Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Kamehla U Hloka Taelo ea Bibele?

Na Kamehla U Hloka Taelo ea Bibele?

Na Kamehla U Hloka Taelo ea Bibele?

HA U ne u sa le monyenyane, mohlomong batsoali ba hao ba ne ba u fa melao e mengata. Ha u ntse u hōla, u ile ua qala ho utloisisa hore ba ne ba amehile haholo ka boiketlo ba hao. Ha u se u le motho e moholo, mohlomong u ntse u phela ka melao-motheo e itseng eo ba ileng ba u ruta eona, le hoja u se u se ka tlas’a taolo ea bona.

Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, o re fa litaelo tse ngata tse tobileng ka Lentsoe la hae, Bibele. Ka mohlala, o hanela borapeli ba litšoantšo, bohlola, bofebe le bosholu. (Exoda 20:1-17; Liketso 15:28, 29) Ha re ntse re ‘hōla linthong tsohle’ moeeng, re qala ho utloisisa hore Jehova o amehile haholo ka boiketlo ba rōna le hore melao ea hae ha e re hanele lintho tse itseng ho sa hlokahale.—Baefese 4:15; Esaia 48:17, 18; 54:13.

Leha ho le joalo, ho na le maemo a mangata a se nang litaelo tse tobileng. Ka hona, ba bang ba nahana hore ha ho se na molao o tobileng oa Bibele, ba lokolohile ho iketsetsa borata. Ba beha mabaka a hore haeba Molimo a ne a bone ho hlokahala, a ka be a fane ka taelo e tobileng ho bolela hore na o batla eng.

Hangata batho ba nahanang joalo ba etsa liqeto tse seng bohlale tseo hamorao ba ikoahlaeang haholo ka lebaka la tsona. Ba hlōleha ho bona hore Bibele ha e na melao feela empa e boetse e bontša kamoo Molimo a nahanang kateng. Ha re ntse re ithuta Bibele ’me re tseba tsela eo Jehova a talimang lintho ka eona, re ba le letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele ’me re thusoa ho khetha lintho tse bonahatsang litsela tsa hae. Ha re etsa joalo, re thabisa pelo ea hae ’me re fumana melemo e tlisoang ke ho etsa liqeto tse bohlale.—Baefese 5:1.

Mehlala ea Bibele e Hlaheletseng

Ha re hlahloba litlaleho tsa Bibele tsa bahlanka ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo, re hlokomela maemo ao ho ’ona ba ileng ba nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka boemo bo itseng esita leha ba ne ba sa fuoa taelo e tobileng. Nahana ka mohlala oa Josefa. Ha mosali oa Potifaro a ntse a mo hoka-hoka ka boitšoaro bo bobe, ho ne ho se molao o ngotsoeng o bululetsoeng ke Molimo o neng o le khahlanong le bofebe. Leha ho le joalo, esita leha ho ne ho se molao o tobileng, Josefa o ile a hlokomela hore bofebe e ne e se ho siteloa letsoalo la hae feela empa e ne e boetse e le ho “siteloa Molimo.” (Genese 39:9) Kamoo ho bonahalang kateng, Josefa o ile a hlokomela hore bofebe bo ne bo le khahlanong le monahano le thato ea Molimo, joalokaha ho ile ha boleloa Edene.—Genese 2:24.

Nahana ka mohlala o mong. Ho Liketso 16:3, re ithuta hore Pauluse o ile a bolotsa Timothea pele a ka tsamaea le eena maetong a hae a Bokreste. Leha ho le joalo, temaneng ea 4 re bala hore ka mor’a moo Pauluse le Timothea ba ile ba pholletsa le metse ba fetisa “melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema.” Har’a melao-taelo eo ho ne ho e-na le qeto e reng molao o ne o se o sa tlame Bakreste hore ba bolle! (Liketso 15:5, 6, 28, 29) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a nahana hore ho hlokahala hore Timothea a bolotsoe? “Ka lebaka la Bajuda ba neng ba le libakeng tseo, kaha kaofela ba ne ba tseba hore [ntate oa Timothea] ke Mogerike.” Pauluse o ne a sa batle ho baka likhopiso tse sa hlokahaleng. O ne a amehile ka hore Bakreste ba tsoele pele ho “ipuella letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo.”—2 Bakorinthe 4:2; 1 Bakorinthe 9:19-23.

Pauluse le Timothea ba ne ba tloaetse ho nahana ka mokhoa ona. Bala litemana tse kang Baroma 14:15, 20, 21 le 1 Bakorinthe 8:9-13; 10:23-33 ’me u bone kamoo Pauluse a neng a amehile ka botebo kateng ka boiketlo ba moea ba batho ba bang, haholo-holo ba neng ba ka ’na ba khopisoa ke ntho e itseng eo, bonneteng, e neng e se phoso. ’Me Pauluse o ile a ngola se latelang ka Timothea: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang. Etsoe ba bang kaofela ba batla lithahasello tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu. Empa le tseba bopaki boo a ileng a ipaka ka bona, hore joaloka ngoana le ntat’ae e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.” (Bafilipi 2:20-22) Banna baa ba babeli ba Bakreste ba re behetse mohlala o motle hakaakang! Ho e-na le ho khetha se molemong oa bona feela kapa seo ba se ratang ha ho ne ho se na taelo e tobileng e tsoang ho Molimo, ba ile ba etsisa lerato la Jehova le la Mora oa hae ka ho nahana kamoo liqeto tsa bona li neng li ka ’na tsa ama ba bang moeeng kateng.

Nahana ka Jesu Kreste, mohlala oa rōna o ka sehloohong. Thutong ea hae ea Thabeng, o ile a hlalosa ka ho hlaka hore motho ea utloisisang moelelo oa se boleloang ke melao ea Molimo o tla e mamela esita le haeba ho se na taelo e tobileng e buang ka seo a se etsang kapa e se thibelang. (Matheu 5:21, 22, 27, 28) Jesu, Pauluse, Timothea le Josefa ha baa ka ba nahana hore ha ho se na molao o tobileng oa Molimo, motho a ka iketsetsa borata. E le hore ba iphaphathe le tsela eo Molimo a nahanang ka eona, banna bana ba ile ba phela ka seo Jesu a se bitsitseng melao e ’meli e meholo ka ho fetisisa—ho rata Molimo le ho rata motho e mong.—Matheu 22:36-40.

Ho Thoe’ng ka Bakreste Kajeno?

Ho hlakile hore ha rea lokela ho nka hore Bibele e tšoana le tokomane ea molao—re lebelle hore e lokolise makolopetso ’ohle a se tlamehang ho etsoa. Re thabisa pelo ea Jehova haholo ha re khetha ho etsa lintho tse bonahatsang monahano oa hae, esita leha ho se na molao o tobileng o bontšang seo re lokelang ho se etsa. Ka mantsoe a mang, ho e-na le hore kamehla re bolelloe hore na Molimo o batla hore re etse eng, re ka “lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.” (Baefese 5:17; Baroma 12:2) Ke hobane’ng ha see se thabisa Jehova? Ke hobane se bontša hore re amehile haholo ka ho mo khahlisa ho e-na le ho ameha haholo ka lithahasello le litokelo tsa rōna. Se boetse se bontša hore re ananela lerato la hae hoo re batlang ho le etsisa, re lumella lerato leo hore e be matla a re susumetsang. (Liproverbia 23:15; 27:11) Ho phaella moo, liketso tse thehiloeng ho se boletsoeng ka Mangolong li thusa ho ntlafatsa bophelo ba moea ’me hangata li thusa ho ntlafatsa le bophelo ba ’mele.

A re boneng kamoo molao-motheo ona o ka sebelisoang kateng litabeng tsa motho ka mong.

Ho Khetha Boithabiso

Nahana ka mohlankana ea batlang ho reka albamo e itseng ea ’mino. Seo a se utloileng albamong eo se ipiletsa haholo, empa o tšoenyehile hobane sekoahelo sa eona se ka morao se bontša hore mantsoe a ’mino oo a pepesa ho kopanela liphate ebile a hlabisa lihlong. Hape, o boetse o hlokomela hore boholo ba lipina tsa sebini seo li bontša khalefo le mabifi. Joaloka motho ea ratang Jehova, mohlankana enoa o thahasella ho utloa maikutlo a Jehova tabeng ena. A ka lemoha thato ea Molimo joang tabeng ee?

Lengolong la hae le eang ho Bagalata, moapostola Pauluse o thathamisa mesebetsi ea nama le litholoana tsa moea oa Molimo. Mohlomong ua tseba hore na litholoana tsa moea oa Molimo li akarelletsa eng: lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Empa mesebetsi ea nama ke efe? Pauluse oa ngola o re: “Joale mesebetsi ea nama ea bonahala, ’me ke bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, mohono, ho inehella botahoa, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena. Ha e le ka lintho tsena ke le lemosa esale pele, ka tsela e tšoanang le eo ke ileng ka fela ka le lemosa ka eona esale pele, hore ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—Bagalata 5:19-23.

Hlokomela polelo ea ho qetela lethathamong leo e reng, “lintho tse joaloka tsena.” Pauluse ha aa ka a fana ka lethathamo le feletseng la ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ho neng ho ka thoe ke mosebetsi oa nama. Sena ha se bolele hore motho o ne a ka ’na a nahana a re, ‘Mangolo a ntumella ho etsa ntho leha e le efe e sa hlaheng lethathamong la Pauluse la mesebetsi ea nama.’ Ho e-na le hoo, babali ba ne ba lokela ho sebelisa matla a bona a temoho e le hore ba khetholle lintho tseo ho neng ho ka etsahala hore li se ke tsa hlaha lethathamong lena empa li le “joaloka tsena.” Ba sa bakeng empa ba kopanela mekhoeng e sa boleloang mona, feela e le e ‘joaloka ena,’ ba ke ke ba rua mahlohonolo a ’Muso oa Molimo.

Kahoo, re lokela ho lemoha, kapa re ele hloko, lintho tse sa khahliseng mahlong a Jehova. Na seo se thata? A re re ngaka ea hao e u elelitse hore u je litholoana le meroho haholo empa u se ke ua ja pie, ice cream le lintho tse joaloka tsena. Na ho ne ho tla ba thata hore u tsebe hore na kuku e oela lethathamong lefe? Joale sheba hape litholoana tsa moea oa Molimo le mesebetsi ea nama. Albamo ea ’mino e boletsoeng ka holimo e oela lethathamong lefe? Ka sebele ha e bonahatse litšobotsi tse kang lerato, molemo, boitšoaro, kapa litšobotsi tse ling tse amahanngoang le litholoana tsa moea oa Molimo. Motho o ne a ke ke a batla molao o tobileng hore a lemohe hore ’mino oa mofuta ona ha o lumellane le tsela eo Molimo a nahanang ka eona. Ho ne ho tla sebetsa molao-motheo o tšoanang tabeng ea libuka, libaesekopo, mananeo a thelevishene, lipapali tsa k’homphieutha, mecha ea liphatlalatso le lintho tse ling tse joalo.

Ponahalo ea Botho e Amohelehang

Bibele e boetse e fana ka melao-motheo e sebetsang litabeng tsa moaparo le boitlhopho. Melao-motheo ena e thusa Mokreste ka mong hore a fumane tataiso tabeng ea hore a shebahale ka mokhoa o loketseng le o khahlisang. Le hona tabeng ena, motho ea ratang Jehova o bona monyetla oa ho etsa se tla thabisa Ntat’ae oa leholimo, e seng ho iketsetsa borata. Joalokaha re se re bone, taba ea hore Jehova ha aa fana ka melao e tobileng tabeng e itseng ha e bolele hore ha a tsotelle hore na batho ba etsa eng. Litaele li fapana ho ea ka libaka, li fetoha nako le nako esita le sebakeng se le seng. Leha ho le joalo, Molimo o fana ka melao-motheo ea bohlokoa e lokelang ho tataisa batho ba hae ka linako tsohle le libakeng tsohle.

Ka mohlala, 1 Timothea 2:9, 10 e re: “Ka ho tšoanang ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.” Kahoo, basali ba Bakreste—le banna—ba lokela ho nahana ka hloko hore na batho ba sebakeng seo ba lulang ho sona ba lebeletse hore batho ba “ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli” ba shebahale joang. Ka ho khetheha, ke ho loketseng hore Mokreste a nahane ka hore na ponahalo ea hae e tla etsa hore ba bang ba nahane eng ka molaetsa oa Bibele oo a o tsamaisang. (2 Bakorinthe 6:3) Mokreste ea behang mohlala a ke ke a ameha ka ho feteletseng ka lintho tseo a li ratang kapa ka litokelo tseo a nahanang hore o na le tsona empa, ho e-na le ameha ka lintho tseo, o tla ameha ka hore a se ke a bakela ba bang litšitiso kapa a ba khopisa.—Matheu 18:6; Bafilipi 1:10.

Ha Mokreste a hlokomela hore setaele se itseng se mabapi le ponahalo ea botho se khathatsa kapa se khopisa ba bang, a ka etsisa moapostola Pauluse ka ho ameha ka boiketlo ba moea ba batho ba bang ho e-na le ho ameha ka lintho tseo a li ratang. Pauluse o itse: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakorinthe 11:1) Ha Pauluse a ngola mabapi le Jesu o ile a re: “Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” Ntlha ea Pauluse eo Bakreste bohle ba lokelang ho ithuta eona e hlakile: “Rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ikhahlisa. E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.”—Baroma 15:1-3.

Ho Leotsa Matla a Rōna a ho Lemoha

Re ka leotsa joang matla a rōna a ho lemoha e le hore re tsebe kamoo re ka khahlisang Jehova kateng esita leha a sa re fa molao o tobileng tabeng e itseng? Haeba re bala Lentsoe la hae letsatsi le leng le le leng, re ithuta lona kamehla ’me re thuisa ka seo re ithutang sona, matla a rōna a temoho a tla hōla. Khōlo e joalo ha e etsahale ka potlako. Ho tšoana le ho hōla ha ngoana ’meleng, khōlo ea moea e etsahala butle-butle ’me ha e hlokomelehe kapele. Kahoo, ho hlokahala hore re se ke ra fela pelo ’me ha rea lokela ho ferekana haeba khōlo eo e sa bonahale kapele. Ka lehlakoreng le leng, hore na ho fetile nako e telele hakae ka bohona ho ke ke ha leotsa matla a rōna a ho lemoha. Joalokaha ho boletsoe ka holimo, nako e joalo e lokela ho sebelisetsoa ho bala Lentsoe la Molimo kamehla, ’me re lokela ho sebelisa Lentsoe leo bophelong ba rōna ka hohle kamoo re ka khonang kateng.—Baheberu 5:14.

Ho ka boleloa hore melao ea Molimo e leka kutlo ea rōna, empa melao-metheo ea hae eona e leka ho teba ha bomoea ba rōna le takatso ea rōna ea ho mo khahlisa. Ha re ntse re hōla moeeng, re tla ameha haholo ka ho etsisa Jehova le Mora oa hae. Re tla labalabela ho theha liqeto tsa rōna tseleng eo Molimo a nahanang lintho ka eona joalokaha e bontšitsoe ke Mangolo. Ha re ntse re thabisa Ntate oa rōna oa leholimo linthong tsohle tseo re li etsang, re tla bona hore thabo ea rōna le eona e tla eketseha.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Litaele tsa moaparo li fapana ho ea ka libaka, empa melao-motheo ea Bibele e lokela ho re tataisa ho seo re se khethang