Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mahasmone le Lefa la ’Ona

Mahasmone le Lefa la ’Ona

Mahasmone le Lefa la ’Ona

HA Jesu a ne a le lefatšeng, tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda e ne e arotsoe lihlopha, ’me kaofela ha tsona li ne li hlōlisana ka ho ba le tšusumetso holim’a batho. Bona ke boemo bo hlahisoang litlalehong tsa Kosepele esita le ho lingoliloeng tsa rahistori oa lekholong la pele la lilemo oa Mojuda, Josephus.

Mona Bafarisi le Basaduse ba hlahella ba e-na le tšusumetso, ba khona ho laola maikutlo a sechaba hoo se bileng se latolang hore Jesu ke Mesia. (Matheu 15:1, 2; 16:1; Johanne 11:47, 48; 12:42, 43) Leha ho le joalo, ha ho moo ho buuoang ka lihlopha tsena tse peli tse nang le tšusumetso kae kapa kae Mangolong a Seheberu.

Josephus o bua ka Basaduse le Bafarisi ka lekhetlo la pele boemong ba lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Ka nako ena Bajuda ba bangata ba ne ba khahloa ke tsamaiso ea Segerike, ke hore, moetlo le filosofi ea Bagerike. Bora pakeng tsa tsamaiso ea Segerike le tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda bo ile ba fihla tlhōrōng ha babusi ba Seleusia ba silafatsa tempele e Jerusalema, ba e nehela ho Zeuse. Judah Maccabee, e leng moeta-pele ea matla oa Mojuda, oa lelapa la Mahasmone, o ile a etella pele lebotho la bafetoheli le ileng la lokolla tempele matsohong a Bagerike. *

Lilemo tse ileng tsa latela phetohelo ea Bo-Maccabee le tlhōlo ea bona li ne li tsebahala ka tšekamelo e neng e le teng ka nako eo ea ho theha lihlotšoana tsa bokhelohi tse thehiloeng likhopolong tse hlōlisanang, sehlotšoana ka seng se hlōlisana le tse ling bakeng sa hore se ratoe ke karolo e khōlō ea sechaba sa Bajuda. Empa ke hobane’ng ha ho ile ha hlaha tšekamelo ee? Ke hobane’ng ha tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda e ile ea arohana hakaalo? Ho araba lipotso tsena, a re hlahlobeng histori ea Mahasmone.

Tokoloho e Eketsehileng le Karohano

Ka mor’a ho finyella pakane ea hae ea bolumeli ea ho tsosolosa borapeli tempeleng ea Jehova, Judah Maccabee o ile a kenoa ke moea oa lipolotiki. Ka lebaka leo, Bajuda ba bangata ba ile ba khaotsa ho mo latela. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho loantša babusi ba Seleusia, a theha selekane le Roma eaba o leka ho theha Naha ea Sejuda e ipusang. Ka mor’a lefu la Judah ntoeng, moena oa hae Jonathan le moholoane oa hae Simon ba ile ba ntšetsa ntoa pele. Qalong babusi ba Seleusia ba ile ba hanyetsa Bo-Maccabee ka matla. Empa hamorao, babusi ba ile ba lumela ho sekisetsa lipolotiking, ’me ba lumella bara ba Mahasmone boipuso bo itseng.

Le hoja ba ne ba tsoa lesikeng la baprista, ho ne ho se mohla Lehasmone le kileng la sebeletsa e le moprista ea phahameng. Bajuda ba bangata ba ne ba nka hore boemo bona bo ne bo lokela ho nkoa ke baprista ba lesika la Tsadoke, ea neng a ile a khethoa ke Solomone hore e be moprista ea phahameng. (1 Marena 2:35; Ezekiele 43:19) Jonathan o ile a sebelisa ntoa le masene ho susumetsa Maseleusia hore a mo khethe e le moprista ea phahameng. Empa ka mor’a lefu la Jonathan, moholoane oa hae Simon o ile a finyella ho fetang hoo. Ka September 140 B.C.E., ho ile ha ntšoa molao-taelo oa bohlokoa Jerusalema, o bolokiloeng matlapeng a boronse ka mokhoa oa Segerike: “Morena Demetrius [’musi oa Mogerike oa Seleusia] o hlomamisitse [Simon] bopristeng bo phahameng, a mo etsa e mong oa Metsoalle ea hae, ’me a mo tlotlisa haholo. . . . Bajuda le baprista ba bona ba entse qeto e tiileng ea hore Simon e lokela ho ba moeta-pele oa bona le moprista ea phahameng ka ho sa feleng, ho fihlela ho ka hlaha moprofeta ea ka tšeptjoang.”—1 Maccabees 14:38-41 (buka ea histori e fumanoang ho Apocrypha).

Boemo ba Simon e le moeta-pele esita le moprista ea phahameng—bakeng sa hae le lesika la hae—ha boa ka ba amoheloa ke balaoli basele ba Seleusia feela empa bo ile ba boela ba amoheloa ke “Seboka se Seholo” sa batho ba habo. Sena se ile sa tšoaea phetoho ea bohlokoa. Joalokaha rahistori Emil Schürer a ile a ngola, hang ha Mahasmone a thehile lesika la bopolotiki, “ntho ea sehlooho eo a ileng a ameha ka eona e ne e se e se ho phethahatsa Torah [Molao oa Sejuda] empa e ne e se e le ho boloka le ho atolosa matla a ’ona a bopolotiki.” Leha ho le joalo, a le hlokolosi hore a se ke a khopisa Bajuda, Simon o ile a sebelisa tlotla e reng “moeta-pele oa sechaba,” ho e-na le “morena.”

Hase bohle ba neng ba thabetse hore ebe Mahasmone a inketse taolo ea bolumeli le ea lipolotiki. Ho latela bo-rahistori ba bangata, ho ile ha thehoa sechaba sa Maqumran hona nakong ena. Moprista oa lesika la Tsadoke, eo ho lumeloang hore ke eena eo ho neng ho buuoa ka eena ho lingoliloeng tsa Maqumran ho thoe ke “Mosuoe oa ho Loka,” o ile a tloha Jerusalema eaba o etella pele sehlopha sa bohanyetsi ho ea Lehoatateng la Judea haufi le Leoatle le Shoeleng. O mong oa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, o hlalosang buka ea Habakuke, o nyatsa “Moprista ea Khopo eo qalong a neng a bitsitsoe ka lebitso la ’nete, empa eo eitseng ha a busa Iseraele pelo ea hae e ileng ea ikhohomosa.” Litsebi tse ngata li lumela hore haese Jonathan e tlameha ebe ke Simon ea neng a ka tšoanela ho bitsoa ’musi oa “Moprista ea Khopo” ke sehlotšoana seo sa bokhelohi.

Simon o ile a tsoela pele ka liphutuho tsa sesole ho atolosa naha e taolong ea hae. Leha ho le joalo, puso ea hae e ile ea fela ka tšohanyetso ha mokhoenyana oa hae, Ptolemy, a mo bolaea hammoho le bara ba hae ba babeli ha ba ntse ba le moketeng haufi le Jeriko. Boiteko bona ba Ptolemy ba ho fumana taolo bo ile ba nyopa. John Hyrcanus, mora ea setseng oa Simon, o ile a lemosoa ka boiteko ba ho mo bolaea. O ile a hapa batho ba ka beng ba mo bolaile eaba o nka puso le boprista bo phahameng sebakeng sa ntat’ae.

Katoloso e Eketsehileng le Khatello

Qalong, John Hyrcanus o ile a tobana le litšokelo tse matla tse tsoang mabothong a Syria, empa ka 129 B.C.E., lesika la Seleusia le ile la hlōloa ntoeng e mahlo-mafubelu le Maparthia. Mabapi le phello eo ntoa ena e bileng le eona ho Maseleusia, rahistori oa Mojuda Menahem Stern o ile a ngola: “Tokisetso eohle ea ’muso e ile ea batla e oa ka ho feletseng.” Kahoo Hyrcanus o ile a “khona ho tsosolosa boipuso bo feletseng ba bopolotiki ba Judea ’me a qala ho atolohela mahlakoreng a fapa-fapaneng.” Ka sebele o ile a atolosa puso ea hae.

A sa hlole a sitisoa ke tšokelo leha e le efe ea Syria, Hyrcanus o ile a qala ho hlasela libaka tse ka ntle ho Judea, ’me a li hlōla. Baahi ba tsona ba ne ba lokela ho sokolohela tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda ho seng joalo metse ea bona e ne e tla etsoa lesupi. Phutuho e ’ngoe e joalo e ne e le khahlanong le Baidume (Baedomo). Mabapi le phutuho ena, Stern o ile a re: “Tšokoloho ea Baidume e ne e ikhetha, kahobane ho ile ha sokoloha morabe oohle eseng batho ba ’maloa feela.” Har’a libaka tse ling tse ileng tsa hapuoa e bile Samaria, moo Hyrcanus a ileng a etsa tempele ea Samaria e Thabeng ea Gerazime lesupi. Ha rahistori Solomon Grayzel a hlalosa ho ikhanyetsa ha leano lena la lesika la Mahasmone la ho qobella batho ho sokoloha, o ile a ngola: “Setloholo sa Mattathias [ntat’a Judah Maccabee] se ile sa tlōla molao-motheo oa tokoloho ea bolumeli oo moloko o fetileng o neng o ile oa o loanela ka bokhabane bo boholo.”

Ho Hlaha Bafarisi le Basaduse

Josephus o qala ho bua ka tšusumetso e neng e eketseha ea Bafarisi le Basaduse ha a ngola ka puso ea Hyrcanus. (Josephus o ne a ile a bua ka Bafarisi ba neng ba phela nakong ea puso ea Jonathan.) Ha a bolele hore na ba simolohile hokae. Bo-rahistori ba bang ba nka Bafarisi e le sehlopha se tsoileng ho Bahasid, e leng sehlotšoana sa bokhelohi sa barapeli se neng se tšehetsa Judah Maccabee lipakaneng tsa hae tsa bolumeli empa sa mo tlohela ha a kenoa ke moea oa lipolotiki.

Ka tloaelo lentsoe Bafarisi le amahanngoa le kutu ea Seheberu e bolelang “ba arohileng,” le hoja ba bang ba nka hore le amana le lentsoe le bolelang “bahlalosi.” Bafarisi e ne e le litsebi har’a batho ba tloaelehileng, ba se na lesika le khethehileng leo ba tsoang ho lona. Ba ile ba ikarola litšileng tse etsoang ka tloaelo ka ho sebelisa filosofi ea borapeli bo khethehileng, ba sebelisa melao ea tempele ea khalalelo ea baprista maemong a tloaelehileng a bophelo ba letsatsi le letsatsi. Bafarisi ba ile ba hlahisa mokhoa o mocha oa ho hlalosa Mangolo hammoho le khopolo eo hamorao e ileng ea tsejoa e le molao oa molomo. Nakong ea puso ea Simon ba ile ba e-ba le tšusumetso e eketsehileng ha ba bang ba khetheloa Gerousia (lekhotla la banna ba hōlileng), leo hamorao le ileng la tsejoa e le Sanhedrine.

Josephus o re qalong John Hyrcanus e ne e le seithuti le motšehetsi oa Bafarisi. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, Bafarisi ba ile ba mo nyatsa ka lebaka la ho hana ho tlohela ho ba moprista ea phahameng. Sena se ile sa lebisa phetohong e hapang tlhokomelo. Hyrcanus o ile a thibela melao ea bolumeli ea Bafarisi. E le kotlo e eketsehileng, o ile a tšehetsa bahanyetsi ba bolumeli ba Bafarisi, e leng Basaduse.

Ho ka etsahala hore ebe lebitso la Basaduse le amahanngoa le Moprista ea Phahameng Tsadoke, eo lesika la hae e ileng ea e-ba la baprista ho tloha nakong ea Solomone. Leha ho le joalo, hase Basaduse bohle bao e neng e le ba lesika lena. Ho ea ka Josephus, Basaduse e ne e le batho ba neng ba nketsoe holimo le barui sechabeng, ’me ba ne ba sa tšehetsoe ke batho feela ba tloaelehileng. Moprofesa Schiffman o re: “Boholo ba bona . . . ka ho totobetseng e ne e le baprista kapa ba nyetseng malapeng a baprista ba phahameng.” Kahoo e ne e se e le khale ba amana haufi-ufi le ba boholong. Ka lebaka leo, karolo e hōlang ea Bafarisi sechabeng le khopolo ea Bofarisi ea ho atolosetsa khalalelo e kang ea boprista ho batho bohle e ne e nkoa e le tšokelo e ka fokolisang matla a Basaduse. Joale lilemong tsa ho qetela tsa puso ea Hyrcanus, Basaduse ba ile ba boela ba laola.

Ho Kenella Haholoanyane Lipolotiking, ho Khoehlisa Borapeling

Mora e moholo oa Hyrcanus, Aristobulus, o ile a busa selemo se le seng feela pele a shoa. O ile a ntšetsa pele leano la ho qobella Maiture ho sokoloha ’me a etsa hore Galilea e ka holimo e be tlas’a Mahasmone. Empa e bile pusong ea moena oa hae Alexander Jannaeus, ea ileng a busa ho tloha ka 103-76 B.C.E., moo lesika la Mahasmone le ileng la fihla tlhōrōng ea matla a lona.

Alexander Jannaeus o ile a lahla leano la pele ’me ka bolokolohi a ipeha moprista ea phahameng le morena. Bora pakeng tsa Mahasmone le Bafarisi bo ile ba ipha matla, ’me ba lebisa ntoeng ea lehae eo ho eona ho ileng ha shoa Bajuda ba 50 000. Ha bofetoheli bo khutsisitsoe, Jannaeus o ile a etsa hore marabele a 800 a fanyehoe thupeng, e leng ketso e neng e etsoa ke marena a bahetene. Ha marabele a le makhatheng a lefu, basali ba ’ona le bana ba ’ona ba ile ba bolaoa ka pel’a mahlo a ’ona, ha Jannaeus a entse mokete pepeneneng le lirethe tsa hae. *

Ho sa tsotellehe bora ba hae ho Bafarisi, Jannaeus e ne e le ralipolotiki ea bohlale. O ile a bona hore batho ba ne ba rata Bafarisi haholo. Ha a le makhatheng a lefu o ile a laela mosali oa hae Salome Alexandra, hore a arolelane matla le bona. Jannaeus o ne a khethile eena ho e-na le bara ba hae hore e be mohlahlami ’musong oa hae. O ile a ipaka e le ’musi ea nang le bokhoni, a etsa hore sechaba se be le linako tsa khotso e khōloanyane tlas’a puso ea Mahasmone (76-67 B.C.E.). Bafarisi ba ile ba khutlisetsoa maemong a bolaoli, ’me melao e khahlanong le melao ea bona ea bolumeli e ile ea hlakoloa.

Ha Salome a e-shoa, mora oa hae Hyrcanus II, ea neng a sebelelitse e le moprista ea phahameng, le Aristobulus II ba ile ba qala ho tseka puso. Ka bobeli ba ne ba haelloa ke kutloisiso ea lipolotiki le ea sesole eo baholo-holo ba bona ba neng ba e-na le eona, ’me ho bonahala eka ha ho le ea mong oa bona ea neng a utloisisa ka ho feletseng se boleloang ke boteng ba Maroma a mangata sebakeng seo ha ’muso oa Seleusia o qeta ho oa ka ho feletseng. Ka 63 B.C.E., bara bana ba motho ba ile ba retelehela ho ’musi oa Moroma Pompey ha a ne a le Damaseka ’me ba kōpa hore a ba namole. Hona selemong seo, Pompey le mabotho a hae ba ile ba kena Jerusalema ’me ba e hapa. Ea e-ba qaleho ea ho fela ha ’muso oa Mahasmone. Ka 37 B.C.E., Jerusalema e ile ea hapuoa ke Morena Heroda e Moholo oa Moidume, eo Senate ea Roma e neng e mo amohetse e le “Morena oa Judea,” “mphato le motsoalle oa sechaba sa Maroma.” ’Muso oa Mahasmone o ne o felile.

Lefa la Mahasmone

Nako ea Mahasmone, ho tloha ho Judah Maccabee ho ea ho Aristobulus II, e ile ea rala motheo oa karohano e neng e le teng bolumeling ha Jesu a le lefatšeng. Mahasmone a ile a qala a chesehela ho rapela Molimo, empa a theohela boemong ba boithati bo kotsi. Baprista ba ’ona, ba neng ba e-na le monyetla oa ho kopanya sechaba hore se latele Molao oa Molimo, ba ile ba lahlela sechaba sekoting sa ntoa ea nako e telele ea bopolotiki. Boemong bona, ho ile ha ata maikutlo a bakang likarohano a bolumeli. Mahasmone a ne a se a le sieo, empa ho loanela taolo ea bolumeli pakeng tsa Basaduse, Bafarisi le ba bang ho ile ha khetholla sechaba seo ka nako eo se neng se le tlas’a Heroda le Roma.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Bona sehlooho se reng “Bo-Maccabee e ne e le Bo-mang?” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1998.

^ ser. 22 “Commentary on Nahum” ea Moqolo oa Leoatle le Shoeleng e bua ka “Tau ea Khalefo” e ileng ea “fanyeha banna ba ntse ba phela,” e leng seo e ka ’nang eaba ke ketsahalo e boletsoeng ka holimo.

[Chate e leqepheng la 30]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lesika la Mahasmone

Judah Maccabee Jonathan Maccabee Simon Maccabee

John Hyrcanus

↓ ↓

Salome Alexandra—o ile a nyaloa ke—Alexander Jannaeus

Aristobulus

↓ ↓

Hyrcanus II Aristobulus II

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Judah Maccabee o ne a batla tokoloho ea Bajuda

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Mahasmone a ile a loanela ho atolosa taolo holim’a metse eo e seng ea Bajuda

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.