Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova—Molimo eo e Leng Habohlokoa ho mo Tseba

Jehova—Molimo eo e Leng Habohlokoa ho mo Tseba

Jehova—Molimo eo e Leng Habohlokoa ho mo Tseba

NA HO na le ntho ea bohlokoa bophelong e u haellang? Haeba u tseba Molimo hanyenyane, ka sebele u haelloa ke ntho ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane, joalokaha batho ba limilione ba hlokometse, ho tseba Molimo oa Bibele ho tlisa melemo e meholo bophelong. Melemo ena e qala hang ha motho a tseba Molimo ’me e tla ’ne e be teng le nakong e tlang.

Jehova Molimo, e leng Mongoli oa Bibele, o batla hore re mo tsebe. Mopesaleme o ile a ngola a re: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Oa tseba hore ho molemong oa rōna hore re mo tsebe. “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.” Ho tseba Jehova Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa ho re tsoela molemo joang?—Pesaleme ea 83:18; Esaia 48:17.

Molemo o mong oa bohlokoa ke hore re fumana tataiso e re thusang ho rarolla mathata a letsatsi le letsatsi, re ba le tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso le khotso ea kelello. Ho feta moo, ho tseba Jehova hantle ho re susumelletsa hore re be le pono e fapaneng le ea batho ba bang ka lipotso tsa bohlokoa tseo batho lefatšeng lohle kajeno ba ipotsang tsona. Ke lipotso life?

Na Bophelo ba Hao bo na le Morero?

Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e makatsang ea batho theknolojing, kajeno batho ba sa ntsane ba ipotsa lipotso tsa bohlokoa tse kang: ‘Ke phelela’ng? Ho tla etsahala’ng ka ’na? Morero oa bophelo ke ofe?’ Haeba motho a sa fumane likarabo tse khotsofatsang, bophelo ba hae bo ke ke ba e-ba le morero oa ’nete. Na batho ba bangata ba ikutloa ka tsela ee? Phuputso e entsoeng Jeremane bofelong ba lilemo tsa bo-1990 e ile ea senola hore halofo ea batho bao ho buisanoeng le bona, hangata kapa ka linako tse ling, ba nka hore ho bonahala bophelo bo se na morero. Mohlomong ho joalo le moo u lulang teng.

Ha motho a se na morero bophelong, ha a na motheo o mokaalo oo a ka hahang lipakane tsa hae ho oona. Ba bangata ba leka ho koala sekheo sena ka ho lelekisa mesebetsi e hlamatsehang kapa ho bokella maruo. Leha ho le joalo, ha ba ikutloe ba khotsofetse. Ho hloka morero bophelong ho ka ba ha etsa hore ba bang ba ikutloe ba se ba sa thabele ho phela. Sena ke se ileng sa etsahalla mosali e mong e mocha e motle eo, ho ea ka International Herald Tribune, a neng a hōliselitsoe “har’a mabothobotho a bile a sa hloke letho.” O ne a nka bonkong, empa o ne a jeoa ke bolutu ’me a nka hore bophelo ba hae bo ne bo se na morero. O ile a noa lipilisi tsa boroko ’me a fumanoa a shoele. E ka ’na eaba u tseba ka ba bang ba neng ba jeoa ke bolutu ba ileng ba shoa ka sehlōhō.

Leha ho le joalo, na u kile ua utloa batho ba bolela hore saense e ka re tsebisa sohle ka bophelo? Koranta ea Jeremane ea beke le beke Die Woche, e re: “Le hoja saense e ka bua ’nete, ea haelloa litabeng tsa moea. Khopolo ea ho iphetola ha lintho e bonahala e le lefeela, esita le thuto e sa utloisiseheng e hlalosang kaheho ea liathomo ha e fe batho matšeliso le tšireletso ea letho.” Litšibollo tsa saense li lekile ka hohle ho hlalosa likarolo tse sa tšoaneng tsa bophelo, tsela eo lintho tsa tlhaho li sebelisanang ka eona esita le ho hlalosa lintho tse bolokang bophelo. Leha ho le joalo, saense e ke ke ea bolela hore na re phelela’ng le hore na ho tla etsahala’ng ka rōna. Haeba re itšetlehile ka saense feela, lipotso tsa rōna ka morero oa bophelo li ke ke tsa arabeloa. Phello e tla ba “ho hloka tataiso ho jeleng setsi,” joalokaha koranta ea Süddeutsche Zeitung e boletse.

Ke mang ea ka fanang ka tataiso e molemo ho feta ’Mōpi? Kaha ke eena ea behileng batho lefatšeng, ho hlakile hore oa tseba hore na ke hobane’ng ha ba phela. Bibele e bolela hore Jehova o ile a bōpela batho hore ba ahe holim’a lefatše le ho le hlokomela. Batho ba ne ba lokela ho bontša litšobotsi tsa hae tse kang toka, bohlale le lerato mesebetsing eohle ea bona. Hang ha re ka utloisisa lebaka leo Jehova a re bōpileng ka lona, re tla tseba hore na ke hobane’ng ha re phela.—Genese 1:26-28.

U ka Etsa’ng?

Ho thoe’ng haeba nakong e fetileng u sa fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tse kang: ‘Ke phelela’ng? Ho tla etsahala’ng ka ’na? Hantle-ntle morero oa bophelo ke ofe?’ Bibele e khothalletsa hore u tsebe Jehova haholoanyane. Ha e le hantle, Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” U boetse u khothalletsoa hore u hlaolele litšobotsi tsa bomolimo, haholo-holo lerato, ’me u iketsetse pakane ea ho phela ’Musong oa Molimo o tlang oa Mesia. Joale u tla ba le morero bophelong le tšepo e babatsehang le e tiileng ka bokamoso. Lipotso tsa motheo tse ’nileng tsa u khathatsa ho fihlela joale, mohlomong li tla arabeloa.—Johanne 17:3; Moeklesia 12:13.

Ho arabeloa ha lipotso tsee ho tla u ama joang? Hans o tseba sena hantle. * Lilemong tse fetileng, Hans o ne a lumela ho Molimo ka tsela e tloaelehileng feela, empa tumelo ea hae e ne e sa ame bophelo ba hae. Hans o ne a rata lithethefatsi, basali ba itšoereng hampe, tlōlo ea molao linthong tse nyenyane le lithuthuthu. O re: “Empa bophelo bo ne bo se na morero, bo hlile bo sa khotsofatse.” Ha Hans a le lilemo li ka bang 25 o ile a etsa qeto ea ho tseba Molimo ka hore a bale Bibele ka hloko. Hang ha a tsebile Jehova haholoanyane ’me a utloisisitse morero oa bophelo, Hans o ile a fetola mokhoa oo a neng a phela ka oona ’me a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetileng tse leshome. O bua a sa tsilatsile, o re: “Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemohali ea ho phela. Ha ho e tšoanang le eona. Ho tseba Jehova ho entse hore bophelo ba ka bo be le morero.”

Ho hlakile hore morero oa bophelo hase oona feela o khathatsang batho ba bangata. Ha maemo a lefatše a ntse a senyeha, batho ba ntseng ba eketseha ba tšoenngoa ke taba e ’ngoe ea bohlokoa.

Ke Hobane’ng ha ke Hlahetsoe ke See?

Ha ho hlaha mahlomola, hangata motho ea hlaheloang ke ’ona o nahana potso e le ’ngoe feela: Ke hobane’ng ha ke hlahetsoe ke see? Ho khona ho tobana ka katleho le mahlomola ho itšetlehile haholo ka ho fumana karabo ea potso ena. Ha a sa fumane karabo e khotsofatsang, o tsoela pele ho utloa bohloko ’me a ka ’na a hlonama. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa hlahela Bruni.

Bruni eo hona joale e seng e le ’mè e moholo o re: “Lilemong tse seng kae tse fetileng ke ile ka shoeloa ke ngoan’a ka oa ngoanana. Ke ne ke lumela ho Molimo, kahoo ke ile ka ea batla matšeliso ho moprista. O ile a mpolella hore Molimo o nketse Susanne leholimong, ’me hona joale ke lengeloi. Hase feela hore ke ile ka sulafalloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebaka la lefu la hae, empa hape ke ile ka hloea Molimo ha a mo nkile.” Bohloko ba Bruni le mahlomola li ile tsa tsoela pele ka lilemo tse ngata. “Eaba e mong oa Lipaki Tsa Jehova o mpontša ho tsoa Bibeleng hore ha ho na lebaka la hore ke hloee Molimo. Jehova o ne a sa nkela Susanne leholimong, ebile e ne e se lengeloi. O kutse ka lebaka la hore batho ha baa phethahala. Susanne o robetse lefung, o emetse hore Jehova a mo tsose bafung. Ke ile ka boela ka ithuta hore o ne a entse batho hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise le hore haufinyane sena se ne se tla phethahala. Hang-hang ha ke qala ho utloisisa hore na ha e le hantle Jehova ke motho oa mofuta ofe, ke ile ka atamela haholoanyane ho eena ’me bohloko ba ka ba qala ho kokobela.”—Pesaleme ea 37:29; Liketso 24:15; Baroma 5:12.

Batho ba limilione ba angoa ke mahlomola ka litsela tse sa tšoaneng: ho oeloa ke tsietsi, ntoa, tlala, kapa koluoa ea tlhaho. Bruni o ile a imoloha hang ha a bona ho tsoa Bibeleng hore hase Jehova ea bakang mahlomola le hore o ne a sa rera hore batho ba utloe bohloko le ka mohla, ’me haufinyane o tla felisa bobe. Taba ea hore ebe bokhopo bo jele setsi hakana ke pontšo ea hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho. Phetoho e hlollang eo bohle re e labalabelang e haufi.—2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:7, 8.

Ho Tseba Molimo

Hans le Bruni ba ne ba lumela ho Molimo ka tsela e tloaelehileng feela. Ba ne ba lumela ho eena ba sa mo tsebe le hakaalo. Ba ile ba ipha nako ea ho tseba Jehova ka ho nepahetseng, ’me boiteko ba bona bo ile ba putsoa. Ba ile ba fumana likarabo tse utloahalang tsa lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa kajeno. Sena se ile sa ba fa khotso ea kelello le tšepo e tiileng ka bokamoso. Ho bile joalo le ka bahlanka ba Jehova ba limilione.

Ho tseba Jehova ho qala ka ho bala Bibele ka hloko, e re tsebisang eena le seo a se hlokang ho rōna. Ke seo ba bang ba ileng ba se etsa lekholong la pele la lilemo. Luka eo e neng e le rahistori le ngaka o bolela hore litho tsa phutheho ea Bajuda ea Berea, Greece, ‘li ile tsa amohela lentsoe [le tsoang ho Pauluse le Silase] ka tabatabelo e khōlō ea kelello, tsa hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.’—Liketso 17:10, 11.

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba bokana liphuthehong. (Liketso 2:41, 42, 46; 1 Bakorinthe 1:1, 2; Bagalata 1:1, 2; 2 Bathesalonika 1:1) Hoa tšoana le kajeno. Liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova li bokana libokeng tseo ka ho khetheha li etselitsoeng ho thusa batho ho atamela haholoanyane ho Jehova le ho thabela ho mo sebeletsa. Ho kopana le Lipaki tse ling ho na le molemo o eketsehileng. Kaha butle-butle batho ba ba joaloka Molimo eo ba mo rapelang, Lipaki Tsa Jehova, le hoja e le ka tsela e lekanyelitsoeng, li bonahatsa litšoaneleho tseo Jehova ka boeena a li bonahatsang. Kahoo ho bokana le Lipaki ho re thusa hore re tsebe Jehova hamolemo le ho feta.—Baheberu 10:24, 25.

Na ho bonahala see e le mosebetsi o boima bakeng sa ho tseba Motho a le mong feela? Ka sebele boiteko boa hlokahala. Na ha u etse boiteko hore u fumane lintho tse ngata tseo u li hlokang bophelong? Nahana ka boiteko boo sebapali se hlaheletseng se bo etsang ha se ikoetlisa. Ka mohlala, Jean-Claude Killy oa Fora ea ileng a hapa khau ea khauta ea ho thellelisa Liolimpiking ha a bua ka se hlokahalang hore motho a kenele tlhōlisano e le sebapali sa machaba se atlehileng, o re: “U lokela ho qala lilemo tse 10 pele ho tlhōlisano ’me u e lokisetse ka lilemo tse ngata u be u nahane ka eona letsatsi le letsatsi . . . Kelellong le ’meleng ke mosebetsi oa matsatsi a 365 ka selemo.” Ak’u bone hore na ho hlokahala nako le boiteko bo bokaakang bakeng sa lebelo le ka ’nang la nka metsotso e leshome feela! Se ka fumanoang ka ho tseba Jehova ke sa bohlokoa ka ho eketsehileng ebile ke sa ka ho sa feleng.

Kamano e Ntseng e Hōla

Na ho na le ea batlang ho haelloa ke ntho ea bohlokoa bophelong? Le letho. Ka hona haeba u utloa hore bophelo ba hao ha bo na morero oa sebele kapa u batla ho tseba hore na mahlomola a bakoa ke eng, joale ikemisetse ho tseba Jehova, Molimo oa Bibele. Ho ithuta ka eena ho tla ntlafatsa bophelo ba hao ka ho sa feleng.

Na re tla ke re khaotse ho ithuta ka Jehova? Ba ’nileng ba mo sebeletsa ka lilemo tse ngata ba ntse ba hlolloa ke seo ba ithutileng sona ka eena le ke lintho tse ncha tseo ba ntseng ba ithuta tsona ka eena. Ho ithuta lintho tsena hoa re thabisa ’me ho re atametsa ho eena haholoanyane. E se eka re ka lumellana le maikutlo a moapostola Pauluse, ea ileng a ngola a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang! Etsoe ‘ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, kapa ke mang eo e bileng moeletsi oa hae?’”—Baroma 11:33, 34.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Mabitso a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Batho ba sa ntsane ba ipotsa lipotso tsa bohlokoa tse kang: ‘Ke phelela’ng? Ho tla etsahala’ng ka ’na? Morero oa bophelo ke ofe?’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Hang-hang ha ke qala ho utloisisa hore na ha e le hantle Jehova ke motho oa mofuta ofe, ke ile ka atamela haholoanyane ho eena”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemohali ea ho phela. Ha ho e tšoanang le eona. Ho tseba Jehova ho entse hore bophelo ba ka bo be le morero”