo rōna Noumair o ile a eletsa: “Amohelang lintho kamoo li leng kateng. Ho etsa joalo ke hona ‘ho bona ka mahlo.’ Ho e-na le ho touta ka ntho eo le batlang ho e etsa empa le sa e etse, lebisang tlhokomelo ho sebeliseng hamolemo maemo ao le leng ho ’ona. Ho phela lefatšeng la litoro, ho lebella mehlolo, kapa ho nahana ka lintho tse mpe kabelong ea lōna ho tla etsa hore le se ke la khotsofala.” E, ho sa tsotellehe hore na re hokae kapa re tlas’a maemo afe, ho hlaolela khotsofalo e thehiloeng kamanong ea rōna le Molimo maemong ao re leng ho ’ona, ho tla etsa hore re thabe ha re sebeletsa ’Mōpi oa rōna e Moholo.

Liphihlelo Tse Thabisang Tšebeletsong ea ’Muso le Gileade

Ka mor’a keletso e sebetsang ea lipuo tsena, liithuti li ile tsa pheta liphihlelo tseo li bileng le tsona tšebeletsong ea phatlalatsa nakong ea thupelo ea tsona ea likhoeli tse hlano. Tlas’a tsamaiso ea Wallace Liverance, mongolisi oa Sekolo sa Gileade, liithuti tse abeloang mangolo li ile tsa pheta kamoo li ileng tsa ipuella kateng hore ke basebeletsi ba Molimo. (2 Bakorinthe 4:2) Li ile tsa khona ho ipiletsa matsoalong a fanoeng ke Molimo a batho ba bang. Liphihlelo tsa liithuti li ile tsa bontša kamoo ho ileng ha qalisoa lithuto tsa Bibele le batho ba tšepahalang bao li ileng tsa kopana le bona seterateng, tšebeletsong ea ntlo le ntlo le maemong a mang. Ka makhetlo a sa tšoaneng, batho ba thahasellang ba ile ba bolela hore lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova li bua ’nete. Mong’a ntlo e mong o ile a khahloa haholo ke temana e itseng ea Bibele. Hona joale o ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.

Joale Joel Adams o ile a buisana le ba ileng ba abeloa mangolo Gileade lilemong tse fetileng. Sehlooho sa hae se ne se re “Le ka Mohla le se ke la Khaotsa ho Ithuta, le se ke la Khaotsa ho Sebeletsa Jehova.” Bao ho ileng ha buisanoa le bona ba ne ba tšoaretse baromuoa ba bacha keletso e nakong. Ha a hopola mehleng ea hae ha e ne e e le setho sa sehlopha sa bo26 sa Gileade, Harry Johnson o ile a re: “Re ile ra rutoa hore Jehova o ’nile a tataisa batho ba hae kamehla ’me o tla tataisa batho ba hae. Kholiseho eo e bile khothatso ho theosa le lilemo.” William Nonkes, eo e bileng setho sa sehlopha sa bo53 sa Gileade, o ile a eletsa ba abeloang mangolo: “Ka holim’a tsohle, hopolang melao-motheo ea Bibele, ’me le e sebelise liqetong tsohle tseo le lokelang ho li etsa bophelong hona joale le ka ho sa feleng. Ka lebaka la seo, le tla khona ho khomarela likabelong tsa lōna, ’me Jehova o tla le hlohonolofatsa ka ho enneng.”

Sehlooho seo Richard Rian a ileng a se khetha bakeng sa puo ea hae lenaneong se ne se re “Ho Matlafaletsoa ho Phetha Thato ea Jehova.” E mong oa bao a ileng a buisana le bona ke John Kurtz, eo a ileng a abeloa lengolo sehlopheng sa bo30, ea ileng a qeta lilemo tse fetang 41 Spain e le moromuoa. Ha a botsoa ka lenaneo la thuto la Gileade, Mor’abo rōna Kurtz o ile a re: “Bibele ke buka e ka sehloohong e ithutoang. Hape re na le lithuso tsa thuto ea Bibele tse re thusang ho utloisisa Bibele. E mong le e mong o na le tsona. Ha ho fanoe ka boitsebiso ba lekunutu Gileade. Ha ho mohla ke khaotsang ho totobatsa sena hobane bohle ba na le boitsebiso bo fanoang Gileade haufi le bona.”

Mor’abo rōna Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a phetha lenaneo lena la moea ka ho bua sehloohong se reng “Holim’a Mapheo a Jehova le ka Tlas’a ’Ona.” O ile a hlalosa kamoo tšireletso ea Molimo le tšehetso ea hae ho bahlanka ba hae ba tšepahalang e tšoantšoang ka Bibeleng le mapheo a ntsu. (Deuteronoma 32:11, 12; Pesaleme ea 91:4) Ka linako tse ling ntsu e khōlō e phukalatsa mapheo a eona ka lihora tse ngata bakeng sa ho sireletsa malinyane a eona. Ka linako tse ling, ntsu e tšehali e ka ba ea koahela malinyane a eona ka mapheo a eona ho a sireletsa meeeng e batang. Ka mokhoa o tšoanang e bile e le tumellanong le morero oa hae, Jehova a ka thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang, haholo-holo ha ba tobana le liteko tse amang bomoea ba bona. Jehova ha a lumelle bahlanka ba hae hore ba lekoe ho feta seo ba ka se jarang empa o ba bulela tsela ea hore ba khone ho mamella teko. (1 Bakorinthe 10:13) Mor’abo rōna Lösch o ile a phetha ka ho re: “E le hore re lule re sirelelitsoe moeeng, re lokela ho lula tlas’a mapheo a Jehova. Sena se bolela hore ha rea lokela ho ba le moea oa ho itaola. E se eka kamehla re ka lula haufi le Jehova le mokhatlo oa hae o kang ’mè, re se ke ra ikarola tataisong ea bona le keletsong ea bona e lerato.”

Molula-setulo o ile a bala lithelekramo le litumeliso tse tsoang ho batho ba lakaletsang liithuti katleho ho tsoa lefatšeng lohle. Eaba ho latela ho abuoa ha mangolo a diploma. Ha ho thehoa Sekolo sa Gileade, e ne e le ka sepheo sa hore ho be le lihlopha tse lekanyelitsoeng feela ka lilemo tse fetang tse hlano. Empa Jehova Molimo o ’nile a etsa hore sekolo sena se ’ne se sebetse ka lilemo tse 58. Joalokaha Mor’abo rōna Barber a ile a bolela mantsoeng a hae a selelekela: “Ba abetsoeng mangolo Gileade ba iketselitse tlaleho e babatsehang hakaakang ho tloha ka 1943 ha Gileade e ne e khakoloa! Boiteko ba bona bo kopanetsoeng bo feletse ka hore ho eketsoe batho ba bonolo ba lefatše ba makholo a likete mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o tsotehang.” E, sekolo sena sa baromuoa se tlatselitse hore ba limilione ba thabisoe ke tšepo ea ’Muso.

[Lebokose le leqepheng la 24]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tseo se li emetseng: 8

Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 18

Kakaretso ea liithuti: 48

Karolelano ea lilemo: 34

Karolelano ea lilemo ’neteng: 18

Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 13

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Sehlopha sa bo110 se Abeloang Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.

(1) Vacek, E.; Madelin, L.; Evans, G.; Watanabe, K. (2) Trafford, P.; Turfa, J.; Wilson, P.; Williams, R.; Weber, A. (3) Johnson, T.; Hanau, K.; Mourlhou, F.; Charpentier, F.; Peckham, R.; Androsoff, P. (4)Seegers, T.; Seegers, D.; Bailey, P.; Bailey, M.; Madelin, K.; Lippold, E.; Lippold, T. (5) Evans, N.; Gold, R.; Bollmann, I.; Vacek, R.; Oundjian, J.; Wilson, N. (6) Turfa, J.; Zuidema, L.; Zuidema, R.; Bengtsson, C.; Bengtsson, J.; Galano, M.; Galano, L. (7)Peckham, T.; Mourlhou, J.; Charpentier, C.; Gold, M.; Bollmann, R.; Oundjian, F. (8) Weber, R.; Johnson, B.; Hanau, D.; Watanabe, Y.; Williams, R.; Trafford, G.; Androsoff, T.