Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ntho ea Bohlokoa Kannete ke Eng?

Ntho ea Bohlokoa Kannete ke Eng?

Ntho ea Bohlokoa Kannete ke Eng?

Ho ba le ntho ea bohlokoa kannete e ka ba ho nyakallisang. Empa ntho eo e ka ba eng? Chelete e ngata? Mabenyane a sa tloaelehang kapa a bitsang chelete e ngata? Botumo le ho rateha? Batho ba bangata ba nka lintho tsena e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Ha u e-na le tsona li ka u phelisa, tsa etsa hore bophelo bo be le morero ka ho eketsehileng, kapa tsa etsa hore u khotsofale hore le uena batho ba u ela hloko le hore ho na le seo u se finyeletseng. Na re ikitlaelletsa ho fumana lintho tse joalo, ka tšepo ea hore li tla phethahatsa lipakane le litakatso tsa rōna tsa ka moso?

HO TLOAELEHILE hore batho ba nke ntho e le ea bohlokoa ka hore na e ba tsoela molemo kapa e khotsofatsa litakatso tsa bona joang. Lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa ke tse etsang hore re ikutloe re atlehile le tse re tšepisang bokamoso bo sireletsehileng. Re rata lintho tse re imollang maikutlong, tse re tšelisang, kapa tse amohelehang ka potlako. Leha ho le joalo, ho nka ntho e le ea bohlokoa motheong oa litakatso kapa lithahasello tsa rōna tse fetohang ha ho na ’nete ebile ke ho haelloa ke kahlolo e molemo. Ha e le hantle, ntho ea bohlokoa kannete ke eo re hlokomelang hore re hlile rea e hloka.

Ntho e khōlō ka ho fetisisa eo re e hlokang ke eng? Ha ho letho la bohlokoa ntle ho bophelo. Ntle ho bona, re shoele. Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ile a ngola: “Empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho . . . Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole [e leng lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho].” (Moeklesia 9:5, 10) Ha re ka shoa, re qobelleha ho siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona. Joale, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e hlokang, ke ho fumana ntho e ka bolokang bophelo ba rōna. Ke eng e tla bo boloka?

Ke Eng e Tla Boloka Bophelo ba Rōna?

Morena Solomone o ile a re: ‘Chelete ke tšireletso.’ (Moeklesia 7:12) Ha re e-na le chelete e lekaneng, re ka reka lijo le matlo a khotsofatsang. Chelete e ka ’na ea re nolofalletsa ho thabela monate oa ho etela libaka tse hōle. Ka eona re ka fumana lintho tseo re li hlokang ha re se re sa khone ho sebetsa ka lebaka la ho hōla kapa ho kula. Chelete e na le melemo e mengata. Leha ho le joalo, chelete e ke ke ea boloka bophelo ba rōna. Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Timothea, a re: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo.” (1 Timothea 6:17) Chelete eohle e lefatšeng e ke ke ea re rekela bophelo.

Nahana ka se ileng sa etsahalla monna ea bitsoang Hitoshi. Kaha o ne a hōletse lelapeng la bofutsana, Hitoshi o ne a lakatsa haholo ho ba morui. O ne a lumela hore chelete e na le matla hoo a neng a nahana hore u ka iqekisetsa ho batho ka eona. Joale monna e mong o ile a ea ha Hitoshi ’me a mo botsa hore na oa tseba hore Jesu Kreste o mo shoetse. Potso ena e ile ea etsa hore Hitoshi a batle ho tseba ho eketsehileng hobane o ne a nahana hore ha ho motho ea ka shoelang motho ea tšoanang le eena. O ile a ba teng puong ea phatlalatsa ea Bibele ’me a makala ha a utloa khothatso e buang ka ho ‘boloka leihlo nģa e le ’ngoe.’ Sebui se ile sa hlalosa hore leihlo le ‘talimileng nģa e le ’ngoe’ ke le shebileng nakong e tlang ’me le lula linthong tsa moea. (Luka 11:34) Ho e-na le ho sebeletsa chelete ka thata, Hitoshi o ile a qala ho etelletsa pele lintho tsa moea bophelong ba hae.

Maruo a ka boela a re tlisetsa botsitso bo itseng le tšireletso. Ha re e-na le ’ona a ka re imolla matšoenyeho a litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi. Lehae le letle tikolohong e lakatsehang le ka ’na la etsa hore re ikutloe re khotsofetse ka tsela e itseng. Batho ba bang ba ka re rata ka lebaka la liaparo tsa feshene le koloi e ntle.

Ke tlhohonolofatso “ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa [rōna] o thata.” (Moeklesia 3:13) Ho ba le ho fetang hoo re ho hlokang ho ka nolofalletsa baratuoa ba rōna ‘ho khatholoha, ho ja, ho noa le ho ithabisa.’ Leha ho le joalo, lintho tse bonahalang ke tsa bohlokoa bo felang. Ha Jesu Kreste a ne a lemosa ka ho chacheha ka mohono, o ile a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15-21) Matlotlo, ho sa tsotellehe hore na a makae kapa ke a bohlokoa hakae, a ke ke a re tiisetsa hore re tla phela.

Ka mohlala, Liz o ne a nyetsoe ke ralichelete. O re: “Re ne re e-na le lehae le letle le likoloi tse peli, ’me boemo ba rōna ba lichelete bo ne bo re lumella bolokolohi ba ho thabela ntho efe kapa efe e teng lefatšeng . . . Ho makatsang ke hore ke ne ke ntse ke tšoenyeha ka chelete.” Oa hlalosa: “E ne e ka ’na ea re lahlehela. Ho bonahala eka ha u e-na le e ngata, u ikutloa u sa sireletseha le ho feta.”

Batho ba bangata ba nka botumo le ho rateha e le tsa bohlokoa kahobane li tlisetsa motho thoriso le tlhompho. Lefatšeng la kajeno mosebetsi o atlehileng ke ntho eo batho ba labalabelang ho e finyella. Ho hlaolela lineo tse khethehileng kapa mahlale ho ka ’na ha re thusa ho iketsetsa lebitso. Ba bang ba ka ’na ba re rorisa, ba hlompha pono ea rōna haholo, ’me ba chesehela ho ithatisa rōna. Sena sohle e ka ba se thabisang le se khotsofatsang. Leha ho le joalo, qetellong sea fela. Solomone o ne a e-na le khanya eohle le matla tse loketseng morena, empa o ile a tletleba: “Ea bohlale ha a sa tla hopoloa . . . feela joaloka ea hlokang kelello. . . . Ka sebele e mong le e mong oa lebaloa.” (Moeklesia 2:16) Botumo le bophahamo ha li fe motho bophelo.

’Metli oa litšoantšo ea bitsoang Celo o ile a ananela ntho ea bohlokoa ho feta botumo. Kaha o ne a e-na le bokhoni, o ile a tšoaneleha ho kena sekolong se ileng sa ntlafatsa bokhoni ba hae. Kapele feela mosebetsi oa hae o ile oa rorisoa ke mecha ea litaba le ke bahlahlobisisi ba mesebetsi ea bonono. Litšoantšo tsa hae tse ngata tse betliloeng li ile tsa bontšoa metseng e meholo Europe. Celo o re: “Kea lumela hore ka nako e teletsana mesebetsi ea bonono e ne e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore ha nka ’na ka phehella mosebetsi oa ka ke ne ke tla tšoana le motho ea sebeletsang marena a mabeli. (Matheu 6:24) Ke ile ka kholiseha hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo nka e etsang e ne e le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Eaba ke etsa qeto ea hore ke tlohele mosebetsi oa ka oa ho betla litšoantšo.”

Ntho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa ke Eng?

Kaha ha ho letho le nang le morero kapa leo e leng la bohlokoa ntle ho bophelo, re ka fumana eng e tla re tiisetsa hore re ’ne re phele? Bophelo bohle bo simoloha ho Jehova Molimo. (Pesaleme ea 36:9) Ha ho pelaelo hore “ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” (Liketso 17:28) O fa bao a ba ratang mpho ea bophelo bo sa feleng. (Baroma 6:23) Re lokela ho etsa’ng e le hore re tšoanelehele mpho ee?

Re fumana mpho ea bophelo bo sa feleng ka hore re be le kamano e haufi le Jehova. Kahoo, mohau oa hae ke oa bohlokoa haholo ho feta eng kapa eng eo re ka bang le eona. Ha re e-na le oona, re lebeletse thabo ea sebele le ea ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ntle ho mohau oa Molimo, re tla timela ka ho sa feleng. Joale, ho hlakile hore eng le eng e tla re thusa hore re be le kamano e ntle le Jehova ke ea bohlokoa haholo.

Seo re Lokelang ho se Etsa

Katleho ea rōna e itšetlehile ka hore re rue tsebo. Mohloli oa tsebo e nepahetseng ke Lentsoe la Jehova, e leng Bibele. Ke lona feela le re bolellang seo re lokelang ho se etsa e le hore re khahlise Molimo. Kahoo, ho hlokahala hore re ithute Mangolo ka hloko. Boiteko bo etsoang ka masene ba ho ithuta sohle seo re ka se khonang ka Jehova Molimo le Jesu Kreste bo fella ka ‘tsebo e bolelang bophelo bo sa feleng.’ (Johanne 17:3) Tsebo e joalo ke letlotlo le lokelang ho nkoa e le la bohlokoa!—Liproverbia 2:1-5.

Tsebo eo re e fumanang Lentsoeng la Molimo e re hlomella hore re nke bohato bo latelang—e leng ho bontša tumelo ho Jesu Kreste. Jehova o laetse hore bohle ba tlang ho eena ba lokela ho tla ka Jesu. (Johanne 14:6) Ha e le hantle, “ha ho poloko ho mang kapa mang e mong.” (Liketso 4:12) Poloko ea rōna ea ho qetela, ha ea itšetleha ka ‘silevera kapa khauta . . . , empa [e itšetlehile] ka mali a bohlokoa a Kreste.’ (1 Petrose 1:18, 19) Re lokela ho bontša tumelo ea rōna ka ho lumela lithuto tsa Jesu le ka ho latela mohlala oa hae. (Baheberu 12:1-3; 1 Petrose 2:21) Sehlabelo sa hae ke sa bohlokoa hakaakang! Moloko oohle oa batho o tla fumana bokamoso ba ka ho sa feleng ka ho sebelisoa ha melemo ea sona. Ha se sebelisoa ka botlalo molemong oa rōna, re fuoa mpho ea bohlokoa kannete ea bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16.

Jesu o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:37) Ho rata Jehova ho bolela hore “re boloke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3) Litaelo tsa hae li re hloka hore re lule re arohile lefatšeng, re be le boitšoaro bo botle, ’me re tšehetse ’Muso oa hae ka botšepehi. Ke tsela eo ka eona re ‘khethang bophelo’ eseng lefu. (Deuteronoma 30:19) Ha re ‘atamela ho Molimo, o tla re atamela.’—Jakobo 4:8.

Ha motho a kholisehile hore o mohaung oa Molimo, seo ke sa bohlokoa ho feta matlotlo ’ohle a lefatše. Batho ba nang le oona ba ruile ka ho fetisisa lefatšeng! Joale, e se eka re ka loanela ho fumana letlotlo la bohlokoa kannete—e leng ho amoheleha ho Jehova. A re ikitlaetseng e le kannete ho ela hloko khothatso ena ea moapostola Pauluse: “U phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo. Loana ntoa e ntle ea tumelo, u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 6:11, 12.

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena ke eng? Chelete, maruo, botumo, kapa ho hong ntle ho tsee?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho hlokahala hore re ithute Mangolo ka hloko