Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batšehetsi ba Borapeli ba ’Nete Nakong e Fetileng le Kajeno

Batšehetsi ba Borapeli ba ’Nete Nakong e Fetileng le Kajeno

Batšehetsi ba Borapeli ba ’Nete Nakong e Fetileng le Kajeno

NA U hopola lebitso la motho ea ileng a llela motse oa boholo-holo oa Jerusalema? U ka ’na ua re ke ‘Jesu,’ ’me u tla be u sa fosa, Jesu o ile a e llela. (Luka 19:28, 41) Empa makholo a lilemo pele Jesu a tla lefatšeng, mohlanka e mong ea tšepahalang oa Molimo le eena o ile a llela Jerusalema. O ne a bitsoa Nehemia.—Nehemia 1:3, 4.

Ke’ng e neng e utloisitse Nehemia bohloko hakaalo hoo a bileng a llela Jerusalema? Ke’ng seo a ileng a se etsetsa motse le baahi ba oona? ’Me re ka ithuta’ng mohlaleng oo? Re ka fumana karabo ka ho hlahloba liketsahalo tse ling tsa mehleng ea hae.

Motho ea sa Pateng Maikutlo a Hae le ea Nkang Khato

Nehemia o ile a khetheloa ho ba ’musisi oa Jerusalema, empa pele ho moo, e ne e le molaoli ea phahameng lekhotleng la Persia motseng oa Shushane. Le hoja a ne a phela hamonate, o ne a ntse a amehile ka barab’abo ba Bajuda ba hōle Jerusalema. Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ha moifo oa Bajuda o tsoang Jerusalema o etetse Shushane e bile ho “botsa ka Bajuda, ba neng ba phonyohile, ba sa kang ba isoa kholehong, le ka Jerusalema.” (Nehemia 1:2) Ha baeti ba bolela hore batho ba Jerusalema ba ne ba le “tsietsing e khōlō haholo” le hore lerako la motse “le helehile,” Nehemia o ile a ‘lula fatše a qala ho lla ’me a siama ka matsatsi a mangata.’ Ka mor’a moo o ile a bontša hore o utloile bohloko thapelong e tlohang pelong ho Jehova. (Nehemia 1:3-11) Ke hobane’ng ha Nehemia a ne a utloile bohloko hakaale? Hobane Jerusalema e ne e le khubung ea borapeli ba Jehova lefatšeng, ’me e ne e lahliloe kherehloa. (1 Marena 11:36) Ho feta moo, ho sohlokeha ha motse ho ne ho bontša boemo bo bobe ba moea ba baahi ba oona.—Nehemia 1:6, 7.

Kameho ea Nehemia ka Jerusalema le qenehelo ea hae bakeng sa Bajuda ba lulang ho eona e ile ea mo susumelletsa hore a itele. Eitse hang ha morena oa Persia a mo lumella hore a tsamaee, o ile a lokisetsa leeto le lelelele la ho ea Jerusalema. (Nehemia 2:5, 6) O ne a batla ho sebelisa matla a hae, nako ea hae le tsebo ea hae bakeng sa litokiso tse neng li hlokahala. Ka mor’a matsatsi a se makae a fihlile, o ile a etsa tokisetso ea hore lerako lohle la Jerusalema le tsosoe.—Nehemia 2:11-18.

Nehemia o ile a arolela malapa a mangata mosebetsi o moholo oa ho tsosa lerako, ’me kaofela a ile a sebelisana. * Lihlopha tse fetang 40 li ile tsa fuoa mosebetsi oa ho tsosa ‘karolo e le ’ngoe e lekantsoeng’ sehlopha ka seng. Phello e ile ea e-ba efe? Basebetsi ba ne ba le bangata haholo, ba akarelletsa batsoali ba nang le bana, ’me ba ile ba sebelisa nako ea bona le matla hore mosebetsi o neng o bonahala o le boima o phethoe. (Nehemia 3:11, 12, 19, 20) Ba ile ba ikitlaetsa ka likhoeli tse peli ’me lerako le ile la tsosoa. Nehemia o ile a ngola hore esita le ba neng ba hanyetsa mosebetsi ona ba ile ba tlameha ho lumela hore “mosebetsi ona o entsoe ho tsoa ho Molimo oa rōna.”—Nehemia 6:15, 16.

Mohlala o Lokelang ho Hopoloa

Nehemia ha aa ka a sebelisa nako ea hae le tsebo ea hae ea tlhophiso feela. O ile a sebelisa le matlotlo a hae ho tšehetsa borapeli ba ’nete. O ile a sebelisa chelete ea hae ho rekolla barab’abo ba Bajuda bokhobeng. O ile a alimana ka chelete ntle ho tsoala. Le hoja e ne e le ’musisi, ha aa ka a ‘imetsa’ Bajuda ka hore a lefuoe, e leng seo a neng a e-na le tokelo ea sona. Ho e-na le hoo, “banna ba lekholo le mashome a mahlano, le ba tlang ho rōna ba tsoa lichabeng tse neng li re potolohile” ba ne ba e-ja ha hae. Letsatsi ka leng o ne a hlabela baeti ba hae “poho e le ’ngoe, linku tse tšeletseng tse khethiloeng le linonyana.” Ho phaella moo, ka mor’a matsatsi a leshome o ne a ba fa “veine ea mofuta o mong le o mong ka bongata.”—Nehemia 5:8, 10, 14-18.

Nehemia o behile mohlala o motle hakaakang oa ho fana bakeng sa bahlanka bohle ba Molimo ba nakong e fetileng le ba kajeno! Mohlanka enoa ea sebete oa Molimo ka bolokolohi le ka boithatelo o ile a sebelisa matlotlo a hae ho thusa basebetsi ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Ho ne ho loketse hore a kōpe Jehova a re: “Molimo oa ka, u nkhopolele bakeng sa se molemo, sohle seo ke se entseng molemong oa batho bana.” (Nehemia 5:19) Kannete ke sona seo Jehova a tla se etsa.—Baheberu 6:10.

Kajeno ho Lateloa Mohlala oa Nehemia

Hoa thabisa ho bona hore kajeno batho ba Jehova le bona ba bontša boikutlo bo mofuthu, boikemisetso ba ho sebetsa le boitelo bakeng sa borapeli ba ’nete. Ha re tsebisoa hore balumeli-’moho le rōna ba mahlomoleng, re ameha ka botebo ka bona. (Baroma 12:15) Joaloka Nehemia, re rapella barab’abo rōna ba mahlomoleng ho Jehova, rea kōpa re re: “Tsebe ea hao e ke e mamelisise thapelo ea mohlanka oa hao le thapelo ea bahlanka ba hao ba thabelang ho tšaba lebitso la hao.”—Nehemia 1:11; Bakolose 4:2.

Leha ho le joalo, kameho ea rōna bakeng sa boemo ba barab’abo rōna ba Bakreste moeeng le nameng le bakeng sa ho ntšetsoa pele ha borapeli ba ’nete ha e felle feela ka boikutlo ba rōna. E boetse e re susumelletsa hore re nke bohato. Bao maemo a bona a ba lumellang, ba susumelletsoa ke lerato hore ba tlohele mabothobotho a hona joale a malapa a bona, ’me joaloka Nehemia, ba fallele libakeng tse hlokang thuso haholo. Baithaopi bana ha ba thibeloe ke maemo ana a likarolong tse ling tsa lefatše a sa tšoaneng le a malapa a bona, ’me ba tšehetsa tsoelo-pele ea borapeli ba ’nete libakeng tseo, ba sebetsa hammoho le barab’abo bona ba Bakreste. Re babatsa moea oa boitelo oo ba o bontšang.

Ho Phetha Karolo ea Rōna ha Habo Rōna

Ka mabaka a utloahalang, boholo ba rōna ha re khone ho fallela libakeng tse ling. Re tšehetsa borapeli ba ’nete ha habo rōna. Sena se boetse se bontšoa bukeng ea Nehemia. Hlokomela makolopetso ao Nehemia a a ngotseng mabapi le malapa a mang a tšepahalang a ileng a kopanela mosebetsing oa ho tsosa lerako. O ngotse a re: “Jedaia mora oa Harumafe a etsa mosebetsi oa ho lokisa ka pel’a ntlo ea hae . . . Benjamine le Hashube ba etsa mosebetsi oa ho lokisa ka pel’a ntlo ea bona. Ka mor’a bona Azaria mora oa Maseia mora oa Anania a etsa mosebetsi oa ho lokisa haufi le ntlo ea hae.” (Nehemia 3:10, 23, 28-30) Banna bana le malapa a bona ba ile ba kenya letsoho ho ntšetsoeng pele ha borapeli ba ’nete ka ho phetha karolo ea bona mosebetsing oa ho lokisa haufi le malapa a bona.

Kajeno boholo ba rōna re tšehetsa borapeli ba ’nete libakeng tsa habo rōna ka litsela tse sa tšoaneng. Re kopanela mosebetsing oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso, ho faneng ka liphallelo, ’me habohlokoa ka ho fetisisa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ho phaella moo, le haeba re sa khone ho kopanela mosebetsing oa kaho kapa ho faneng ka liphallelo, bohle re lakatsa ka botebo ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka seatla se bulehileng ka matlotlo a rōna joaloka Nehemia mehleng ea hae.—Bona lebokose le reng “Litsela Tsa ho Fana ka Boithatelo.”

Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala ho le boima ho fumana chelete ea mosebetsi oa rōna oa khatiso o ntseng o eketseha, ea ho lokisetsa liphallelo le ea mesebetsi e meng e mengata eo re e etsang lefatšeng lohle. Leha ho le joalo, hopola hore le mosebetsi oa ho tsosa lerako le leholo la Jerusalema o ne o bonahala o le boima. (Nehemia 4:10) Empa mosebetsi o ile oa phethoa kahobane o ne o aroletsoe malapa a mangata a ithaopileng. Hoa tšoana le kajeno, ho tla ’ne ho be bonolo ho fumana lichelete tse hlokahalang ho phetha mosebetsi oa rōna oa lefatše ka bophara ha e mong le e mong oa rōna a tsoela pele ho phetha karolo e itseng ea mosebetsi.

Lebokose le reng “Litsela Tseo ba Bang ba Khethang ho Fana ka Tsona” le bontša litsela tse ngata tseo ka tsona mosebetsi oa ’Muso o ka tšehetsoang ka lichelete. Selemong se fetileng, boholo ba batho ba Molimo ba ile ba kenya letsoho, ’me Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se rata ho sebelisa monyetla ona ho leboha ka botebo bohle bao lipelo tsa bona li ileng tsa ba susumelletsa ho kenya letsoho ka boithatelo. Ka holimo ho bohle, re leboha Jehova ka tlhohonolofatso ea hae e enneng boitekong bo matla ba batho ba hae ba ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete lefatšeng ka bophara. Ha ho pelaelo hore ha re nahana kamoo letsoho la Jehova le re tataisitseng kateng ka lilemo tsena tsohle, re susumelletsoa ho pheta mantsoe a Nehemia, ea ileng a leboha ’me a re: ‘Letsoho la Molimo oa ka, le bile molemo holim’a ka.’—Nehemia 2:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Nehemia 3:5 e re Bajuda ba bang ba hlaheletseng, “ba hlomphehang,” ba ile ba hana ho sebetsa, empa e ne e le ba seng bakae. Batho ba sa tšoaneng—baprista, litei tsa khauta, batsoaki ba litlolo, likhosana, bahoebi—kaofela ba ile ba tšehetsa mosebetsi ona.—Temana ea 1, 8, 9, 32.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]

Litsela Tseo ba Bang ba Khethang ho Fana ka Tsona

MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Ba bangata ba behella ka thoko, kapa ba lekanyetsa esa-le pele chelete eo ba e ke-nyang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle−Matheu 24: 14.“

Khoeli ka ˈngoe liphutheho li romela chelete ena ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, kapa ofising ea le-kala ea sebaka seo. Menehelo ea boithate-lo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Accounting Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala e se-beletsang naha ea heno. Mabenyane le li-ntho tse ling tsa bohlokoa le tsona ho ka nehelanoa ka tsona. Lengolo le lekhutšoa-nyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.

TOKISETSO EA MENEHELO E FANOANG TLASˈA MAEMO A ITSENG

Chelete e ka ˈna ea fanoa ka tokisetso e khethehileng ea hore, haeba ho hlaha se etsang hore ea faneng ka eona a e hloke, chelete eo e tla khutlisetsoa ho eena. Ba-keng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kopo ikopanye le Accounting Office ea le-kala la sebaka seo.

HO FANA HO RERILOENG

Ho ekelletsa limphong tse tobileng tsa chelete le menehelong ea chelete e fa-noang tlasˈa maemo a itseng, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka bang mo-lemo mosebetsing oa ˈMuso lefatšeng lo-hle. Ena e akarelletsa:

Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.

U-stock le Li-bond: U-stock le li-bond li ka ˈna tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho e tobileng.

Litša le Mehaho: Litša le mehaho tse ka reki-soang li ka ˈna tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower ebang ke ka ho li etsa mpho e tobi-leng kapa ho li boloka ho mongˈa tsona, ea ka

tsoelang pele a lula ho tsona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša sefe kapa sefe le mohaho.

Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ˈna ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao.

Haeba u e-na le thahasello tokisetsong leha e le efe ea ho fana hona ho reriloeng, u lokela ho ikopanya le Accounting Office, ka lengolo kapa ka thelefono, atereseng e bontšitsoeng mona ka tlaase kapa ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno.

Accounting Office

Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

Private Bag X2067,

Krugersdorp, 1740, South Africa

Thelefono: (011) 761 1000

[Lebokose le leqepheng la 30]

Litsela Tsa ho Fana ka Boithatelo

Mangolong a hae a eang ho Bakorinthe, moapostola Pauluse o boletse litsela tse tharo tsa bohlokoa tsa ho fana ka boithatelo. (1) Ha a ngola ka ho bokella chelete, Pauluse o fane ka taelo ena: “Letsatsi le leng le le leng la pele la beke e mong le e mong oa lōna ka tlung ea hae a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng.” (1 Bakorinthe 16:2a) Kahoo, ho fana ho lokela ho lokisetsoa esale pele, ’me ho lokela ho etsoa kamehla. (2) Pauluse o boetse o ngotse hore e mong le e mong o lokela ho fana “ho latela seo a nang le sona.” (1 Bakorinthe 16:2b, New International Version) Ka mantsoe a mang, motho ea batlang ho fana ka boithatelo a ka etsa joalo ka teka-tekano. Esita leha Mokreste a e-na le chelete e nyenyane, le haeba a nehela e nyenyane, Jehova o e nka e le ea bohlokoa. (Luka 21:1-4) (3) Pauluse o ngotse hape a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Bakreste ba ’nete ba fana ka pelo eohle—ba nyakaletse.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Nehemia e ne e le motho ea sa pateng maikutlo a hae le ea nkang bohato

[Litšoantšo tse leqepheng la 30]

Menehelo ea boithatelo e tšehetsa mosebetsi oa khatiso, e lokisetsa liphallelo, kaho ea Liholo Tsa ’Muso le mesebetsi e meng e molemo lefatšeng ka bophara