Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘O Ile a re Ruta ho Hlompha Bolumeli ba Hae’

‘O Ile a re Ruta ho Hlompha Bolumeli ba Hae’

‘O Ile a re Ruta ho Hlompha Bolumeli ba Hae’

E MONG oa Lipaki Tsa Jehova ea neng a tsoa profinseng ea Rovigo, Italy, o ile a tsebisoa hore o na le hlahala e khōlō le hore boemo boo a leng ho bona bo ka ’na ba mo bolaea. Ka mor’a ho kena sepetlele ka makhetlo a mangata, ao ka ’ona a ileng a kōpa hore a se ke a phekoloa ka ho tšeloa mali, o ile a hlokomelloa lapeng ke baoki ba lefapha la tlhokomelo ea bakuli ba kankere ba sebakeng seo.

Lingaka le baoki ba neng ba mo phekola, ba ile ba khahloa haholo ke tumelo e matla ea mokuli enoa ea lilemo li 36, ’me hape ba ile ba khahloa ke boikemisetso ba hae ba ho sebelisana hantle le bona. Nakoana pele mokuli enoa a bolaoa ke kankere, e mong oa baoki ba neng ba mo thusa o ile a ngola makasineng ea baoki phihlelo eo a bileng le eona ka mokuli eo a ileng a mo bitsa Angela.

“Angela o sehlahlo ebile o ikemiselitse ho phela. Oa hlokomela hore na boemo ba hae ke bofe ebile oa hlokomela hore o kula haholo, ’me joaloka e mong le e mong oa rōna, o batla tharollo, pheko, kapa moriana. . . . Rōna baoki re ile ra tloaelana le eena butle-butle. Ha aa ka a hana thuso ea rōna. Ho e-na le hoo, ho se pate maikutlo ha Angela ho ile ha re nolofalletsa lintho. Ho ne ho thabisa ho mo hlokomela, kaha re ne re tseba hore ke nako ea ho kopana le motho oa sebele le eo bohle re neng re tla rua molemo ho eena. . . . Re ile ra hlokomela kapele hore bolumeli ba hae bo ne bo tla re sitisa ho phekola boloetse ba hae.” Ena ke tsela eo mooki enoa a neng a ikutloa ka eona hobane a ne a nahana hore Angela o lokela ho tšeloa mali, e leng seo a ileng a se hana.—Liketso 15:28, 29.

“Kaha re batho ba nang le tsebo ea ho hlokomela bakuli, re ile ra bolella Angela hore ha re lumellane le qeto ea hae, empa o ile a re thusa ho utloisisa hore na bophelo ke ba bohlokoa hakae ho eena. Re ile ra utloisisa le hore bolumeli ba hae ke ba bohlokoa ho eena le ho lelapa la hae. Angela ha aa tela. Ha aa inehela boloetseng. O sebete ebile o ikemiselitse. O batla ho phela, o ikemiselitse ho loana ebile o ikemiselitse ho tsoela pele a ntse a phela. O tsebahalitse boikemisetso ba hae, e leng tumelo ea hae. O na le boikemisetso boo hangata re se nang bona, ’me o na le tumelo e tiileng eo rōna re se nang eona. . . . Angela o re rutile hore ho bohlokoa ho hlompha bolumeli ba hae, e leng ntho e batlang e fapane le melao e re tataisang mosebetsing oa rōna. . . . Re lumela hore seo Angela a re rutileng sona ke sa bohlokoa haholo hobane re teana le batho ba mefuta eohle, maemo a mefuta eohle le malumeli a mefuta eohle, ’me ho e mong le e mong eo re teanang le eena re ka ithuta ho hong ra ba ra fetisetsa ho hong ho eena.”

Ka mor’a moo sehlooho sa makasine ena se ile sa hlokomelisa ka Melao e Tataisang Baoki ba Mataliana Mosebetsing oa bona, e kentsoeng tšebetsong ka 1999, e reng: “Mooki o etsa mosebetsi oa hae a ntse a nahanela mokuli tabeng ea melao ea bolumeli, ea boitšoaro le ea setso, a bile a ntse a nahanela morabe le bong ba mokuli eo.” Ka linako tse ling, ho ka ba thata hore lingaka le baoki ba hlomphe litumelo tsa bolumeli tsa mokuli, ’me ka sebele ho nkoa batho ba ikemiselitseng ho etsa joalo e le ba bohlokoa ebile baa lebohuoa.

Liqeto tseo Lipaki Tsa Jehova li li etsang mabapi le bophelo ba tsona le tlhokomelo ea tsona ea meriana li nahannoe ka hloko. Li nka ka botebo seo Mangolo a se bolelang, ’me joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Angela, ha li etse lintho ka lebaka la cheseho e feteletseng. (Bafilipi 4:5) Lefatšeng lohle, palo e ntseng e eketseha ea batho ba nang le tsebo ea ho hlokomela bakuli e ikemiselitse ho hlompha matsoalo a bakuli ba bona ba Lipaki.