Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Borapeli ba ’Nete bo Kopanya Batho

Borapeli ba ’Nete bo Kopanya Batho

Borapeli ba ’Nete bo Kopanya Batho

LE HOJA bolumeli ka kakaretso bo sekametse ho aroleng batho, borapeli ba Molimo a le mong oa ’nete bo na le matla a ho ba kopanya. Ha Iseraele e ne e sa le sechaba sa Molimo se khethiloeng, Balichaba ba bangata ba tšepahalang ba ne ba hoheloa ke borapeli ba ’nete. Ka mohlala, Ruthe o ile a lahla melimo ea ha habo, Moabe, ’me a re ho Naomi: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Lekholong la pele la lilemo C.E., palo e khōlō ea Balichaba e ne e se e fetohile barapeli ba Molimo oa ’nete. (Liketso 13:48; 17:4) Hamorao ha baapostola ba Jesu ba qala ho ea bolela litaba tse molemo libakeng tse hōle, batho ba bang ba tšepahalang ba ile ba kopanngoa borapeling ba Molimo oa ’nete. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le [ile] la retelehela ho Molimo ho tloha litšoantšong tsa lōna tse rapeloang hore le be makhoba a Molimo ea phelang le oa ’nete.” (1 Bathesalonika 1:9) Na borapeli ba Molimo oa ’nete bo na le matla a joalo a ho kopanya kajeno?

Batho ba tletseng lipelaelo ba tsitlella ho re ho fosahetse ho bua ka “barapeli ba ’nete” kapa ka “Molimo oa ’nete.” Mohlomong ba ikutloa ka tsela eo hobane ha ba tsebe mohloli leha e le ofe oo ho ka ithutoang ’nete ho oona. Empa babatli ba ’nete ba tsoang limelong tse fapaneng ba hlokometse hore borapeli hase khetho ea botho feela. ’Mōpi oa lintho tsohle—Jehova Molimo, ke eena a le mong ea tšoaneloang ke borapeli ba rōna. (Tšenolo 4:11) Ke Molimo oa ’nete, ’me o na le tokelo ea ho khetha hore na o lokela ho rapeloa joang.

E le hore a re thuse ho lemoha seo a se hlokang, Jehova o buile le rōna ka Lentsoe la hae, Bibele. Hoo e ka bang motho e mong le e mong lefatšeng kajeno a ka fumana Bibele e feletseng kapa likarolo tsa eona. Ho feta moo, Mor’a Molimo o ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, . . . le tla tseba ’nete.” (Johanne 8:31, 32) Ka lebaka leo, ’nete e ka tsejoa. ’Me batho ba tšepahalang ba limilione ba tsoang malumeling a fapaneng ka sebete ba amohela ’nete ena ’me ba kopanngoa borapeling ba ’nete.—Matheu 28:19, 20; Tšenolo 7:9, 10.

Ho Kopana Lefatšeng Lohle Mehleng ea Rōna!

Boprofeta bo babatsehang bo bukeng ea Bibele ea Sofonia bo bua ka ho kopana ha batho ba limelo tse sa tšoaneng. Bo re: “Ka nako eo [’na Jehova Molimo] ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” (Sofonia 3:9) See ke setšoantšo se setle hakaakang sa batho ba fetohileng ba sebeletsang Molimo ba kopane!

See se ne se tla etsahala neng? Sofonia 3:8 e re: “‘Lulang le ntebeletse,’ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela letsatsing la ha ke ema bakeng sa khapo, etsoe qeto ea ka ea boahloli ke ho bokella lichaba, hore ke phuthe mebuso, e le hore ke tšollele nyatso ea ka holim’a eona, bohale bohle ba ka bo tukang; kaha ka mollo oa cheseho ea ka lefatše lohle le tla timetsoa.’” E, nakong eo Jehova a bokellang lichaba ka eona, empa pele a li tšollela bohale ba hae bo tukang, o etsa hore ba bonolo ba lefatše ba fetohele puong e hloekileng. Nako eo ke hona joale, hobane ho bokelleloa ha lichaba tsohle ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle Armagedone ho se ho qalile.—Tšenolo 16:14, 16.

E le hore a kopanye batho ba hae, Jehova o ba fa puo e hloekileng. Puo ena e ncha e kopanyelletsa kutloisiso e nepahetseng ea ’nete ea Bibele mabapi le Molimo le merero ea hae. Ho bua puo e hloekileng ho akarelletsa ho lumela ’nete, ho e ruta ba bang, le ho phela tumellanong le melao ea Molimo le melao-motheo ea hae. Ho bolela ho qoba lipolotiki tse bakang likarohano le ho fothola maikutlo a boithati ka pelong, a joaloka ho ba le khethollo ea morabe le bochaba bo arolang tseo e leng litšobotsi tse hlahelletseng tsa lefatše lena. (Johanne 17:14; Liketso 10:34, 35) Bohle ba lipelo li tšepahalang ba ratang ’nete ba ka ithuta puo ena. Ak’u bone kamoo batho ba bahlano bao ho builoeng ka bona sehloohong se etellang sena pele—ba neng ba arohane haholo bolumeling—ba kopaneng kateng hona joale borapeling ba Molimo a le mong oa ’nete, Jehova.

Ba Kopane Borapeling ba ’Nete

Ha Fidelia, eo e neng e le Mok’hatholike oa Roma ea inehetseng, a rekela morali oa hae Bibele bakeng sa mosebetsi oa sekolo, o ile a kōpa moprista oa hae hore a mo hlalosetse ka eona hore na ho etsahetse’ng ka bana ba hae ba bahlano ba hlokahetseng. O re: “Ke ile ka soaba hakaakang!” Kahoo ha a eteloa ke Lipaki tsa Jehova, o ile a li botsa potso e tšoanang. Ka mor’a hore a bale ka Bibeleng ea hae ’nete ka boemo ba bafu, o ile a lemoha kamoo kereke e mo khelositseng kateng. O ile a ithuta hore bafu ha ba utloe letho le hore ha ba utloe bohloko Limbo leha e le kae kapa kae. (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5) Fidelia o ile a lahla litšoantšo tsohle tsa hae tsa bolumeli, a tlohela kereke, ’me a qala ho ithuta Bibele. (1 Johanne 5:21) Ho se ho fetile lilemo tse leshome a ntse a thabela ho ruta ba bang ’nete ea Mangolo.

Tara oa Kathmandu o ile a fallela naheng eo ho eona ho nang le litempele tse seng kae tsa Mahindu. Ka lebaka leo o ile a etela kerekeng ea Methodiste ka tšepo ea hore o tla khotsofatsa litlhoko tsa hae tsa moea. Empa potso ea hae mabapi le ho utloa bohloko ha batho ha ea ka ea arabeloa. Ka mor’a moo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa iteanya le eena ’me tsa kōpa ho ithuta Bibele le eena. Tara o re: “Ke ile ka qala ho lemoha hore Molimo ea lerato o ne a ke ke a jara molato bakeng sa ho utloa bohloko hohle ho teng lefatšeng . . . Ke ile ka thabisoa ke ho lebella lefatše le lecha le tletseng khotso le kutloano.” (Tšenolo 21:3, 4) Tara o ile a lahla litšoantšo tsa hae tsa Mahindu, a tlohela ho latela meetlo ea bolumeli ea naheng ea habo, ’me a fumana thabo ea sebele ka ho thusa ho khotsofatsa litlhoko tsa ba bang tsa moea e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Panya oa Mobuddha e ne e le senohe ha Lipaki tsa Jehova li mo etela ka lekhetlo la pele Bangkok, kahoo boprofeta bo ka har’a Bibele bo ile ba hapa thahasello ea hae. Panya o ile a re: “Ha ke ithuta hore na ke hobane’ng ha maemo a kajeno a fapane le morero oa pele oa ’Mōpi le kamoo a entseng tokisetso ea ho etsolla tšenyo e bakiloeng ke ba mo lahlang hammoho le bobusi ba hae, ho ne ho le joalokaha eka lesira le tlositsoe mahlong a ka. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mabapi le molaetsa oa Bibele e ne e lumellana. Ke ile ka rata Jehova e le motho; ’me sena se ile sa ntšusumelletsa hore ke etse seo ke tsebang hore se nepahetse. Ke ne ke labalabela ho thusa ba bang ho bona phapang lipakeng tsa bohlale ba batho le bohlale ba bomolimo. Ka sebele bohlale ba ’nete bo fetotse bophelo ba ka.”

Ka mor’a nako e itseng, Virgil o ile a qala ho ba le lipelaelo tse tebileng ka lithuto tsa bolumeli tseo a li lumelang. Ho e-na le ho rapela Molimo hore a thuse batho ba batšo le ho rapella seo a neng a se nka e le mokhatlo o hlophisitsoeng o nang le khethollo ea morabe o neng o fehla lehloeo khahlanong le makhooa, o ile a rapella ’nete, ho sa tsotellehe hore na ke eng, kae kapa kae moo e neng e ka fumanoa teng. Virgil oa hopola: “Ha ke tsoha ka letsatsi le hlahlamang ka mor’a hore ke rapele Molimo ka tieo, ke ile ka fumana makasine ea Molula-Qhooa ka tlung. . . . E tlameha ebe e ne e kentsoe le ka tlas’a lemati.” Kapele ka mor’a moo o ile a ithuta Bibele ka cheseho le Lipaki tsa Jehova. O tsoela pele: “Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka ikutloa ke khotsofetse. . . . Lehlaseli la tšepo le ile la qala ho hlaha ka hare ho ’na.” Kapele Virgil o ne a se a kopane le ba bang ba fang batho tšepo e le ’ngoe feela ea ’nete joalokaha e ngotsoe ka har’a Lentsoe la Molimo, Bibele.

Charo oa Latin America o ile a khahloa ke ha Paki e bitsoang Gladys e lemoha hore o ne a sokola ka bana ba hae ba banyenyane ’me e qala ho mo thusa ka ho mo isa ’marakeng. Ka mor’a nako e itseng, Charo o ile a lumela tlhahiso ea Gladys—ea thuto ea lehae e sa lefelloeng ea Bibele. Ha Charo a ithuta Bibeleng ea hae hore hase batho bohle ba lokileng ba eang leholimong empa Jehova o tla boela a hlohonolofatse batho lefatšeng ka bophelo bo sa feleng, o ne a hloletsoe. (Pesaleme ea 37:11, 29) Ho se ho fetile lilemo tse 15 Charo ka boeena a ntse a arolelana tšepo ena le ba bang.

Ak’u nahane ha lefatše lohle le se le tletse batho ba tšepahalang ba kopaneng borapeling ba Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete! Sena hase toro feela. Ke tšepiso ea Jehova. A sebelisa moprofeta oa hae Sofonia, Molimo o ile a re: “Ke tla siea har’a lōna batho ba ikokobetsang le ba tlaase, ’me ba tla tšabela lebitsong la Jehova. . . . Ba ke ke ba etsa ho sa lokang, kapa ba bua leshano, leha e le hore ho tla fumanoa leleme le qhekellang melomong ea bona; . . . ’me ho ke ke ha e-ba le ea mong ea etsang hore ba thothomele.” (Sofonia 3:12, 13) Haeba tšepiso ena e ipiletsa ho uena, nka ka botebo khothatso ea Bibele e reng: “Le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.